Molaetsa oa Khoeli Liahona Mots´eanong 2025
“Atamelang ho ´Na”
Jesu Kreste o rata e mong le e mong oa rona. O fa e mong le e mong monyetla oa ho atamela haufi le eena.
Bana beso ba ratehang, ke nyakallo ho ´na ho ba le lona sebokeng sena se akaretsang sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Ena ke kereke ea Hae. Re bokane meahong le malapeng hohle lefats´eng ka lebitso la hae.
Re inkela lebitso la hae ha re kena ´musong oa hae ka selekane. Ke Mora oa Molimo ea tsohileng bafung ea halalelitsoeng. Re batho ba lefats´e ba tlasa sebe le lefu. Empa, ka lebaka la lerato la hae bakeng sa e mong le e mong oa rona, Mopholosi o re mema ho tla haufi le eena.
Hona ke memo ea hae ho rona: “Atamelang ho ´na le ´na ke tla atamela ho lona; mpatleng ka mafolofolo ´me le tla mphumana; kopang le tla fuoa, kokotang le tla buleloa.”
Hona le linako tseo re ikutloang re le haufi le Mopholosi Jesu Kreste. ´Me leha feela, ka nako e ´ngoe nakong ea mathata a bophelo, re ikutloa re le hojana le eena ´me re lakatsa ho netefaletso ea hore o tseba se ka lipelong tsa rona ´me o re rata ka bonngoe.
Memo ea Mopholosi e kenyeletsa tsela ea ho utloa netefaletso eo. Atamela haufi le eena ka ho mo hopola kamehla. Mo batle ka mafolofolo ka ho bala mangolo a halalelang. Kopa ka thapelo e tsoang pelong ho Ntate ea Maholimong ho ikutloa u le haufi le Mora oa hae ea Ratoang.
Ho na le tsela e bobebe ea ho nahana ka eona. Ke seo u ka se etsang haeba u ne u arohane ha nakoana le metsoalle e ratehang. U ne u ka fumana tsela ea ho buisana le bona, u ne u ka baballa molaetsa ofe kapa ofe oo u o fumanang ho tsoa ho bona, ´me u ne u ka etsa sohle seo u ka se etsang ho ba thusa.
Ha seo se ne etsahetse haholo, se ts´oarelletse ka nako e telele, botebo ba tlamahano ea lerato bo ne bo tla matlafatsoa, ´me u ne u tla ikutloa u atamela haufi ho feta. Haeba nako e ngata e ne e feta ntle le ho baballa puisano le monyetla oa ho thusana, tlamahano e ne e tla fokola.
Jesu Kreste o rata e mong le e mong oa rona. O fana ka monyetla oa ho atamela haufi le eena. Joaloka motsoalle ea lerato, u tla e etsa ka tsela e ts´oanang, ka ho buisana ka thapelo ho Ntate ea Maholimong ka lebitso la Jesu Kreste, u mametse tataiso e baballehang ho tsoa ho Moea o Halalelang, ´me ebe u sebeletsa ba bang bakeng sa Mopholosi ka thabo. Haufi u tla utloa tlhohonolofatso ea ho atamela haufi le eena.
Bocheng ba ka, ke ile ka utloa nyakallo ea ho atamela haufi le Mopholosi—le ho atamela haufi ha hae ho ´na—ka liketso tse bonolo tsa ho mamela litaelo. Ha ke ne ke le monyenyane, selallo se ne se fanoa kopanong ea mantsiboea. Ke ntse ke hopola bosiu bo bong bo ikhethang, lilemong tse 75 tse fetileng, ha ho ne ho le lefifi ´me ho bata kantle. Ke hopola ke utloa khanya le mofuthu ha ke hlokomela hore ke ne ke bolokile taelo ea ho bokana le Bahalaleli ho ja selallo, ke etsa selekane le Ntate ea Maholimong ho hopola Mora oa hae kamehla le ho boloka litaelo tsa hae.
Qetellong ea kopano bosiung boo, re ile ra bina sefela “Abide with Me; ’Tis Eventide,” ka mantsoe a hopolehang “O Savior, stay this night with me.”
Mantsoe ana a ile a tlisa kutloisiso e makatsang ea Moea ho ´na, esita ke le moshanyana e monyenyane. Ke ile ka utloa lerato la Mopholosi le katamelo phirimaneng eo ka mats´eliso a Moea o Halalelang.
Hamorao lilemong ke ile ka batla ho tsosa maikutlo a ts´oanang a lerato la Mopholosi le katamelo eo ke ileng ka e utloa ho Morena nakong ea kopano eo ea selallo bocheng ba ka. Joale ke ile ka boloka taelo eo e bonolo: Ke ile ka batla mangolo a halalelang.
Ka bukeng ea Luka, ke ile ka bala ka letsatsi la boraro kamorao ho ho Thakhisoa le ho patoa, ha bahlanka ba ts´epahalang ba ne ba tlile, ka lerato bakeng sa Mopholosi, ho tlotsa ´mele oa hae. Ha ba fihla, ba ile ba fumana lejoe le pitikiselitsoe thoko le lebitla ´me ba bona hore ´mele oa hae o ne o le sieo.
Mangeloi a mabeli a ne a eme haufi ´me a botsa na ke hobaneng ba ts´ohile:
“Le mo batlelang ea phelang har´a ba shoeleng?
“Ha a eo mona, empa o tsohile: hopolang ka moo a buileng ho lona ha a sa ntse a le Galilea,
“A re, Mor´a motho o ts´oanetse ho neeloa matsohong a baetsalibe, a thakhisoe, ´me a tsohe ka letsatsi la boraro.”
Phirimaneng eo, barutuoa ba babeli ba ile ba tsamaea ho tloha Jerusalema tselang e eang Emmause, ´me Morena ea tsohileng bafung o ile a hlaha ho bona ´me a tsamaea le bona.
Buka ea Luka e re lumella ho tsamaea le bona phirimaneng eo:
“Me ho ile ha etsahala, hore, ha ba ntse ba buisana hammoho le ho shebisana mabaka, Jesu ka sebele o ile a atamela, ´me a tsamaea le bona.
“Empa mahlo a bona a ne a siretsoe hore ba se ke ba mo tseba.
“ A re ho bona, Le ntse le buisana ka litaba life le ntse le tsamaea, le bileng le soabile hakale?
“´Me e mong oa bona, eo lebitso la hae e neng e le Kleopa, a mo araba a re ho eena, Na ha se uena u le mong Jerusalema, ea sa tsebeng lintho tse etsahetseng moo matsatsing aa?”
Ba ile ba mo bolella ka masoabi a bona hore Jesu o ile a shoa ha ba ne ba ts´epile hore e tla ba Molopolli oa Iseraele.
Ho tlameha ho ne ho na le lerato lentsoeng la Morena ea tsohileng ha a ne bua le barutuoa bana ba babeli ba hlorileng ´me ba siameng.
Ha ke ntse ke tsoelapele ho bala, ho ile ha tla mantsoe ana a ileng a futhumatsa pelo ea ka, joalo feela ka ha ke ile ka ikutloa ha ke sa le moshanyana e monyenyane:
“´Me ba ile ba atamela haufi le motse, oo ba neng ba ea ho oona: ´me o ile a etsa joaloka ha eka o fetela pele.
“Empa ba ile ba mo qophella ba re, Hlola le rona: hobane e se e le phirimana, le letsatsi le se le rapame. ´Me o ile a kena a hlola le bona.
Mopholosi o amohetse memo ea ho kena tlung ea barutuoa ba hae bosiung boo. O ile a lula a ja le bona. Jesu a nka bohobe, a bo hlohonolofatsa, a bo khaola ´me a ba fa bona. Mahlo a bona a ile a tutuboloha ´me ba mo tseba. Joale o ile a nyamela ponts´eng ea bona.
Luka o re ngoletse maikutlo a barutruoa bao ba neng ba hlohonolofetse: “´Me ba ile ba bua e mong ho e mong, Na lipelo tsa lona ha lia chesa ka hare ho rona ha a ne a bua le rona tseleng, leha a ne a re bulela mangolo a halalelang?”
Barutuoa ba babeli ba ile ba khutlela Jerusalema ka potlako ho bolella Baaposotola ba leshome le motso o mong ka se etsahetseng. Ha ba ntse ba bua ka se etsahetseng, Mopholosi o ile a hlaha hape.
O ile a ema ka har´a bona me “a re bo bona, Khotso e be le lona.” O ile a hlahloba boporofeta ka thomo ea hae ea ho shoela libe tsa bana bohle ba Ntate le ho roba litlamo tsa lefu.
“´Me a re ho bona, Ke joana ho ngoliloeng, ´me ke joana ho neng ho ts´oanetse hore Kreste a utloisoe bohloko, le ho tsoha bafung ka letsatsi la boraro:
“´Me pako eo le tlhatsuo ea libe li lokela ho rutoa ka lebitso la hae har´a lichaba tsohle, ho qala Jerusalema.
“´Me le lipaki tsa lintho tsena.”
Joaloka barutuoa ba hae ba ratoang, ngoana e mong le e mong oa Ntate ea Maholimong ea khethileng ho kena ka khoro ea kolobetso o tlas´a selekane ho ba paki ea Mopholosi le ho tsotella ba hlokang bophelong ba rona bohle. Boitlamo bona bo ile ba etsoa bonolo bakeng sa rona ka moporofeta oa Buka ea Mormone Alma seketeng sa lilemo se fetileng Metsing a Mormone:
“Joaloka ha le lakatsa ho tla mohlapeng oa Molimo, le ho bitsoa sechaba sa hae, ´me le ikemiselitse ho jarelana meroalo, hore e ke e be bobebe;
“Ee le ho lla le ba llang; ee, ho ts´elisa ba hlokang ho ts´elisoa, le ho ema le le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle linthong tsohle le libakeng tsohle…,esita le ho isa lefung, hore le ke le lopolloe ke Molimo,… hore le ke le be le bophelo ba bosafeleng.”
Ha le ts´epahalla lits´episo tsena, le tla fumana hore Morena o boloka lits´episo tsa hae ho ba le lona ts´ebetsong ea lona a etse meroalo ea lona e be bobebe. Le tla tseba Mopholosi, ´me ka nako le tla ba joaloka eena ´me “le phethahatsoe ho eena.” Ka ho thusa ba bang bakeng sa Mopholosi, le tla fumana hore le atamela haufi le eena.
Ba bangata ba lona le na le bao le ba ratang ba lelerang thoko ho tsela ea bophelo bo sa feleng. Lea ipotsa na ke eng eo le ka e etsang ho ba khutlisa. Le ka its´etleha ka Morena ho atamela haufi le bona ha le ntse le mo sebeletsa ka tumelo.
Le ka hopola ts´episo ea Morena ho Joseph Smith le Sidney Ridgon ha ba ne ba le hole le malapa a bona ka thomo ea hae: “Metsoalle ea ka Sidney le Joseph, malapa a lona a phetse hantle; ba matsohong a ka, ´me ke tla etsa se lokileng ho bona; hobane ho ´na ho na le matla ´ohle.”
Ha u tlamella maqeba a ba hlokang, matla a Morena a tla le pepa. Matsoho a hae a tla otlolohela ho a lona ho thusa le ho hlohonolofatsa bana ba Ntate ea Maholimong.
Mohlanka e mong le e mong oa selekane oa Jesu Kreste o tla fumana tataiso ea hae ho tsoa ho Moea ha a hlohonolofatsa le ho sebeletsa ba bang bakeng sa hae. Joale ba tla utloa lerato la Mopholosi le ho fumana nyakallo ka ho atamela haufi le eena.
Ke paki ea Ho tsoha bafung ha Morena ruri joaloka ha eka ke bile teng le barutuoa ba babeli ka tlung tseleng ea Emmause. Kea tseba hore oa phela.
Ena ke Kereke ea hae ea ´nete—Kereke ea Jesu Kreste. Ka Letsatsi la Kahlolo, re tla, ema ka pele ho Mopholosi, mahlong. E tla ba nako ea nyakallo e kholo ho bao, bophelong bona, ba ileng ba atamela haufi le eena bosebeletsing ba hae ´me ba lebella ka tjantjello ho utloa mantsoe a hae: “Ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane ´me ea ts´epahalang.”
Ke paka ke le paki ea Mopholosi le Molopolli oa rona, ka lebitso la Jesu Kreste, amen.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, May 2025. South Sotho. 19602