Liahona
Ho Hlohonolofatsa Malapa ´Ohle A Lefats´e
Tlhakubele 2026 Liahona


“Ho Hlohonolofatsa Malapa ´Ohle A Lefats´e,” Liahona, Tlhakubele 2026.

Molaetsa oa khoeli Liahona Tlhakubele 2026

Ho Hlohonolofatsa Malapa ´Ohle A Lefats´e

Haeba re latela le ho arolela moralo oa Ntate ea Maholimong bakeng sa malapa, o tla ba le rona, a re ts´ehetse ´me a kopane le rona leetong la rona la ho khutlela ho eena.

sets´oants´o sa Jakobo ha a ba le pono

Toro ea Jakobo Bethele, ka J. Ken Spencer

Haufinyane, ´M´e Uchtdorf le ´na re ile ra ba teng kolobetsong ea e mong oa litloholoana tsa rona. Ha re ntse re shebella meloko e mengata e keteka ka nyakallo ketsahalo ena, re ile ra ba le teboho e tebileng ho Ntate ea Maholimong ka moralo oa hae oa poloko bakeng sa bana ba hae. Re ile ra utloa kamoo lelapa le lits´ebeletso tse halalelang li leng bohlokoa ho eena ho tloha ts´imolohong.

Bohlokoa boo bo ka bonoa Testamenteng ea Khale paleng ea Jakobo ea ts´epahalang, ea ileng a nka leeto le le telele le boima la ho fumana mosali, ho nyala ka hare ho selekane le ho theha lelapa. Mantsiboeeng a mang, Jakobo o ile a ema hore a phomolele bosiu empa o ile a fumana majoe feela e le mosamo oa hae. O ne a tlameha hore e be o ne a khathetse haholo hobane o ile a atleha ho khaleha—´me a ba le toro.

Ka litoro tse lokelehang tsa lenyalo le lelapa la selekane kannete kelellong ea hae, Jakobo o ile a bona “leri e emisitsoe fats´e ´me ntlha ea eona e fihla leholimong, ´me a bona mangeloi a Molimo a nyoloha le ho theoha ka eona.

“´Me a bona Morena a eme holim´a eona ´me a re, Ke ´na Morena Molimo oa Abrahama ntat´ao le Molimo oa Isaaka” (Genese 28:12–13).

Joale Morena o ile a etsa selekane se seng sa bohlokoa sa lits´episo ho Jakobo—lits´episo tseo a neng a ile a boela a li etsa le ntat´a Jakobo, Isaaka le ntat´ae moholo Abrahama tse kenyeletsang:

  • Lits´episo tsa hore Jakobo o tla fetoha ntat´a lets´oele la batho” (Genese 28:3; bona hape temana ea 14).

  • Lits´episo tsa lefats´e bakeng sa litloholo tsa Jakobo (bona Genese 28:4, 13).

  • Lits´episo tseo ka Jakobo le “litloholo tsa hae malapa ´ohle a lefats´e a tlang ho hlohonolofala” (Genese 28:14; totobatso e ekelitsoe).

E hahalelang haholo e bile phihlello ea Jakobo hoo a ileng a phatlalatsa: “Kannete Morena o teng n`galong ena. … Ha ho e ´ngoe empa ena ke ntlo ea Molimo ´me oona ke monyako oa leholimo” (Genese 28:16–17). ´Me joale Jakobo o ile a bitsa sebaka seo Bethele, e le ho bolela “ntlo ea Molimo” (Genese 28:19), footnote a).

Ts´episo ea litlhohonolofatso tse fanoeng torong ea Jakobo li ne li hloka hore Jakobo a etse papiso ea ho hloa [leri] bophelong ba ´nete. Re le Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, ha ho thata ho bona khokahanyo har´a toro ea Jakobo, lilekane tsa Morena le ntlo ea Morena. Litempele li ts´oana haholo le leri eo Jakobo a e boneng. Lithuto, lits´ebeletso le lilekane tsa ntlo ea Morena li hokahanya leholimo le lefats´e. Lilekane tseo li ka bapisoa le litepisi tsa leri tse re atametsang haufi le Morena. ´Me ka bosebeletsi bo halalelang boo re bo fanang ka tempeleng, re hlohonolofatsa “malapa ´ohle a lefats´e”—a fetileng, a hajoale le a kamoso.

“Ke Ts´ibollo e Kaalo!”

Moholo Bruce C. Hafen, setho se tlotlehang sa Ba Leshome le Supileng, o kile a fumana mohala o tsoang ho mohlophisi oa makasine oa litaba tsa naha. Mohlophisi o ne a batla ho bua ka buka ea haufinyane e neng e lekola nalane ea litumelo ka leholimo ho ea ka bolumeli ka ho fapana.

“Lingoli li ile tsa fumana hore sechaba se utloa tlala e pharaletseng ea leholimo—le mapala a leholimong,” ho ngotse Moholo Hafen. Empa leha boholo ba batho bo ntse bo lumela ho bophelo ba kamorao ho lefu, lerato la bosafeleng le likopano tsa malapa maholimong, “boholo ba likereke tsa Bokreste li fana ka karabo e nyenyane tlaleng ena e ka hare”—ntle le e le ´ngoe e ikhethang [e leng]: Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.

Ka kerekeng ea Mopholosi e tsosolositsoeng, re na le litempele tse halalelang. Re na le lenyalo la bosafeleng le tokelo e tiisang e hlohonolofatsang ka nqa eane ho lefu la nama. Re na le ts´episo ea bokamoso ba bosafeleng le baratuoa [ba rona] ponts´eng ea Ntate le Mora. Ka ho fuoa tsena tsohle, lingoli li ile tsa qeta hore mohopolo oa Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno oa leholimo ke oona o felletseng—´me nka tlatsetsa ka hore ke [oona] o thabisisang.

“Ke Ts´ibollo e Kaalo!” Moholo Hafen o ile a lemoha. “Boholo ba batho kajeno ba labalabela malapa a bosafeleng, ´me [evangeli ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng] e phethahatsa tabatabelo eo hantle ho feta sehlopha sefe kapa sefe sa maikutlo se tsebahalang [kapa litumelo tse ngata]. Ke lakatsa eka lefats´e kaofela le ka utloa ha bana ba rona ba bina litaba tse molemo: ‘Malapa a ka ba ´moho ka ho sa feleng.’”

Malapa ha se feela mokhoa o hlophisitsoeng oa sechaba. Ke moralo oa bosafeleng oa leholimo. [Malapa] a khubung ea moralo oa ´Mopi bakeng sa qetello ea bosafeleng ea bana ba hae.” Joaloka ha Mookameli Russell M. Nelson (1924–2025) a re rutile: “[Morena] o bopile lefats´e e le hore re ke re fumane ´mele ea nama ´me re thehe malapa. O hlophisitse Kereke ea hae e le ho phahamisa malapa. O fana ka litempele hore malapa a be ´moho ka ho sa feleng.”

Empa thahasello ea rona e kholo ho malapa a tiileng ha se feela ka qetello ea bosafeleng. Lelapa le bapala karolo e hlokahalang haholo thabong ea bophelo ba rona hape. Ntate ea Maholimong ea tsebang ka ho phethahala se tlisang thabo hajoale le ka ho sa feleng, o romella bana ba hae malapeng—a sa phethahala joalo—´me o re mema ho aha le ho hlokomela malapa a matla. Ehlile ho joalo,“bokooa, lefu kapa maemo a mang a ka tlisa tlhokahalo ea ho ikamahanya le maemo ka bo mong.” Empa ha ho letho le ka kenang sebakeng sa boikarabello ba bohlokoa bo khethiloeng ba bomolimo ba monna le mosali, ntate le ´m´e.

Lipatlisiso ka “litlamahano tsa tsoalo tsa malapa a batsoali ba babeli” li tsoelapele ho bonts´a hore lelapa le bohlokoahali ka ho baballa “litlamahano tse tebileng tsa lerato le ho rata.” [Lelapa] ke “tsela ea mathomo bakeng sa batho ba tsitsitseng, ba hlophisehileng hantle ´me ba hlokolosi sechabeng.”

Bats´ireletsi ba Lelapa ba Mafolofolo

Ehlile ho joalo, ha ea lokela ho re makatsa hore ntho e bohloka haholo joalo ho moralo oa Molimo e ka tobana le ts´itiso. Ha ho le ka mohla Satane e neng e le motsoalle oa lelapa ´me boikitlaetso ba hae ke feela bo fetohang bo potlakileng haholo “hobane nako ea hae ha e sa le kae” (Ts`enolo 12:12). Joaloka ha Mookameli M. Russell Ballard (1928–2023), Mookameli ea Emeng oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli a ile a bolela, “Satane o tseba hore tsela ea ´nete ´me e sebetsang haholo ho sitisa mosebetsi oa Morena ke ho fokotsa ts´ebetso e ntle ea lelapa le khalalelo ea ka lapeng.”

Re tseba seo re se tsebang ka lelapa la bosafeleng la Molimo, moralo oa hae bakeng sa bana ba hae le bohlokoa bo sa feleng ba likamano tsa lelapa, re lokela ho ba har´a bats´ireletsi ba mafolofolo haholo ba lelapa ba lefats´e.

Re etsa sena joang?

Mookameli Dallin H. Oaks o fane ka boeletsi: “Phatlalatso ea lelapa … ke ho tiisa hape ha Morena ka linnete tsa evangeli tseo re li hlokang ho re ts´ehetsa nakong ea liqholotso tsa hajoale tsa lelapa.”

Bophelong ba rona ba botho, re ka etsa “lintho tse nyenyane tse bonolo” (Alma 37:6) tse matlafatsang likamano tsa lelapa. Sena se kenyeletsa ho latela metheo ea malapa le manyalo a atlehileng e lokolisitsoeng phatlalatsong ea lelapa: “tumelo, thapelo, pako, ts´oarelo, hlonepho, lerato, kutloelo-bohloko, mosebetsi le liketsahalo tsa boithabiso tse molemo.” Ho sa natsoe maemo a rona a hajoale a lelapa, re ka bonts´a ka liketso tsa rona hore likamano tsa lelapa li bohlokoa ka ho sa feleng ho rona.

Re le “baahi ba nang le boikarabello” sechabeng sa rona, re ka “khothalletsa mehato eo e reretsoeng ho boloka le ho matlafatsa lelapa.”

Re bahalaleli ba selekane ba Morena ba mehla ea kajeno. Re majalefa a lits´episo tse entsoeng ho Abrahama, Isaaka le Jakobo—lits´episo tse nang le tsohle tse amanang le malapa. Lits´episo tseo li tla le pitso e halalelang ea ho hlohonolofatsa “malapa ´ohle a lefats´e.” ´Me tsela e ´ngoe ea bohlokoa ea ho etsa seo ke ho phela, ho ts´ireletsa le ho arolelana linnete tsa bosafeleng tsa hore “lelapa le hlotsoe ke Molimo” le hore “lts´ebeletso le lilekane tse fumanehang litempeleng tse halalelang li etsa hore ho khonehe bakeng sa batho ka bo mong ho khutlela ponts´eng ea Molimo le bakeng sa malapa ho ba ´moho ka ho sa feleng.”

“Ke Na Le Uena”

Ha ´na le ´M´e Uchtdorf re shebella litho tsa lelapa la rona li etsa lilekane tse halalelang le Ntat´a rona ea Maholimong ea lerato oa bosafeleng, lipelo tsa rona li tlala ka nyakallo le teboho. Ha re nyakalle feela ka bana ba rona le bana ba bona empa hape le ka batsoali ba rona le batsoali ba bona. Re nahanisisa ka lerato le tebileng kamoo lilekane tsa evangeli li re kopanyang meloko ka meloko. Ke phihlello e batlang e ts´oana le ho bona “leri e emisitsoe fats´e ´me ntlha ea eona e fihla leholimong, ´me a bona mangeloi a Molimo a nyoloha le ho theoha ka eona” (Genese 28:12).

Litlhohonolofatso tseo Morena a li ts´episitseng Jakobo torong ea hae li fetela ho bana bohle ba hae ba selekane—ho kenyeletsa ´na le uena. Joaloka ha Morena e phethisitse ho Jakobo, o tla re arabela “ka letsatsi la tsietsi [tsa rona]”(Genese 35:3) haeba re mo khetha.

“Bona,” ho rialo Morena, “´Na ke na le uena, ke tla u boloka hohle moo u eang teng, … hobane nke ke ka u tlohela” (Genese 28:15).

Joaloka Jakobo, bohle re na le lefelleng leo re lokelang ho le feta. Ka nako e ´ngoe, litlhohonolofatso tse ts´episitsoeng li bonahala li le hole. Ha mathata a maholo le liqholotso li e-tla, re ka halala lerato la Molimo. Re ka ba ra ikutloa eka Molimo o re lahlile. Ho sa tsotellehe boikitlaetso ba rona bo botle ba borutuoa, re ka ikutloa re sa fumane litlhohonolofatso tseo re neng re li lebeletse.

Bo-ntate le bo-mme, metsoalle e ratehang, tsela ea selekane ke tsela ea nyakallo, leha ka nako e ´ngoe e ka ba matheba ke likhapha. Haeba u utloa hore likarolo tsa moralo oa thabo ha lia phethahatsoa bophelong ba hau hajoale, ka kopo ts´epa hore Morena o nahana ka uena ´me o tla u hlohonolofatsa ka nako ea hae e nepahetseng ho latela bohlale ba hae.

Tumelo ho Jesu Kreste le ho lits´episo tsa hae ho re susumelletsa ho sheba pele eseng morao. Ka lebaka la hae, bokamoso ba rona ha boa lokela ke ho ts´oaroa ke eng kapa eng e etsahetseng nakong e fetileng kapa e thibelang pono ea rona hona joale. Ee, bohle re lemetse kapa re tla [lemala] ka tsela e le ´ngoe kapa e ´ngoe. Empa re lumela ho Mofolisi e Moholo. Re mo ts´epa—haholo hoo re ananelang lits´episo tsa hae, ka botlalo “re susumetsoa ke tsona”, esita le ha li ntse li le “hole” (Baheberu 11:13).

“Ha bohle re hopoleng hore ka tsela ea Morena le nako, ha ho litlhohonolofatso tse tlang ho thibeloa ho Bahalaleli ba hae ba ts´epahalang,” ho rialo Mookameli Nelson. “Morena o tla ahlola le ho putsa motho ka bo mong ho latela litakatso tsa pelo le liketso.”

Ke ts´episa hore ha re latela le ho arolela moralo oa Ntate ea Maholimong bakeng sa malapa, o tla ba le rona, a re ts´ehetse ´me a kopane le rona leetong la rona. A ke ke a re siea re le feela, haholo-holo ha liteko li tla ho rona kapa ho baratuoa ba rona. O tla re jara, a re phahamise ´me a re ise lefats´eng la ts´episo la nyakallo e tletseng ho eena, Mor´a hae, Jesu Kreste le malapa a rona—ka ho sa feleng.

Lintlha

  1. Bona Marion G. Romney, “Temples—The Gates to Heaven,” Ensign, Tlhakubele 1971, 16.

  2. Bona Bruce C. Hafen, Covenant Hearts: Marriage and the Joy of Human Love (2005), 58–59.

  3. Bona Bruce C. Hafen, Covenant Hearts, 59; bona hape “Malapa A Ka Ba Hammoho Ka Ho Sa Feleng, Lifela, nomoro ea. 300.

  4. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e,” Pokello ea Libuka ea Evangeli.

  5. Russell M. Nelson, “Set in Order Thy House,” Liahona, Pherekhong 2002, 80.

  6. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e.”

  7. Scott L. Buchanan, “The Nuclear Family Is Indispensable,” Public Discourse, June 4, 2020, thepublicdiscourse.com.

  8. M. Russell Ballard, “The Sacred Responsibilities of Parenthood” (Brigham Young University devotional, Aug. 19, 2003), 3, speeches.byu.edu; bona hape Ensign, Mar. 2006, 28–29.

  9. Dallin H. Oaks, “Dallin H. Oaks, “The Plan and the Proclamation,” Liahona, Nov. 2017, 30.

  10. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e.”

  11. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e.”

  12. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e.”

  13. Russell M. Nelson, “Celestial Marriage,” Liahona, Nov. 2008, 94.