2025
Lilekane, Matla, le Lits´episo
Mphalane 2025 Liahona


“Lilekane, Matla, le Lits´episo,” Liahona, Mphalane 2025.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Liahona Mphalane 2025

Lilekane, Matla, le Lits´episo

Tempele ke eona khubu ea matla le ts´ireletso e ts´episitsoeng ho ba ts´epahalang pele ho Ho Tla Lekhetlo la Bobeli ha Morena Jesu Kreste.

sets´oants´o sa Joseph Smith a eme ka pel´a Tempele ea Kirtland

Sets´oants´o sa Joseph Smith ka Dan Burr

Ka Mots´eanong 1833, ntate moholo molokong oa bone, Asahel Perry, hammoho le metsoalle ea hae, ba ile ba tsamaea ba tloha leboea ho New York ho ea Kirtland, Ohio. E ne e se litho tsa Kereke e sa tsoa tsosolosoa, empa ba ne ba batla ho kopana le Moporofeta Joseph Smith. Ba ile ba fihla ka nako ho kena kopanong ea pele e neng e ts´oaretsoe ho buisana ka ho aha Tempele ea Kirtland.

Kamor´a hore kopano e qale, Moporofeta o ile a hlahisa taba ea ho aha tempele. Eaba o mema ba neng ba le teng hore ba hlahise maikutlo a bona mabapi le mosebetsi oo o moholo. Boholo ba bona ba ile ba araba ba re Kereke e futsanehile haholo hore e ka nka mosebetsi o joalo. Ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ho ahoe moaho o monyenyane, o sa jeng chelete e ngata.

Puisanong e ileng ea latela, Ntate-moholo Perry le metsoalle ea hae ba ile ba phutheha, ba nts´a chelete ea bona, ´me ba e kopanya. Na ba ne ba e-na le chelete e lekaneng bakeng sa leeto la bona la ho khutla le ho kenya letsoho kahong ea tempele? Hamorao ka metsotso e seng mekae, ntate-moholo o ile a atamela Joseph Smith, a nts´a chelete ea ts´epe ea lidolara tse hlano, ´me a e hlahisa ho Moporofeta. (Chelete e joalo ea ts´epe kajeno e ka ba lidolara tse makholo!)

Joseph o ile a ema ka pel’a lekhotla ´me a phahamisa chelete. Eaba, a bua ka matla, a re “mosebetsi o qalile ´me Ntlo [ea Morena] e tla ahoa ho latela mohlala o hlahisitsoeng” ke Morena Jesu Kreste.

Lelapa la Perry kapele le ile la kena Kereke Kirtland, la amohela mahlohonolo a lona a tempele lilemong tse ´maloa hamorao tempeleng ea Nauvoo, ´me hamorao la ts´ela lithota ho ea Utah.

Ha Tempele ea Kirtland e ne e hlohonolofatsoaka 1836, e ne e le nyenyane haholo ho amohela Bahalaleli bohle ba Mehla ea Kajeno ba neng ba batla ho tla tlhohonolofatsong ea eona. Ha Kereke e ntse e hola, le palo ea Bahalaleli ba neng ba lokela ho ts´oarela likopano kantle e ile ea eketseha. Mookameli James E. Faust (1920–2007), ea ileng a sebeletsa e le mookameli oa setereke se seholo sa ka ha ke ne ke le mohlankana ´me e le motataisi ha ke ne ke bitsetsoa ho ba Motsamaisi ea Akaretsang ka 2007, o ne a etse tlhaloso ena mabapi le tempele ea bobeli ea Kereke:

“Pele Tempele ea Nauvoo e phetheloa ka 1846, Bahalaleli ba ne ba kopana kantle, hangata haufi le tempele, ho mamela Joseph le ba bang ba etelletseng pele Kereke ha ba bua. Ka linako tse ling likete-kete li ne ba e-ba teng likopanong tseo”—ka linako tse ling esita le maemong a mabe a leholimo.

“Joaloka ha [Moholo] George A. Smith a ile a hlokomela ka tsela ea hae e qabolang, ‘Matsatsing a Moporofeta Joseph … [Kereke] e ile ea tlokoma haholo kantle.’”

Re motlotlo hore mehleng ea rona, Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e tlokoma kantle, ka har’a meaho, le ka lefats’e lohle. Ho atleha hona ho kenyelletsa kaho ea litempele ka lebelo le sa tloaelehang “ho latela mohlala o hlahisitsoeng”—mohlala oo kamehla o kenyelletsang litlhohonolofatso, nyehelo, tumelo, le sehlabelo.

sets´oants´o sa Tempele ea Kirtland

Khanya e Halalaleng—Tempele ea Kirtland, ka Glen S. Hopkinson, e ke ke ea kopitsoa

Hobaneng Litempele tse Ngata Hakaale?

“Ba tlileng pele ho rona ba porofetile hore litempele li tla aparela sebaka sa Amerika e Leboea le e Boroa, lihlekehlekeng tsa Pacific, Europe, le libakeng tse ling,” Moetapele Ezra Taft Benson (1899–1994) o ile a bolela mashome a lilemo tse fetileng. “Haeba mosebetsi oona oa topollo o ka etsoa ka tekanyo eo e tlamehang ho ba ka eona, ho tla hlokahala litempele tse makholo-kholo.”

Mookameli Russell M. Nelson o itse re aha litempele ka lebelo leo re e-so ka re e-ba le lona kajeno “hobane Morena o re laetse ho etsa joalo. Litlhohonolofatso tsa tempele li thusa ho bokella Israele ka mahlakore a mabeli a lesira. Litlhohonolofatso tsena hape li thusa ho lokisa batho ba tla lokisa lefats´e bakeng sa Ho Tla Lekhetlo la Bobeli ha Morena!

Thapelong ea hae ea tlhohonolofstso ea Tempele ea Kirtland, Joseph Smith o ile a rapela “hore batho bohle ba tla kena monyako oa ntlo ea Morena ba ke ba utloe matla a hau. …

“´Me rea u kopa, Ntate ea Halalelang, hore bahlanka ba hau ba ke ba tsoe ntlong ena, ba hlometse ka matla a hau, hore lebitso la hau le be holim’a bona, hore khanya ea hau e ba apare, le hore melao ea hau e be le taolo holim´a bona” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 109:13, 22; totobatso e eketsehileng; bona hape temana 23).

Ha ke bala litemana tseo, ke nahana ka pono ea Nefi ea matsatsi a ho qetela. Hlokomela mantsoe a ts´oanang: “´Me ho ile ha etsahala hore ´na, Nefi, ke bone matla a Konyana ea Molimo, hore a ile a theohela bahalaleling ba kereke ea Konyana, le ho batho ba selekane ba Morena, ba neng ba qhalakane le lefats´e lohle; ´me ba ne ba hlometse ka ho loka le matla a Molimo ka khanya e kholo” (1 Nefi 14:14; totobatso e ekelitsoe).

Ke lumela hore litempele tsa matsatsi a ho qetela li bapala karolo ea bohlokoa phethahatsong ea boporofeta ba Nefi ´me khubu ea ts´ireletso le matla a ts´episitsoeng balumeli pele ho Ho Tla Lekhetlo la Bobeli.

Lilemo tse ´maloa tse fetileng, ha ke ntse ke sebeletsa ke le mobishopo oa lekala la sekolo sa thuto e phahameng, ke ile ka khahloa haholo ke moroetsana e mong lekaleng la ka. O ntse a nkhahlisa le joale. Le mo tseba e le Mookameli Emily Belle Freeman, Mookameli ea Akaretsang oa Baroetsana. Puong ea hae ea morao tjena sebokeng se akaretsang, o rutile hore ka tempele, Jesu Kreste o re phahamisetsa boemong bo phahameng ba moea.

“Nako le nako ha ke ts´ela monyako oa ntlo ea Hae, ke ba le phihlello e tebileng ea selekane le eena,” ho boletse Mookameli Freeman. “Ke halaletsoa ka Moea oa Hae, ke hlohonolofatsoa ka matla a Hae, ´me ke beoa ka thoko ho aha ´muso oa Hae.”

Matla a Ts´episitsoeng

Mookameli Nelson o buile hangata ka matla a Jesu Kreste a fumanehang ka likamano tsa lilekane tsa tempele. “Ho ipana jokong le Mopholosi ho bolela hore u ka fumana matla a hae a lopollang” o rialo. Mookameli Nelson o boetse o rutile:

“Ha re boloka lilekane tsa rona tsa tempele, re fumana phihlello e kholo ho matla a matlafatsang a Morena. Ka tempeleng, re fumana ts´ireletso khahlonong le litlokotsi tsa lefats´e.”

“Lits´ebeletso tsa bohlokoa tsa [Mopholosi] li re tlamahanya le eena ka likamano tse halalelang tsa boprista. Joale, ha re boloka lilekane tsa rona, o re fa matla a hae a folisang, a matlafatsang. ´Me oho, kamoo re tla hloka matla a hae matsatsing a tlang.”

“Matla a boits´oaro le a moea ao batho ba rona ba a hlokang hona joale le matsatsing a tlang ke matla a Molimo Ntate le Mora oa Hae, Jesu Kreste. Re fumana phihlello ea matla a bona ka ho etsa le ho boloka lilekane le bona.”

Matla a leholimo a bohlokoa, baena le likhaitseli, hobane re phela lefats´eng le kotsi haholo. Ntle ho matla ao, re ke ke ra khona ho “mamella letsatsi la ho tla ha hae” kapa “ho ema ha a hlaha” (Malakia 3:2). Ha re tsebe hore na letsatsi leo le tla ba neng, empa lenqosa la hae le se le rometsoe ho “lokisa tsela” ea ho tla ha hae (Malakia 3:1). Ho sa le joalo, lefats´e ha le tsamaee le khobile mats´oafo ho leba letsatsing leo.

Re hloka matla a ts´episitsoeng ho ba ts´epahalang ho re thusa:

  • Molimo a ke a rene bophelong ba rona.

  • Bakang ´me le atamele ho Morena.

  • Hlohonolofatsa, ts´elisa, etella pele, ´me u sebeletse.

  • “Ho mamella liteko, meleko le masisa-pelo a rona ha betere” (see Mosaia 3:19).

  • Fumana khotso le thabo ho Kreste ha re ntse re tsamaea tseleng ea selekane.

  • Itokise “khahlanong le letsatsi la ho cha” le “tlokotsi ea ba khopo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 109:46).

  • Phetha mosebetsi oa Morena pele ho Ho Tla ha Hae Lekhetlo la Bobeli.

Tempele ea Tucson Arizona

Senepe sa dome ea Tucson Arizona Temple ka James Whitney Young

Balebeli ba Pholoho

Mosebetsi le khanya tsa Ntate ea Maholimong ke “ho tlisa ho se shoe le bophelo ba bosafeleng ba batho” (Moshe 1:39). Tempele e ´ngoe le e ´ngoe e eme e le molebeli oa lefats´e oa morero oa Molimo oa pholoho, e supa karolo ea mantlha ea Mopholosi mosebetsing le khanyeng tseo.

A hlometse ka matla a hae, monna le mosali e mong le e mong ba bolokang selekane—ba nyalane kapa che—ba bolokang lilekane tsa tempele ka bots´epehi ba tla hlohonolofatsoa bophelong bona le bophelong bo tlang.

Mookameli Nelson o ts´episitse: “Qetello eo e mong le e mong oa rona a e pheellang ke ho apesoa ka matla, ntlong ea Morena, re tiisitsoe re le malapa, re ts´epahalla lilekane tse entsoeng tempeleng; tse etsang hore re ts’oanelehe bakeng sa mpho e kholo-kholo ea Molimo—ea bophelo ba bosafeleng. Ts´ebeletso ea tempele le lilekane tseo u li etsang moo, li bohlokoa ho matlafatsa bophelo ba hau, lenyalo, lelapa, le bokhoni ba hau ba ho iphapanyetsa litlhaselo tsa sera. Borapeli ba hau tempeleng le ts´ebeletso ea balimo ba hau, e tla u hlohonolofatsa ka ts´enolo e tobileng uena le khotso; ´me e tla tiisa boitelo ba hau ho lula tseleng ea selekane.

Ke le Moapostola oa Morena Jesu Kreste, ke paka hore lintho tsena ke ´nete.

Lintlha

  1. Bona Stephen C. Perry letter to Wilford Woodruff, 21 Pulungoana 1884, Church History Library, catalog.ChurchofJesusChrist.org.

  2. James E. Faust, “Salt Lake Tabenacle Rededication,” Liahona, Mots´eanong 2007, 39.

  3. The Teachings of Ezra Taft Benson (1988), 247.

  4. Russell M. Nelson, “ Morena Jesu Kreste O Tla Tla Hape,” Liahona, Pulungoana 2024, 121.

  5. Emily Belle Freeman, “Ho Tsamaea Likamanong tsa Selekane le Kreste,” Liahona, Pulungoana 2023, 79.

  6. Russell M. Nelson, “Hlola Lefats´e ´Me U Fumane Phomolo,” Liahona, Pulungoana. 2022, 97.

  7. Russell M. Nelson, “Morena Jesu Kreste O Tla Tla Hape,” 121.

  8. Russell M. Nelson, “Tempele le Motheo oa Hau oa Moea,” Liahona, Pulungoana 2021, 94.

  9. Russell M. Nelson, ho Kevin W. Pearson, Utah Area Broadcast, Pulungoana 20, 2024, utah.ChurchofJesusChrist.org.

  10. Bona Neil L. Andersen, “Meferefere ea Moea,” Liahona, Mots´eanong 2014, 18.

  11. Russell M. Nelson, “Hlola Lefats´e ´Me U Fumane Phomolo,” 96.

  12. Russell M. Nelson, “Ha Re Ntse Re Ea Pele ´Moho,” Liahona, ´Mesa. 2018, 7.