Gospel Courses
Molaetsa oa Boetapele ba Pele


“Molaetsa oa Boetapele ba Pele,” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Molaetsa oa Boetapele ba Pele,” Ruta Evangeli Eaka

Molaetsa oa Boetapele ba Pele

Morumuoa oa Boruti Lichabeng ea Ratehang:

Rea u lebohela ka monyetla o moholo oo u nang le oona oa ho ba morumuoa oa boruti lichabeng oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Ha hona mosebetsi o tlamang kapa o bohlokoa ho feta oa bo bokella Israele.

Ruta Evangeli Eaka e reretsoe ho u thusa ho itokisa, ho ba morumuoa oa boruti lichabeng ea holileng ho feta moeeng. E reretsoe hape ho u thusa ho ba tichere e sebetsang hantle. Re u khothalletsa ho e sebelisa kamehla boithutong ka bo mong le boithutong le molekane oa hau. Re u khothalletsa hape ho e sebelisa likopanong tsa setereke le libokeng tsa sebaka. Ithute mangolong a halalelang a pakang ´me u ithute melao ea thuto le metheo.

Re u mema hore u fihlele boitjoetso bo bocha ba ho thusa Ntat´a Rona ea Maholimong mosebetsing oa Hae o halalelang. Morumuoa oa boruti lichabeng e mong le e mong o na le karolo ea hae ea ho thusa Morena mosebetsing oa Hae “ho fetisa ho se shoe hoa motho le bophelo ba motho ba bosafeleng” (Moshe 1:39).

Morena o tla u hlohonolofatsa ha u inehela ka boikokobetso ho ho Mo sebeletsa. E se eka u ka fumana nyakallo e kholo le thabo ha u sebetsa har´a bana ba Ntate ea Maholimong.

Boetapele ba Pele