Liahona
Tsela ea Nyakallo ea Selekane
Hlakola 2026 Liahona


“Tsela ea Nyakallo ea Selekane” Liahona, Mphalane 2026

Molaetsa oa khoeli Liahona Hlakola 2026

Tsela ea Nyakallo ea Selekane

Limakatso le botle ba litho tsa lelapa tse tlamahantsoeng hammoho ponts´eng ea Ntate le Mora li tlisa ho hlolloa le nyakallo e fetisisang moeeng oa ka le ho ntlatsa ka moea oa teboho.

Moholo Patrick Kearon le mosali oa hae Jennifer

Moholo Patrick Kearon le mosali oa hae Jennifer

Ha Israel le Elizabeth Haven Barlow ba tloha Nauvoo, Illinios ba ea Salt Lake Valley ka 1848, ba ile ba siea ngoana oa moshanyana a bolokiloe mabitleng a manyenyane a Nauvoo. James Nathaniel Barlow e monyenyane, ngoana oa bona oa pele, o ile a shoa nakoana kamorao hore a tsoaloe ka Motseanong 1841.

Ka ho tsamaea ha bona ho ea Salt Lake Valley, Israel le Elizabeth ba ne ba sa nahane le ka mohla ba ka sheba lebitla la mora oa bona. Empa ha Israel a bitsetsoa borumuoa lichabeng England lilemo tse lateng hamorao, o ile a feta ka hare ho Nauvoo ha a lebile bochabela. Ka kopo ea Elizabeth, o ile a ema a batla lebitla la mora oa bona le ho tlosa masalla a hae ho a isa mabitleng a maholo a motse, bochabela ba toropo eo.

Kamor´a letsatsi ho se katleho, Israel o ile a kopa thuso ho mohlokomeli oa lehae. Letsatsi le hlahlamang, ba ile ba fumana lebitla, le le pela la motsoala oa James e leng Mary. Ka masoabi a maholo, makase a ne a bolile ´me a robehile. Lengolong le eang ho mosali oa hae, Israel o ile a ngola a re, “Ka hona ke ile ka tsamaea ´me ka etsa qeto ea hore ke tla a tlohela moo ho fihlela nako e tlang.”

O ne a e-so tsamaele le hole le lebitla ha a utloa lentsoe. Ha a ntse a hopola ketsahalo eo, o ile a ngola hore, “Le ne le sa utloahale, empa le ne le ikhethile kelellong ea ka hoo ke neng ke sitoa ho iphapanyetsa lona le re: ‘Ntate se ke ua nts´iea mona.’” Israel o ile a khutlela lebitleng, ka qeto ea hore qetellong a tlose moshanyana oa hae e monyenyane. “Ke ile ka utloa ho khutsa ho khethehileng le khotso ea kelello eo pele ke neng ke e-so e utloe. … Sena ke sona feela seo ke tlang ho se bua: hore ha ho le ka mohla nkileng ka ba hlokolosi haholo ka mosebetsi ofe kapa ofe oo nkileng ka o etsa bophelong ba ka.”

Ka la 2 Loetse 1853, Israel Barlow le mohlokomeli ba ile ba tlosa litopo tsa James le Mary ho li isa mabitleng a maholo a Nauvoo, ba ts´oaea sebaka seo ka majoe ka lihloohong le maotong a mabitla ao.

Israel o ile a bolella Elizabeth hore ha a ntse a le mabitleng hore, “Ke bile le takatso ea ho inehela le tsohle tseo ke li bitsang tsa ka matsohong a Morena, hore nke ke baloe ke lokeleha ho tsoha le [James] mesong ea Tsoho ea Pele ea Bafu.”

Boinehelo ba Israel evangeling ea Jesu Kreste, ho tsamaea le ho hlonepha lilekane tse halalelang, ho lumella Kreste ho etsa bophelo bo sa feleng—litlhohonolofatso tse kholo ka ho fetisisa—li etsahale ho eena, baholo-holo ba hae, le meloko ea hae.

Sena ke ´nete le ho rona bohle.

literei tsa selallo

Sets´oants´o ka Jerry Garns, se ka kopitsoa feela bakeng sa ts´ebeliso ea Kereke

Lits´episo tse Halalelang

Ntat´a rona ea Maholimong le Mora oa hae Jesu Kreste, ba rata e mong le e mong oa rona ho feta ntho efe kapa efe eo re ka e nahanang. Ha ho moo lerato la bona le bonahalang ho feta ka litlhohonolofatso tse ts´episitsoeng tse amanang le lilekane tse fanoang ho rona nakong ea kolobetso le ka tlung ea Morena.

“E ´ngoe ea lintho tsa bohlokoa tsa bolumeli tse senotsoeng ke ea selekane se halalelang,” ho ile ha ruta Mookameli Russell M. Nelson (1924–2025). Ka puo ea molao, selekane ka kakaretso se bolela tumellano lipakeng tsa lihlopha tse peli kapa ho feta. Empa ka bolumeli, selekane se bohlokoa haholo. Ke ts´episo e halalelang le Molimo.”

Ts´episo e ´ngoe le e ´ngoe eo re e etsang le ho boloka ea re hlohonolofatsa. Ntat´a rona ea Maholimong le Mora oa hae Jesu Kreste, ba batla ho re atametsa haufi le bona. Ba batla bo re thusa ho ithuta le ho hola tumelong le kutloisisong. Ba batla ho re hlohonolofatsa ka matla a leholimo. Ba batla re fumane pholo le khotso lefats´eng moo litlhohonolofatso tse joalo li lulang li sa fumanehe. Ba batla re be le nyakallo bophelong bona le bophelong bo tlang. Ho tsoa leratong lena le phethahetseng, ba re fa monyetla oa ho kena selekaneng se re tlamahanyang le bona. Re na le tlhohonolofatso ea ho boela re itlama ka tsona lilekane tseo beke le beke nakong ea kopano ea selallo.

Re nka selallo ka moea oa teboho hobane re na le tlhohonolofatso e thabisang ea ho inkela lebitso la Jesu Kreste, re mo hopola le lerato la hae ho rona ka mpho ea Topollo ea hae—hore o ile a hlokofatsoa, a lutla mali le ho re shoela. Selallo se boetse se re hlohonolofatsa ka monyetla oa beke le beke e le ho bonts´a boikemisetso ba rona ba ho boloka litaelo, ho nchafatsa lilekane tsa rona, le ho etsa lilekane tse ncha (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77,79).

“Hangata, ke utloa polelo ea hore re nka selallo ho nchafatsa likano tseo re li entseng nakong ea kolobetso. Leha sena e le ´nete, se feta mona”, ho rialo Mookameli Nelson. “Ke entse selekane se secha. U entse selekane se secha. … Joale ka baka leo, Morena o etsa tlaleho ea hore Moea oa hae o tla lula o e-na le rona. Tlhohonolofatso e kaalo!”

Ha re baka ´me re nka selallo ka lipelo tse hloekileng, re fumana Moea o Halalelang ´me re hloekisoa libeng tsa rona joaloka ha eka re kolobetsoa hape. Ena ke ts´epo le mosa tseo Jesu a li fang e mong le e mong oa rona.”

Ke thabo e kakang ho baka le ho ts´oareloa ka lerato le lopollang la Kreste!

Tempele ea Nauvoo Illinois

Sets´oants´o sa Tempele ea Nauvoo Illinois ka Jennifer Rose Maddy

Ntlo ea Hae ea Nyakallo

Kamorao hore e be Mookameli oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, Mookameli Nelson o ile a bua hangata ka tsela ea selekane, a qala ka molaetsa oa hae oa sechaba e le Mookameli oa Kereke. Re kena tseleng eo ka “pako le kolobetso ka metsi” (2 Nefi 31:17), o boletse ketsahalong ea morao, ´me “ebe re kena ho eona ka botlalo ka tempeleng.”

Joaloka ha ho nka selallo ho re hopotsa lilekane tsa rona le litlhohonolofatso tsa tsona, ho joalo feela le ka ho etsa mosebetsi oa boemeli tempeleng. Ha re etsa lits´ebeletso ka ho emela ba seng ba fetile, re hopola lits´episo tse halalelang tseo re li entseng le litlhohonolofatso tse ts´episoeng tseo re tlang ho li fumana.

Ka tsela ea selekane, re fetoha majalefa a litlhohonolofatso tsohle tse ts´episitsoeng ho Abrahama, Isaaka, Jakobo le meloko ea bona. Ho sa tsotellehe litlhohonolofatso tse ts´episitsoeng, Abrahama, Isaaka, Jakobo ha ba ka ba phela bophelo bo bobebe, le rona ha ho [bobebe]. Joaloka bona, re tobana le mathata, khalemelo, le tahlehelo ha re “lekoa linthong tsohle” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 136:31; bona hape 101:4–5). Empa joaloka baporofeta le Bahalaleli ba khale ba neng ba lokile, rea tseba hore na re ka ts´epa mang (bona 2 Nefi 4:19).

Bophelo ba rona ba ho shoa ke motsotso feela bophelong ba rona, empa motsotso oo—leha ka nako e ´ngoe o le thata haholo—ke oa bohlokoa ba bosafeleng. Ee, Ntat´a rona ea Maholimong o batla hore re ithute ´me re hole. ´Me ee, kholo eo ka nako e ´ngoe e kenyelelitse ts´oabo le ts´otleho. Empa o batla hore bophelo ba rona bo be botle ´m e bo le ts´epo. Ka baka leo, e le ho nolofatsa leeto la rona la ho khutlela ho eena, o fane ka Mopholosi, eo e leng “monetefatsi” oa lilekane tsa rona le Ntate oa hae. Ka Topollo ea Jesu Kreste, Ntate o phethahatsa lits´episo tse entsoeng ho bana ba hae ka tempeleng.

Ka lerato la hae le sehlabelo sa topollo, Mopholosi o sebetsane le ho folisa ntho e ´ngoe le e ´ngoe eo re tlang ho kopana le eona bophelong. ´Me ka baka la ntlo ea hae e halalelang—ntlo ea nyakallo—bohle ba tla fola ho sa tsotellehe bohanyetsi. Pholiso ea ho boloka selekane e fiela mahlomola, bohloko, ts´iamo, le masoabi. Ha re hloke ho ts´oenyeha kapa ho ts´aba. Ho e-na le hoo, re ka nyakalla hore molato oa topollo ea rona e se e lefiloe (bona 1 Bakorinthe 6:20) ´me le hore tsela ea selekane ho ea bophelong ba bosafeleng e se e betliloe.

Tsela ea selekane kannete ke tsela ea lerato le lopollang. Ha re hlonepha lilekane tseo re li etsang ka tempeleng, re amohela litlhohonolofatso tsa matla a maholo-holo, lerato le leholo-holo, mohau o moholo-holo, kutloisiso e kholo-kholo, le ts´epo e kholo-kholo. Limakatso le botle ba tlamahanyo ea tempele—ea litho tsa lelapa tse tlamahantsoeng hammoho ka lerato bakeng sa bosafeleng—li tlisa ho hlolloa le nyakallo e fetisisang moeeng oa ka le ho ntlatsa ka moea oa teboho.

“Nako eohle ha boima ba mofuta ofe kapa ofe bo hlaha bophelong ba hau, sebaka se bolokehileng ka ho fetisisa ho ba ho sona moeeng ke ho phela ka hare ho lilekane tsa hau tsa tempele!” Mookameli Nelson o elelitse. Kea tseba ka liketsahalo tsa ka tsa bophelo tse monate le tseo ka nako e ´ngoe li babang re ba le ´nete ea mantsoe ao.

sets´oants´o sa banyalani ba ts´oereng lesea

James Nathaniel Barlow, ngoana oa pele, oa Israel le Elizabeth Barlow o ile a shoa nakoana kamorao hore a tsoaloe ka Motseanong 1841. Lilemo hamorao, o ile a tlamahanngoa ka boemeli ho batsoali ba hae tempeleng ea Logan Utah.

Lits´oants´o ka Allen Garns

Ba Bokellele Hae

Kamorao hore Israel Barlow a fonanise moshanyana oa hae e monyenyane hantle, o ile a ngolla mosali oa hae, “Menahano ea ho ipeha hole, ke bile ke sa hlole ke khutlela lebitleng la [James], e ile ea hula khoele ea ho qetela ea lerato leo ke neng ke le jere, ho fihlela e robeha ke meokho lebitleng la hae.”

Ke nahana hore likhapha tse ngata—likhapha tsa nyakallo khetlong lena—li ile tsa ts´oloha ka la 4 Tsitoe 1889. Ka letsatsi leo, James Nathaniel Barlow, o ile a tlamahanngoa ho batsoali ba hae tempeleng ea Logan Utah. Ka nako eo, Israel o ne a se a hlokahetse, ´me ba bang ba ile ba ema e le baemeli bakeng sa hae le James.

´M´e Kearon le ´na re na le kutloelo bohloko e khethehileng le mohau bakeng sa Israel le Elizabeth. Ngoana oa rona oa pele, moshanyana ea neng a bitsoa Sean, o ile a shoa nakong ea ts´ebetso ka thipa ea pelo ea hae ha a ne a le libeke tse tharo feela. Sena e bile tahlehelo e neng e sisinya lefats´e ho rona. Ka nako eo, re ne re ipotsa na re tla phela. Re ile ra mo boloka lebitleng le lenyenyane le utloisang bohloko England. Lilemo tse leshome le metso e mehlano hamorao, lelapa la rona le ile la koptjoa ho tloha lapeng la rona United Kingdom ho ea sebeletsa kereke nako eohle, ´me re ile ra siea lebitla leo le lenyenyane morao.

Ha rea lahleheloa ke ngoana leetong la bophirima, ´me ha rea utloa boimahali bo sa utloisiseheng ba ha Barlow, empa re na le kutloisiso ea seo ba tsamaileng ka hare ho sona. Lebitla la ngoana oa rona oa moshanyana le hole haholo, empa joaloka ba ha Barlow, re na le tumelo e sa feleng ho Tsoho ea Jesu Kreste le tlholeho ea bosafeleng ea lelapa la rona ka selekane sa tlamahanyo se halalelang.

Bohle re na le baholo-holo le baratuoa ba rona ba bang ka nqane ho lebitla ba ntse ba re ho rona “Se ke ua nts´iea mona.” Ka lebaka la lilekane tsa tempele, ha ho na motho ea batlang ho salla morao. Pitso ea rona ke ho ba rata, re ba sebeletse, le ho thusa ho ba bokellela hae.

Ntat´a rona ea Maholimong oa re rata, ´na le uena. O re neile litempele hore “eng kapa eng eo [re] e tlamang lefats´eng e tle tlangoe le leholimong” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 128:8; bona hape Mattheu 18:18). O ile a romela Mora oa hae ho khaola maqhama a lefu, a betla tsela ea tlamahano e sa feleng le lipoelano tsa bosafeleng tsa lelapa.

Ke ka lebaka lena re nang le lits´ebeletso. Ke ka lebaka lena re etsang lits´ebeletso. Ke ka lebaka lena re ahang litempele. Ke ka lebaka lena re inehelang mosebetsing le khanyeng ea Molimo (bona Moshe 1:39). ´Me ke ka lebaka lena re llang likhapha tsa thabo, re tseba hore poelano ea bosafeleng e re emetse le baratuoa ba rona ponts´eng ea Ntate le Mora.

Ha re ke re fumaneng nyakallo le khotso ha re ntse re boloka lilekane tsa rona ´me re kopane le Morena mosebetsing oa hae oa khanya o bolokang.

Lintlha

  1. Bona Ora H. Barlow, The Israel Barlow Story and Mormon Mores (1968), 306–8; spelling and punctuation modernized; see also Brent A. Barlow, “Daddy, Do Not Leave Me Here,” Ensign, July 2009, 34–36.

  2. Russell M. Nelson, “Lilekane,” Liahona, Pulungoana 2011, 86.

  3. Bona “I Stand All Amazed,” Lifela, no. 193.

  4. Russell M. Nelson, in Dale G. Renlund, “Unwavering Commitment to Jesus Christ,” Liahona, Nov. 2019, 25, note 18.

  5. Jesu Kreste O Re Kopile Ho Nka Selallo,” Liahona,Tlhakubele 2021, 7.

  6. Bona Russell M. Nelson, “Ha Re Ntse Re Ea Pele ´Moho,” Liahona, ´Mesa. 2018, 7.

  7. Russell M . Nelson, “Selekane Se Sa Feleng,” Liahona, Mphalane 2022, 9.

  8. Bakeng sa litlhohonolofatso tse ts´episitsoeng, bona Russell M. Nelson, “Lilekane,” Liahona, Pulungoana. 2011, 87.

  9. Russell M. Nelson, “Selekane Se Sa Feleng,” 10.

  10. Bona Russell M. Nelson, “Selekane Se Sa Feleng,” 7.

  11. Russell M. Nelson, “Tempele le Motheo oa Hau oa Moea,” Liahona, Pulungoana 2021, 96.

  12. Israel Barlow, Ora H. Barlow, Pale ea Israel Barlow, 308; mopeleto le mats´oao a ntlafalitsoe.

  13. Letsatsi la tiiso le fanoa ke Church History Library.