2025
´Nete ka Bophelo ba Rona
Phato 2025


“´Nete ka Bophelo ba Rona,” Liahona, Phato 2025.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Phato 2025

´Nete ea Bophelo ba Rona

Ntate ea Maholimong o senotse linnete ka bophelo ba rona bo fetileng, ba joale, le ba ka moso, ho kenyeletsa le hore na re fumana joang mpho e kholo-kholo ea limpho tsohle.

N.K. Whitney & Co. store

Mokatong o kaholimo, ka phaposing e patisaneng kaholim´a lebenkele la Newel K. Whitney le Kirtland Ohio, ka 22 Pherekhong 1833, baholo ba kereke ba ile ba bokana le Moporofeta Joseph Smith. Ka Ts´itoe ea selemo se fetileng, Joseph o ne a ile a fumana ts´enolo e mo laelang ho theha sekolo seo haholo-holo se lokisetsang baena bakeng sa borumuoa lichabeng.

“Ke le neha taelo,” Morena o ile a phatlalatsa, “hore le tla rutana thuto ea tumelo ea ´muso.

“Rutang ka mafolofolo ´me mohau oa ka o tla ba le lona, hore le ke le laeloe ka ho phethahala ho hoholo khopolong, motheong, thutong, le molaong oa evangeli, linthong tsohle tse amanang le ´muso oa Molimo, tse bohlokoa bakeng sa lona ho utloisisa; …

“Hore le ke le itokise linthong tsohle ha ke tla le romella hape ho hlompha pitso eo ke le bitselitseng eona, le thomo eo ke le romileng ho eona” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:77–78, 80).

“Sekolo sena sa Baporofeta,” joaloka ha se ne se bitsoa, se ne se fana ka ts´ollelo ea moea e babatsehang. Baetapele ba bangata ba pele ba kereke ba ne ba rutoa moo. Kajeno lefats´e ke sebaka se fapaneng ka hohle-hohle, empa tataiso eo Morena a faneng ka eona hoo, e ntse e kene ts´ebetsong ka mokhoa o makatsang. Le rona, re tlameha ho batla tsebo le ´nete “ea lintho joaloka ha li le joalo, le joaloka ha li ne li le joalo,le joaloka ha li tla tla” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:24).

mosali o nahana ka buka eo a ntseng a e bala

Patlo ea rona ka ´Nete

Nakong ena eo re phelang ho eona, tsebo e ngata ea fumaneha bakeng sa rona ho feta pele. Nakong e fetileng, haeba u ne u batla ho tseba ntho, u ne u lokela ho ea pokellong ea libuka ´me u e batle. Kajeno marang-rang le lisebelisoa tsa letsoho li fana ka phihlello ea tlhahiso-leseling e sa feleng eo re ka e fumanang hang-hang.

Morena o thabisoa ke ha re sebelisa lisebisoa tse teng bakeng sa rona, empa o fane ka keletso ea nako eohle: “Batlang ka tieo ´me le rutane mantsoe a bohlale. ee, batlang libukeng tse molemo mantsoe a bohlale; batlang thuto, esita le ka boithuto le ka tumelo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:118). O re khothaletsa ho ithuta ka lefats´e le re potapotileng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:79; 93:53), empa patlong ea rona ea ´nete, re tlameha ho sheba ho Molimo ea “utloisisang lintho tsohle, ´me lintho tsohle li ka pele ho eena, …´me o kaholimo ho lintho tsohle, … ´me lintho tsohle li ka eena, le ka eena” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:41).

Har´a linnete tseo Molimo a re fileng tsona, e ´ngoe ea motheo o moholo bakeng sa bophelo ba rona lefats´eng ke hore ke Ntate oa rona ea Maholimong. Re bara le barali ba hae ba moea. Oa re tseba ´me o re rata ka ho phethahetseng. Joaloka bana ba Molimo ba moea, re na le sebopeho sa bomolimo le qetello. Ho utloisisa le ho ananela linnete tsena tsa bosafeleng ho re fa boitsebiso, boleng, le sepheo se re hlohonolofalitseng le ho re tataisa bophelong ba rona pele re tla lefats´eng ´me re tla tsoelapele ho etsa joalo hajoale le kamehla.

batho ba feta lesireng

Re ne re e-na le Ntate Ts´imolohong

Joaloka ha re batla ´nete ea lintho “joaloka ha li ne li le ka teng,” re sibolla mantsoe ana a tsoang ho Mopholosi, Jesu Kreste: “´Me joale, kannete ke re ho lona, ke ne ke le teng ts’imolohong le Ntate, ´me ke Letsibolo,” le “lona le ne le le teng ts´imolohong le Ntate;” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:21, 23).

Pele ho bophelo ba rona lefats´eng, re ile ra kena lekhotleng leholimong moo Ntate ea Maholimong a ileng a teka morero o moholo oa thabo. Moporofeta Joseph Smith o rutile hore ts´usumetso ea Molimo bakeng sa morero oa hae ke ho re fa “monyetla oa ho tsoelapele joaloka eena [le] … ho phahamisoa le eena” Mosebetsi oa hae le khanya ke “ho tlisa ho se shoe le bophelo ba bosafeleng ba batho” (Moshe 1:39).

Re ile ra sebelisa boikhethelo ´me ra khetha ho latela morero oa Ntate ea Maholimong. Re hlohonolofalitsoe ka ho hlahela lefats´eng lena, moo re tsoelapeleng ho ba le boikhethelo ´me re ka fihlella bophelo ba ho shoa, ho ithuta, le ho tsoelapele ho isa bophelong ba bosafeleng.

Nakong ea rona ea leeto la bophelo ba ho shoa, re tla ba le liqholotso le lits´itiso. Empa ha re hloke ho shebana le mathata a bophelo re le bang. Joseph Smith o rutile hore Ntate ea Maholimong, “Motsoali e Moholo oa lefats´e[,] o lisitse lelapa lohle la batho ka tlhokomelo ea bontate le botsoali.”

Ntat´a rona ea Maholimong, “Ntate oa mehauhelo, Molimo oa mats´eliso ´ohle”, o tla re hlohonolofatsa, a re phahamise, ´me a re ts´elise “mathateng ´ohle, hore re ke re khone ho ts´elisa bona ba mathateng, ka mats´eliso ao rona ka bo rona re ts´elisoang ke Molimo” (2 Bakorinthe 1:3–4). E le karolo ea bohlokoa ea morero oa hae, Ntate ea Maholimong o fane ka tsela bakeng sa rona ho khutlela ho eena.

Serapa sa Gethsemane, Israele

Tsela e ea Eang ho Ntate oa Rona

´Nete “ea lintho joaloka ha li le joalo” (Jakobo 4:13) e hlakile: re sitoa ho fihlela bokhoni ba rona bo feletseng re le bana ba Ntate ea Maholimong re le bang. Jesu Kreste, Mora oa Letsibolo oa Ntate moeeng, o entse selekane ho ba Mopholosi le Molopolli.

Jesu Kreste, ea Tsoetsoeng A ´Nots´i oa Ntate, ea tletseng ka mohau le ´nete, esita le Moea oa ´nete, … o ile a tla a lula ka nama, ´me a lula har´a rona” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:11). O tlile ho re bonts´a tsela ea ho fumana thabo, moelelo, le nyakallo bophelong bona le ho bo sa feleng.

“Hobane Molimo o ratile lefats´e hakalo, o bile oa le neha Mora oa hae a ´nots´i, hore mang le mang ea lumelang ho eena a se ke a timela empa a be le bophelo bo sa feleng.

“Hobane Molimo ha a romela Mora oa hae lefats´eng ho rohaka lefats´e; empa hore ka eena lefats´e le ke le pholohe” (Johanne 3:16–17).

Phihlello ea Mopholosi ea lefats´eng e bohlokoa. “Ha a ka a amohela ka botlalo ts´imolohong, empa o fumane mohau ka mohau (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:12). O ile a hola ho fihlela “a fumana khanya e feletseng ea Ntate” le “matla ´ohle, ka bobeli a leholimong le a lefats´eng ´me khanya ea Ntate e ne e-na le eena, hobane o ile a lula le eena” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:16–17). Mopholosi o rutile:

Ke le fa lipolelo tsena hore le ke le utloisise le ho tseba ho khumamela, le ho tseba seo le se khumamelang, hore le ke le fumane bophetheho ba hae.

Hobane ha le boloka litaelo tsa ka le tla fumana bophetheho ba hae, ´me le halaletsoe ho ´na joaloka ha ke le ho Ntate; ka baka leo, ke re ho lona, le tla fumana mohau bakeng sa mohau (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:19–20).

Serapeng sa Gethsemane le sefapanong, Jesu Kreste o ile a inkela libe tsa lefats´e ´me a mamella mahlomola, “mahloko le masoabi le liteko tsa mefuta eohle” (Alma 7:11). Sena se “[mo] baketse, … ea moholo-holo ho tsohle, ho thothomela ka lebaka la bohloko, le ho tsoa mali masojoaneng ´ohle a ´mele oa hae” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18). Ke ka Jesu Kreste feela le Topollo ea Hae le ho Tsoha Bafung poloko le phahamiso li ka etsahalang.

Ka mohau oa Mopholosi le sehlabelo sa hae sa topollo, re ka hola ho fihlela re amohela bophetheho ´me ka letsatsi le leng re ka phethahatsoa. Haeba re latela mohlala oa Mopholosi ´me re mamela litaelo tsa hae, o tla re etella pele le ho re tataisa tseleng ea rona ho ea ponts´eng e halalelang ea Ntate ea Maholimong.

sets´oants´o sa Kreste a tsamaea tseleng e eang Jerusalema

Kreste tseleng e eang Jerusalema, ka Michael Coleman, e ke ke ea kopitsoa

Na U Tla Amohela Mpho ea Hae?

Har´a linnete “tsa lintho joaloka ha ehlile li le joalo” (Jacob 4:13), re ithuta hore boiphihlelo ba rona bo sa feleng bo tla laoloa ke khetho ea ho latela Jesu Kreste le ho amohela limpho tseo a li fanang. Mangolo a halalelang a ruta hore re tla natefeloa ke seo [re] ikemiselitseng ho se fumana. Ka masoabi, ba bang ha ba na ho ikemisetsa ho natefeloa ke seo ba tla beng ba se fumane (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:32).

Mookameli oa ka oa borumuoa lichabeng, Moholo Marion D. Hanks (1921-2011), ea neng a sebeletsa e le Oa Lekhotla la Ba Supileng, o ile a ruta barumuoa lichabeng ba hae hore ho kopa seo re ikemiselitseng ho se fumana le ho natefeloa ke sona, ke tsela eo re ka ahlolang hore na re hokae leetong la rona la moea. “Hobane ho molemong oa eng hore motho haeba mpho eo a e fuoang ´me a sa amohele mpho?” Ha re amohela limpho tsa Mopholosi ka ho batla ka tieo le ho mo latela, re tla nyakalla ts´epong ea bophelo ba bosafeleng le “ho eena eo e leng mofani oa mpho [eo]” Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:33). Mpho ena e fanoang ka lerato “ke mpho ea Molimo e kholo-kholo ho feta tsohle tsa limpho tsa Molimo” (Lithuto tsa Tumelo le Likelane 14:7).

Molimo ke Ntat´a rona ea Maholimong. Oa re tseba ´me oa re rata. Ha re khutlela ho eena ha re ntse re batlana le ´nete, re ka khomarela ho bohlalefi, ho amohela bohlale. ho ananela ´nete, ho rata bokhabane, le ho khomarela ho leseli le tsoang ho eena (bona Lithuto tumelo le Lilekane 88:40). Joale re tsoelapele bophelong ba rona bohle ho fihlela letsatsi le tlang ho tla ha [re] tla utloisisa esita le Molimo, ho hlasimolloa ho eena ´me ke eena (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:49).

Leo e tla ba letsatsi le halalelang haholo le letsatsi la nyakallo.

Lintlha

  1. Teachings of Presidents of the Church: Joseph Smith (2011), 210, Gospel Library.

  2. Teachings: Joseph Smith, 39.