2025
Ho Hlohonolofatsoa ke Tokelo le Matla a Boprista
Loetse 2025


“Ho Hlohonolofatsoa ke Tokelo le Matla a Boprista,” Liahona, Loetse 2025.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Loetse 2025

Ho Hlohonolofatsoa ke Tokelo le Matla a Boprista

Litho tsa kereke li bitsetsoa ho sebelisa matla a Molimo ho sebeletsa le ho hlohonolofatsa ba bang kerekeng, hae, le hohle lefats´eng.

Moholo D. Todd Christofferson

Bopaki ba rona ho lefats´e ke hore boprista bo halalelang ba Molimo bo bohlokoa ho fihlela mosebetsi oa hae oa poloko le phahamiso, hore o ile a tsosolosa boprista lefats´eng bakeng sa sepheo seo, le hore bo tsamaisoa ke Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.

Tlhokahalo ea Tokelo le Matla a Boprista

Jesu Kreste ke hlooho ea Kereke. Kereke ke sesebelisoa seo a se entseng ho phetha mosebetsi oa bohloka oa ho lopolla batho mokhahlelong ona oa evangeli joaloka mokhahlelong oo a neng a phela ho oona lefats´eng. Ka Kereke:

  • A ka phatlalatsa evangeli ea hae ka lefats´e lohle.

  • A ka fana ka kolobetso le lilekane tsohle—esita le tsela ea selekane ho isa musong oa hae oa selestiale.

  • A ka kopanya malapa ka ho sa feleng.

  • A ka fana ka limpho tsa poloko, esita le ho ba shoeleng ba se na tsona.

  • A ka sebeletsa ho litlhoko tse ts´oarehang tsa bana ba Molimo hajoale.

Ho fihlela lipheo tsena tse kholo, le ho lokisetsa ho khutla ha Mopholosi, kereke e hloka tataiso ea kamehla ea Molimo, tokelo, le matla. Kereke ke “kereke ea ´nete e phelang” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 1:30) hobane Kreste o e tsetela ka boetapele ba hae le matla ka boprista ,“Boprista bo Halalelang, ka Mokhoa oa Mor´a Molimo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 107:3).

Empa ha e ne e se ka boprista bona bo halalelang, kereke e ne e tla ba mokhatlo o sa amaneng le tsa bolumeli, e etsang botle lefats´eng empa e se na matla a ho fihlela morero oa ho lokisetsa bara lebarali ba Molimo bakeng sa nyakallo ea bophelo ba bosafeleng ponts´eng ea hae. Ka boprista bona, le linotlolo tsa ho tsamaisa mosebetsi oa boprista bona, ho na le ka bobeli tokelo le taolo ka kerekeng.

“Ka kerekeng, tokelo eohle ea boprista e etsahala tlas´a tsamaiso ea ba nang le linotlolo tsa boprista.

“Litho tsa ba batona ba lokelang li amohela tokelo ea boprista ka phetisetso ea boprista le peho ea matsoho ho liofisi tsa boprista. Litho tsohle tsa kereke li ka sebelisa tokelo eo ba e filoeng ha ba khethoa kapa ho abeloa ho thusa ho phetha mosebetsing oa Molimo.”

Ka linotlolo tsa boprista, lintho tse tlang pele ho Morena li tla ba hlola kamehla. Ha ho motho ea ka ts´ehetsang litabatabelo tsa botho tse sa lumellaneng le tsamaiso ea hae. Ha ho ea ka atlehang boruting ba bohata, ea ipatlelang molemo le bolateli.

Boprista bo boetse bo bapala karolo ea bohlokoa malapeng a litho tsa Kereke. Mookameli Dallin H. Oaks, Moeletsi oa Pele Boetapeleng ba Pele, o ngotse, “Motheo oo tokelo ea boprista e ka sebelisoang feela tlas´a tataiso ea ea ts´oereng linotlolo bakeng sa mosebetsi oo, ke ea bohlokoa ka kerekeng, empa sena se ke ke sa sebetsa ka lapeng.” Bo-ntate ba okamela le ho sebelisa boprista ka malapeng a bona—ho eletsa, ho ts´oara likopano tsa lelapa, ho fana ka boprista kapa tlhohonolofatso ea pholiso ho litho tsa lelapa kapa ba bang, joalo-joalo—kantle ho tataiso kapa tumello ea e mong ea ts´oereng linotlolo tsa boprista.

“Motheo o ts´oanang o sebetsa ha ntate a le sieo ´me ´m´e e le moetapele oa lelapa. O okamela lelapeng la hae ´me o sebetsa ho tlisa matla le litlhohonolofatso tsa boprista ka lelapeng la hae ka tlhohonolofatso le tiiso ea ka tempeleng.”

Tsosoloso ea Boprista Matsatsing a Rona

15 Motseanong 1829

Johanne Mokolobetsi o tsosolosa Boprista ba Aarone ho Joseph Smith le Oliver Cowdery

Tsosoloso ea tokelo ea boprista mokhahlelong ona oa ho qetela e tsoelapele ka tatellano, mohato ka mohato. Joaloka motheo oa lengolo le halalelang la mokhahlelo ona, Buka ea Mormone, e ne e ntse e fetoleloa ka 1829, Morena o ile a qala ho beha sebopeho sa boprista ba hae. E le karabo ho potso ea thapelo ea Joseph Smith le Oliver Cowdery mabapi le kolobetso, Johanne Mokolobetsi ea tsohileng bafung o ile a itlhahisa ´me a fana ho bona Boprista ba Aarone, boo boprista bo “ts´oereng linotlolo tsa boseletsi ba mangeloi, le ba evangeli ea pako, le ba kolobetso ka ho ineloa ka metsing bakeng sa tlhatsuo ea libe” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 131:1). Ka tokelo eo, Joseph le Oliver ba ile ba kolobetsana ´me hamorao le ba bang joaloka ha kereke e ile ea hlophisa ka molao.

Nakoana kamorao ho la 15 Motseanong 1829

tsosoloso ea Boprista ba Melchisedeke

Nako e se kae kamorao hore Johanne Mokolobetsi a itlhahise, Baapostola ba khale-khale Petrose, Jakobo le Johanne ba itlhahise ´me ba fana ka boprista bo boholo, kapa ba Melchisedeke, ho kenyeletsa “linotlolo tsa ´muso oa ka, le mokhahlelo oa evangeli bakeng sa … phethahalo ea linako” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 27:13; bona hape 128:20).

La 3 ´Mesa 1836

lifala Tempeleng ea Kirtland

Tokelo ea boprista e eketsehileng e hlokahalang e tlile e latela ka Tempeleng ea Kirtland, baporofeta ba bararo ba khale-khale, Moshe, Elias, le Elija, ba hlahile ho Joseph le Oliver ´me ba fana ho bona ka linotlolo tsa pokello ea Iseraele le tsa mosebetsi o amanang ke litempele tsa Morena (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110:11–16).

Hlabula 1829–´Mesa 1835

Joseph Smith Jr. o bitsa bahalaleli ba pele ho ts´ehetsa litho pitsong tse ncha.

Ts´enolo tseo joale li ileng tsa phatlalatsoa ka ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane li laetse Moporofeta Joseph Smith malebana le peho ea matsoho ea banna liofising tse phahameng tsa boprista ba (Melchezedeke) le ba tokisetso ea (Aaronic); le khetho ea liofisiri tsa boprista, joaloka babishopo; le tlhophiso ea makhotla le mekhatlo ea baprista.

1835–1973

bo-pula-maliboho ba ts´ela lithota

Tataiso ea boporofeta e tsoelapele ho tataisa tlhophiso le ts´ebetso ea boprista ka Kerekeng. Mohlala, makhotla a Mashome a supileng a ile a hlophisoa nakong ea Kirtland ho thusa Lekhotla la ba Leshome le Metso e ´Meli. Kamor´a phallo e kholo ho ea Bophirima le ho hasana ha litho tsa kereke ho phatlalla le libaka tse fapaneng tsa lefatse, makhotla ana a ile a khethetsoe ho sebetsa literekeng tse kholo tsa kereke.

1973–kajeno

sehlopha sa ´mino sebokeng se akaretsang

Ka tlas´a tsamaiso ea Baokameli Spencer W. Kimball (1895–1985), Ezra Taft Benson (1899–1994), le Gordon B. Hinckley (1910–2008), Ba Mashome a Supileng le makhotla a bona ba ile ba qala ho sebetsa ka kotloloho tlas´a Lekhotla la ba Leshome le Metso e ´Meli boemong ba kereke bo akaretsang le libakeng tsa kereke. Makhotla boemong ba setereke se seholo ka nako eo a ile a emisoa. Kajeno, makhotla a leshome le metso e ´meli ba Boetapele bo Akaretsang le Ba Mashome a Supileng ba Sebaka ba thusa Baapostola “ka ho aha kereke le ho tsamaisa litaba tsohle tse ts´oanang lichabeng tsohle” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane). Makhotla a eketsehileng a Mashome a Supileng a ka etsoa ha kereke e ata.

Moholo Christofferson o lumelisa litho tsa Kereke Gambia

Moholo Christofferson o lumelisa baena Sampson le Daniel Amako Gambia, Afrika e Bopirima ka Hlakola 2022.

Boprista: Matla a ho Hlohonolofatsa

Ka mantsoe a mang, sepheo sa tokelo ea boprista le matla ao Jesu Kreste a a tsosolositseng ke ho hlohonolofatsa. E etsa hore litho tsa kereke li sebelise matla a Molimo ho sebeletsa le ho hlohonolofatsa ba bang kerekeng, hae, le hohle lefats´eng. Litho li kopana le Mopholosi ho phethahatsa mosebetsi oa hae oa poloko le phahamiso, ho sebelisa lineo le matla a fetang a bona ho thusa ´muso oa Molimo ho hola ho tlala lefats´e (bona Lithuto tsa Tumelo leLilekane 65:2, 5–6).

Morena o hlalositse hore “boprista bo boholo ba [Melchisedeke] bo tsamaisa evangeli le ho ts´oara linotlolo tsa liphiri tsa ´muso, esita le senotlolo sa tsebo ea Molimo.

“Ka baka leo, ka ts´ebeletso ea teng, matla a bomolimo a bonahatsoa.

“´Me kantle ho lits´ebeletso tsa teng, le tokelo ea boprista, matla a bomolimo a ke ke a bonahatsoa ho batho nameng ” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:19–21).

Lits´ebeletso, ehlile, ke mesebetsi kapa selallo se tsamaisoang ke boprista boo ka bona re etsang lilekane le Molimo, ho qala ka kolobetso ´me bo tsoelapele ho isa ho lilekane tse fumanoang ka tlung ea Morena. Ke ka ho boloka lilekane tsena moo re fetohang ho tloha ho banna le basali ba “nama” ho ba bahalaleli (bona Mosaia 3:19) ka mohau oa topollo ea Kreste ´me re lokafatsoa le ho halaleletsoa —re hloka sekoli le letheba—ke pele ho Molimo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:29–31; 3 Nefi 27:16–20).

Qotsulo ena e tsoang ho “Tsosoloso ea Evangeli e Feletseng ea Jesu Kreste: Phatlalatso ea Lilemo tse Makholo a Mabeli ho Lefatse,” ka Boetapele ba Pele le Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, e hlahlosa kakaretso e nepahetseng:

“Re phatlalatsa hore Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, e ileng ea hlophisoa ka la 6 Mesa 1830, ke Kereke ea Kreste ea Testamente e Ncha e tsosolositsoeng. Kerere ena e tsepamisitsoe ho bophelo bo phethehileng ba lejoe la ntlha la sehlooho, Jesu Kreste, le Topollo ea hae e sa feleng le Tsoho ea hae Bafu ea sebele. Jesu Kreste o boetse o bitsitse baapostola le ho ba fa tokelo ea boprista. O re mema bohle ho tla ho eena le ho kereke ea hae, ho amohela Moea o Halalelang, lits´ebeletso tsa poloko, le ho fumana nyakallo e ts´oarellang.”

Lintlha

  1. Bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: Ho Sebeletsa ka Kerekeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, 1.2–1.2.4, Pokello ea Libuka tsa Evangeli.

  2. Bona Russell M. Nelson, “Nyakallang Mphong ea Linotlolo tsa Boprista,” Liahona, Mots´eanong 2024, 121.

  3. Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 3.4.

  4. Dallin H. Oaks, “Boprista ba Melchizedeke le Linotlolo,” Liahona, Mots´eanong 2020, 70–71).

  5. Dallin H. Oaks, “Boprista ba Melchizedeke le Linotlolo,” 71.

  6. Bona, mohlala, Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20, 41, 84, 107; bona hape Joseph F. Darowski and James Goldberg, “Restoring the Ancient Order,” ho Revelations in Context: Lipale tse Kamora Lithuto tsa Tumelo le Lilekane (2016), 208–12.

  7. Moholo Dale G. Renlund o kile a bapisa boprista le rokete e nkang mojaro o bohlokoa. Ho bua ka ho pharalla, “monyetla oa ho una molemo ho matla a tsoang ho topollo ea Mopholosi” ke “mojaro o bohlokoa oo “rokete” ea boprista e o fetisang (bona “Boprista le Matla a Topollo ea Mopholosi,” Liahona, Pulungoana 2017, 64–65).

  8. Tsosoloso ea Evangeli e Feletseng ea Jesu Kreste:Phatlalatso ea Lilemo tse Makholo a Mabeli ho Lefats´e,” Pokello ea Libuka tsa Evangeli.