Liahona
Tlholo ea Mopholosi oa Rona ea Ratoang
´Mesa 2026


“Tlholo ea Mopholosi oa Rona ea Ratoang,” Liahona, ´Mesa 2026.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Liahona ´Mesa 2026

Tlholo ea Mopholosi oa Rona ea Ratoang

Ha ho na mantsoe a ka hlalosang boholo ba mpho e babatsehang ea Jesu Kreste. E ke ke ea hlola e batloa ho e mong. O hlokofalitsoe “hanngoe bakeng sa bohle.”

lebitla le sa ts´elang

Joaloka ha lilemo li se li fetile, ke bile le boikokobetso bo eketsehileng ha ke ntse ke nahana ka seo, ke bala le ho fumana mats´eliso a tebileng ho mpho e sa lekanngoeng ea Mopholosi oa rona, [e leng] Topollo ea Jesu Kreste. Hanyenyane kelello ea motho e ka qala ho utloisisisa kamoo pheletso ea batho e fetohileng ka botlalo ka lebaka la se etsahetseng Gethesemane, sefapanong le lebitleng.

Bohle Re Thulana le Ho Robeha Pelo le Ho Hlokofala

Pitsong ea ka ke le Moapostola, ke etile haholo ´me ka ba le monyetla oa ho kopana le bana, bacha le batho ba baholo boholo ba lefats´e. Hona le metsotso ea nyakallo e kholo lefats´eng, empa ntho e ´ngoe eo ke e boneng ka mahlo a ka ´me ka e utloa botebong ba pelo ea ka ke hore holim´a thabo le nyakallo, bophelo bo jere metsotso ea ho robeha pelo le ho hlokofala.

Nke ke ka lebala ha ke ne ke lutse le bana ba banyenyane ba bane bao bophelo ba batsoali ba bona bo neng bo felisitsoe ka sehloho ke motho ea keneng ka lapeng la bo bona ha bana ba ne ba robetse, kapa ke kopana le mosali ea ileng a hlekefetsoa ha e ntse e le ngoanana ke moamani ea ts´eptjoang, kapa ke lutse pela bethe ea ngoanana e monyenyane ea lemetseng boko kamor´a ho oela ka baesekele ´me eo haufi a neng a tlo shoa, kapa ho mamela lillo tsa mosali eo monna a mo tsoileng fats´e le lilekane tsa tempele ka tsela e nyarosang ka lilemo tse ngata.

Ke ile ka utloa bohloko ba banyalani bao ngoana oa bona ea moholo a neng a se a sa lumele linnete tsa evangeli ´me a batla ho thefula tumelo ea ba bang ka lapeng. Ke etetse batsoali ba tsielehileng le metsoalle ea mohlankana ea neng a ts´episa ea ileng a nka bophelo ba hae. Ke utloile ts´oabo ea bomolimo ea ba entseng sebe ´me ruri ba batla ho baka ´me le ho sithabela maikutlo ha ba anngoeng ke sebe.

Ke bone pelo e robiloeng ke lefu la kelello, ka bobeli ea hlokofalang le bao ba hlokofalang ba khutsitse ha ba shebelletse [ba na le] bokhoni bo bonyenyane ba ho thusa. Ke bone tahlehelo e kholo ka seqo e bakiloeng ke likoluoa, meroallo ea metsi, lifefo, mollo le ho reketla ha lefats´e. Ke bile paki ea pherekano e linaheng e tsoang lifefong tsa lipolotiki, lintoa le timetso le bohloko bo feteletseng bo tlang ha se sa lebelloang se kena holim´a ba se nang molato le ho ba batlang ho etsa se nepahetseng.

Mopholosi a ts´oere letsoho la motho e mong

Healing Hands[Matsoho a Folisang], ka Kolby Larsen, ha ea lokela ho kopitsoa

Mopholosi Oa Re Thusa

Ha a bua ka Topollo ea Jesu Kreste, Mookameli James E. Faust (1920–2007), Moeletsi oa Bobeli Boetapeleng ba Pele o ile a re “Ba lemetseng ba lokela ho etsa seo ba ka se etsang ho feta liteko tsa bona, ´me Mopholosi o tla ‘thusa batho ba hae ho latela mefokolo ea bona’ [Alma 7:12]. O tla re thusa ho jara maima a rona. Maqeba a mang a bohloko ´me a tebile haholo hoo a ke keng a fola ntle le thuso e tsoang matleng a holimo le ho ts´epo bakeng sa toka e phethahetseng le puseletso bophelong bo tlang. … O utloisisa bohloko ba rona ´me o tla tsamaea le rona esita le metsotsong ea rona e lefifi.”

Ke ikutloa ke hoheleha haholo ho lerato la Mopholosi le litlhohonolofatso tse ke keng tsa hlola li fela tseo re li ts´episitsoeng ka Topollo ea Jesu Kreste. Ha a ka ba a re sireletsa ho liphihlello tse thata tsa bophelo tse re tlisetsang bohloko bo sa lekanngoeng, empa o re ts´irelelitse ho tlhokofalo e sa feleng le karohano ho Ntate ea Maholimong ´me a re lumella, ka mahloko a hae a akaretsang, hore re be le bokhoni ba nyakallo e phethahetseng le thabo ea bosafeleng ponts´eng ea Molimo.

Mookameli Dallin H. Oaks o re hopolitse hore: “Ho fihlela joale, thuso ea bophelo ba ho shoa e matla-hali ea Molimo e ne e le phano ea hae ea Mopholosi, Jesu Kreste, ea neng a tla hlorisoa ho lefa molato le ho fana ka ts´oarelo bakeng sa libe tse baketsoeng. Topollo eo ea mohau le e khanyang e hlalosa na ke hobaneng tumelo ho Jesu Kreste e le motheo oa pele oa evangeli. Topollo ea hae e ‘tlisa tsoho bafung ea ba shoeleng’ (Alma 42:23) ´me e ‘lopolla libe tsa lefats´e’ (Alma 34:8) ho hlakola libe tsohle tsa rona tseo re li baketseng le ho nea Mopholosi oa rona matla a ho re thusa mefokolong ea rona ea bophelong ba rona ba ho shoa.”

Mopholosi Gethesemane

Lintlha ho tsoa ho Prayer at Gethsemane [Thapelo Gethesemane], ka Del Parson, li ka kopitsoa bakeng sa ts´ebeliso ea kereke feela.

Ketsahalo ea Bohlokoahali ea Bosafeleng

Ha ke nahana ka tlhokofalo eo ke e boneng ka seqo, e nyenyane haholo-holo ha e bapisoa le bohle ba tsamaileng kapa le ba tlang ho tsamaea lefats´eng, kea sitoa ka mantsoe afe kapa a afe ao ke a tsebang, ho hlalosa maikutlo a pelong ea ka ka se tlamehileng e be se etsahetse pelong le kelellong le ´meleng le moeeng oa Mopholosi metsotsong ea hae e halalelang e akaretsang tlhokofalo eohle bakeng sa libe le bohloko ba batho bohle.

Ketsahalo ea bohlokoahali ea bosafeleng bohle e qalile ha Jesu a ea “sebakeng se bitsoang Gethesemane” (Mattheu 26:36) Thabeng ea Mehloare kantle ho marako a Jerusalema. O ile a re ho barutuoa ba hae, “Moea oa ka o ts´oeroe ke masoabi a isang lefung” (Mattheu 26:38).

O ile a rapela, a re “Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak´u fetisetse senoelo sena hole le ´na; leha ho le joalo ho se ke ha etsoa thato ea ka ho mpe ho etsoe thato ea hau” (Matthew 26:39). O ile a khutlela ho barutuoa ba hae, a ba fumana ba robetse, a boela a tsamaea, ´me a rapela lekhetlo la bobeli. “Ntate, ekare ha senoelo sena se ke ke sa fetela hole le ´na ntle le hore ke se noe, ho phethoe thato ea hau. … ´Me o ile a rapela lekhetlo la boraro, a bua mantsoe a ts´oanang” (Mattheu 26:42, 44).

Jesu o ile a noa senoelo se babang ´me a hlokofala ho feta kutloisiso ea rona ea nama ka bobeli ts´imong le sefapanong. A se na sebe, o ile a inkela libe tsohle tsa rona, hore ha re tla ho eena ´me re baka, libe tsa rona le maima li tlosoe ho rona (bona 2 Bakorinthe 5:21).

Tlhokofalo ea Jesu, lefu le sehlabelo sa hae se lopollang khale li lebelletsoe. A bua lilemo tse 700 pele ho tsoalo ea Jesu, Esaia o ile a porofeta hore “Morena o mo jarisitse bokhopo ba rona bohle” (Esaia 53:6). Jesu o ile a bua ka ho nehela bophelo ba hae e le “topollo” (Mattheu 20:28; bona hape 1 Timothea 2:6) “bakeng sa ts´oarelo ea libe” (Mattheu 26:28) bakeng sa bohle ba tlang ho lumela ho eena ´me ba baka libeng tsa bona. Petrose o ile a hlalosa kamoo [Kreste] a “hlokofalitsoeng bakeng sa libe tsa [rona]” (1 Petrose 3:18), hore ka metopa ea hae rea folisoa (bona 1 Petrose 2:24). O entse seo ho neng ho ke ke ha e-ba le e mong ea ka se etsang ho re lumella ho khutlela ponts´eng ea Ntate. O ile a “tetekoa bakeng sa bokhopo ba rona” (Esaia 53:5).

Kamor´a ho hlokofala Gethesemane, bohloko bo feteletseng bo ile ba tsoelapele—ho tsuoa fats´e ke ea neng a tsamaea le eena, nyeliso ka pel´a babusi ba se nang toka, bohloko ba ´mele o otliloeng, mofapa-hlooho oa meutloa o petelitsoeng hloohong ea hae ke masole a khopo a se nang mohau (bona Johanne 18:2–3, 12–14; Mareka 15:15–20), le sefate se akhetsoeng holim´a maqeba a hlenneng ka mokokotlong oa hae ha ba mo isa Golgotha (bona Johanne 19:16–17).

Sefapanong, bohloko bo feteletseng haholo-holo boo a bo utloileng Gethesemane bo ile ba khutla ka bohale boo ho seng motho ea ka bo mamellang. Jesu Kreste, Mor´a Molimo, ka boinots´i o ile a phetha thomo ea bomolimo ea Ntat´ae ea ho tela bophelo ba hae. Masole le babusi ba ne ba ke ke ba mo amoha bona (bona Johanne 10:18). Ka hlonepho e tebileng le boikokobetso, Jesu o ile a kebisa hlooho ea hae ´me a re, “Ho phethehile” (Johanne 19:30).

Motsotso oa ho qetela oa bophelo ba hae ba ho shoa o ne o phethahatse. Ha ho na mantsoe a ka hlalosang boholo ba mpho ea hae e babatseng. E ke ke ea hlola e batloa ho e mong. Jesu Kreste o ile a hlokofatsoa “hanngoe bakeng sa bohle” (Baheberu 10:10).

O Tsohile!

Ha thomo ea hae ea bomolimo e se e phethehile, joale e tla ba oa pele nalaneng ea batho oa ho tsoha lebitleng ho ea ho ho se shoe (bona 1 Bakorinthe 15:21–23).

Ho basali lebitleng, mangeloi a ile a re:

“Le mo batlelang ea phelang har´a ba shoeleng?

“Ha a eo mona, empa o tsohile” (Luka 24:5–6).

Ho Baapostola ba hae, o ile a re, “Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ´na ka sebele” (Luke 24:39). Hamorao, “o ile a bonoa ke ba fetang makholo a mahlano … hang” (1 Bakorinthe 15:6). Lipaki tse boneng ka mahlo li ile tsa bona Mopholosi ea tsohileng bafung. O ne a sa shoa. O ne a tsohile bafung.

Jesu Kreste o robile liketane le mahlaahlela a litlamo tsa lefu tse sa feleng bakeng sa motho e mong le e mong ea kileng a phela kapa ea tlang ho phela lefats´eng.(bona 1 Bakorinthe 15:22). O hlotse sera sohle se akaretsang; sera sa lefu sa fenngoa ka ho sa feleng.

Mookameli Russell M. Nelson (1924–2025) o ile a re: “Jesu Kreste o ile a inkela libe tsa hau mahloko, a hau, mahlomola a hau le bofokoli ba hau. Ha u hloke ho li jara u le mong! O tla u ts´oarela ha u baka. O tla u hlohonolofatsa ka tseo u li hlokang. O tla folisa moea oa hau o lemetseng. Ha u itlamahanya le eena, meroalo ea hau e tla utloahala e le bobebe. Ha u etsa le ho boloka selekane sa ho latela Jesu Kreste, u tla fumana hore linako tse bohloko tsa bophelo ba hau ke tsa nakoana. Mahlomola a hau a tla ‘metsoa nyakallong ea Kreste’ [Alma 31:38]”

Ke le e mong oa Baapostola ba hae ba behiloeng, ke bile le phihlello ea metsotso ea moea le ea botho e ntliselitseng bopaki bo tiileng ´me bo netefalitsoeng hore oa phela. Pasekeng ena, e ke mantsoe ana a ka hlola ka bonolo likellellong le lipelong tsa rona: “Let me not forget, O Savior, Thou didst bleed and die for me,” ha re nyakalla ke ho bina.

O Tsohile!” O Tsohile! …

Lefu le hlotsoe; motho o lokolohile.

Kreste o hapile tlholo.

Lintlha

  1. James E. Faust, “The Atonement: Our Greatest Hope,” Liahona, Pherekhong 2002, 22.

  2. Dallin H. Oaks, “Divine Helps for Mortality,” Liahona, Mots´eanong 2025, 104.

  3. Bakeng sa lirapa tse etelletseng pele, bona Neil L. Andersen, Jesus Is the Christ (2023), 28–35.

  4. Russell M. Nelson, “Morena Jesu Kreste O Tla Tla Hape,” Liahona, Pulungoana 2024, 122.

  5. In Humility Our Savior,” Lifela, nomoro ea 172.

  6. O Tsohile!Lifela, nomoro ea 199.