“Fumana Nyakallo Leetong la Hau la Evangeli,” Liahona, Phupu 2025.
Molaetsa oa Khoeli Liahona Phupu 2025.
Fumana Nyakallo Leetong la Hau la Evangeli
Sephetho sa ho qetela sa ho bonts´a lerato la rona ho Morena ka ho boloka litaelo tsa Hae ke tlhohonolofatso e tlisang thabo le nyakallo.
Sets´oants´o sa litho tsa kereke Thailand ka Christina Smith
Ha ke ntse ke sebeletsa ke le moetapele oa borumuoa lichabeng Japan lilemong tsa ho feta, ke ile ka ea sebokeng sa mafelo a beke motseng oa lehae ho e ´ngoe ea libaka tse hole tsa borumuoa moo. Moetapele oa setereke o ne a ile a hlophisa hore ke tle ke tsamaise puisano le monna ea ileng a kena kereke selemo pelenyane ´me a batla ho fumana tokomane ea tumello ea tempele. O ne a ts´epile ho fumana tlhohonolofatso ha a qeta selemo kapa haufi le ketekelo ea ho qeta selemo a kolobelitsoe.
Nakong ea puisano ea rona, setho sena se secha se ile sa hlalosa ka moo se lebohang ka botebo ka teng ka litlhohonolofatso tse ngata tseo se li fumaneng ka selemo ho tloha a kolobelitsoe. Se ne se natefeloa le ho ba teng kopanong ea selallo le likopanong tse ling tsa beke le beke. Se ile sa ikakhela ka setotsoana liketsahalong tsa lekala la habo sona. Ho ´na, se ile sa lokolla boits´epo ba selekane bo tsoang ho kutloisiso ea sepheo sa sona sa evangeli. e leng sona se neng se le bohlokoahali ho sona. E ne e le morutuoa oa Jesu ea sokolohileng ea ileng a ba le phetoho e matla ea pelo (Bona Mosaia 5:2).
Puisano ea rona eohle e ile ea latela molumo oa ts´epo. Re ile ra buisana ka lits´ebeletso le lilekane tseo e neng e tla ba karolo ea boiphihlello ba hae ba tempele. O ile a araba ka tieo e ´ngoe le e ´ngoe ea lipotso tse tloaelehileng tse amanang le ho amohela tokomane ea tumello ea tempele.
Kamor´a puisano, ke hopola ke bolella mookameli oa setereke kamoo ke lebohang ka teng ke ho kopana le monna enoa ea tsotehang. Ke ile ka mo bolella ka moo ke leng motlotlo ka teng hore barumuoa lichabeng le litho li fumane, ´me ba hlokomela moeeng, motho oa mofuta oa hae le ts´episo.
Ke ile ka makala ha mookameli oa setereke a bolela hore ha monna enoa a ne a qala ho fumana lithuto ho tsoa ho barumuoa lichabeng le ho kena kereke nakong ea selemo pelenyana, o ne a se na lehae ´me a le mathateng a maholo-holo le maemong a —haufi le ho—hloka ts´epo. Mookameli oa setereke o ile a hlalosa ka moo boithuto ba ntate enoa ba evangeli le ho sokoloha ha hae ka nako ea likhoeli tse ´maloa bo lebisitseng ho phetoho ena e makatsang, e mo behang tseleng ea boikemelo moeeng le nameng ´me ho mo fa sepheo le nyakallo.
Evangeli e mo file sets´oants´o se hlakileng sa sepheo sa bophelo ba hae. Linnete tse hlakileng tsa bohlokoa tsa evangeli li tlisitse likarabo lipotsong tsa bohlokoa tsa bophelo ba ho shoa, ho qala ka tsebo ea hore “Molimo ke Ntate ea Maholimong, ´me re bana ba hae. … Molimo o re tseba ka bonngoe ´me oa re rata.” Morerong oa hae, “Ntate ea Maholimong … o fane ka lineo tse ngata le tataiso ea ho re thusa ho khutlela ponts´eng.”
Tseo e ne e le tsona litlhohonolofatso tsa monna enoa, tse teng ka ho lekana ho bana bohle ba Molimo ka evangeli ea Jesu Kreste.
Sepheo sa Bophelo
Hobane Jesu Kreste o tsosolositse evangeli ea hae ka Moporofeta Jesu Kreste, “re na le kutloisiso ea sepheo sa bophelo, ea seo re leng sona,” ho boletse Mookameli Russell M. Ballard (1928–2023). Bopaking ba hae ba ho qetela ho kereke, Mookameli Ballard, Mookameli oa Nakoana eo oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, o ne a re:
“Rea tseba na Molimo ke mang; rea tseba na Mopholosi ke mang hobane re na le Joseph, ea ileng a ea morung oa lifate e le moshanyana, ea batlang ts´oarelo ea libe. …
“Kea makala, ´me kea kholoa ba bangata ba lona lea makala le lona, ke kamoo re hlohonolofetseng ka teng ho tseba ka sepheo sa rona bophelong, hobaneng re le mona, seo re lokelang ho leka ho se etsa le ho se fihlela bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.”
Ho litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, tsebo eo e kenyeletsa kutloisiso ea “moralo o phethahetseng” oa pholoho. Hape o tsebahala e le “morero o moholo oa thabo,” “moralo oa topollo,” “moralo oa mohau” (Alma 42:8,11, 15) o “nts´a sephiri bophelong le ho hloka botsitso ho bokamoso ba rona.” Ho bohlokoa moralong oo ke “thuto ea Kreste,” eo e leng khubung ea sepheo sa bophelo.
Hobane re na le evangeli, rea tseba hore re bana ba Molimo, ba rometsoeng lefats´eng ho tla lekoa, ho hloekisoa, le ho lokisetsoa “ho tlisoa ka tsoho ea ba shoeleng, ka tlholo le khanya ea Konyana” (Lithuto le tsa Tumelo le Lilekane 76:39). Re tseba litaelo ´me re laeloa “ka ho lekana hore [re] tsebe botle le bobe” (2 Nefi 2:5). Rea tseba hore re teng lefats´eng ho rata le ho sebeletsa. ´Me rea tseba hore Mopholosi o re bitselitse ho hlola lefats´e le ho thusa ba bang ho etsa se ts´oanang (bona Johanne 16:33; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:2) e le ho lokisetsa Ho Tla ha Hae Lekhetlo la Bobeli.
Ha re tsepamisa maikutlo ho eena, seo Joseph Smith a se bitsang “molumo o khothatsang oa Evangeli ea Morena oa rona Jesu Kreste” se tla re matlafatsa nakong ea matsatsi a thata le ho tlisa moelelo le sepheo sa bophelo ba rona le ho bophelo ba ba bang.
Every Knee Shall Bow, ka Dan Wilson, ha ea lokela ho qopitsoa
Ho Mamela, Litlhohonolofatso, Nyakallo
Molimo o re file boikhethelo hore re ke re be le boikarabello bakeng sa likhetho tsa rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 101:78; 2 Nefi 2:16). E le karolo ea “khanyetso linthong tsohle” (2 Nefi 2:11), Satane o lumeletsoe ho re leka hore re se sebelise boikhethelo ba rona hantle.
Empa Morena Jesu Kreste, “ka ho tseba tlokotsi e lokelang ho tla bo baahi ba lefats´e” nakong ea rona, o ile a bitsa Moporofeta Joseph Smith, “a bua le eena a le leholimong, ´me a mo fa litaelo”(Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 1:17). Mohlala oo ka oona Morena a senolang litaelo tsa hae le thato ea hae ho baporofeta ba hae o tsoelapele nakong ea rona ka Mookameli Russell M. Nelson—ka lebaka le ts´oanang. Molimo o lakatsa ho re tataisetsa thabong bophelong bona le khanyeng ea celestiale bophelong bo tlang.
Ho mamela litaelo tsa Molimo ho lokela ho tsoa ho boikitlaetso ho eena le lerato la rona ho eena. Morena Jesu Kreste ka bo eena o phatlalalitse hore “ho rata Molimo ke taelo ea pele e kholo” (bona Mattheu 22:37-38). O ile a fana ka leseli le eketsehileng ha a ne a phatlalatsa, “Haeba le nthata, bolokang litaelo tsa ka” (Johanne 14:15).
Ho na le moputso bakeng sa ho rata Morena le ho boloka litaelo tsa hae. Mokhahlelong ona o hlalositse “molao, o fanoeng leholimong o sa fetoheng oa ho qetela … , oo ho oona litlhohonolofatso tsohle li thehiloeng ho oona—
“Me ha re fumana tlhohonolofatso efe kapa efe ho tsoa ho Molimo, ke ka ho mamela molao oo ho oona e thehiloeng holima oona” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 130:20–21).
Ke joana, sephetho sa ho qetela sa ho bonts´a lerato la rona ho Morena ka ho boloka litaelo tsa Hae e leng tlhohonolofatso e tlisang thabo le nyakallo.
Ho sheba bophelo ka leihlo la evangeli e tsosolositsoeng le ts´enolo ea morao-rao li re fa tlhakisetso. Ka chebo e hlakileng ea ts´imoloho ea bomolimo le pheletso ea rona, rea tseba hore “lintho tsona tseo tse tla etsa bophelo ba [rona] ba ho shoa e be bo molemo ka ho fetisisa e ka ba tsona tse tlang ho etsa hore bophelo ba rona ho isa bosafeleng bo be molemo ka ho fetisisa ka moo e ka bang bona!”
Qetello
Ke qetella moo le qalileng, ke hopola phihlello ea ka lilemong tse fetileng le mosokolohi oa haufi Japan. Ka mafolofolo a hae le mafolofolo a barumuoa lichabeng le litho, o ile a fumana evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste. Ka ho fumana evangeli, o ile a boela a fumana sepheo sa hae, e leng se atolositseng pono ea hae. A boela a fumana morero o moholo oa thabo. Ho mamela morero oa lilekane tsa evangeli ho ile ha mo tlisetsa litlhohonolofatso le nyakallo, tse mo phahamisitseng nameng le moeeng.
Leeto la hae le lebisitseng ho botho Kerekeng ea Jesu Kreste le ile la mo lumella ho ba paki ea Jesu Kreste. Moholo Patrick Kearon oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, o hlalositse nyakallo e latelang:
“Ka lebaka la morero o lerato oa Ntat´a rona ea Maholimong bakeng sa ngoana e mong le e mong oa hae, le ka lebaka la bophelo bo lopollang le thomo ea Mopholosi oa rona, Jesu Kreste, re ka khona—´me rea lokela—ho ba batho ba nyakaletseng ka ho fetisisa lefats´eng! Esita le joaloka ha lifefo tsa bophelo lefats´eng lena le mathateng khafetsa le otla holim´a rona, re ka lema thabo le khotso tse sa feleng ka lebaka la ts´epo ea rona ho Kreste le kutloisiso ea sebaka sa rona moralong o motle oa thabo.”
Ke fana ka liteboho tsa ka bakeng sa bopaki ba ka ba evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste, ho kenyeletsa le morero o moholo oa thabo o kentsoeng ka botebo haholo ho eona. Ke le memela ho ja litholoana tsa evangeli le ho utloa nyakallo e fetisang bophelong bona le leetong le eang bophelong ba bosafeleng.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, July 2025.. South Sotho. 19601 739