2025
“Ke Tla Ba Folisa”
Hlakola 2025


“Ke Tla Ba Folisa” Liahona, Hlakola. 2025.

Molaetsa oa khoeli Liahona Hlakola 2025

Ke Tla Ba Folisa

Bosebeletsi ba pholiso ba Mopholosi ke selelekela se halalelang le ts´episo ea moshoelella ea ´meleng le maikutlong tse tlang ho etsahala ho e mong le e mong oa rona ka Tsoho ea Bafu.

Ts´oants´iso ea Bibile ea Jesu a ts´elisa mosali

Ke ntse ke hopola kamoo ho hlakileng a mang a maeto a matelele a sefofane ao ke neng ke ba le ´ona nakong eaka ha ke ne ke sebetsa ke le mokapotene oa sefofane.

Ho a mang a ona, ke ne ke tla tloha Germany ka 11:00 a.m e be ke eo fihla California ka 1:00 p.m ka letsatsi le ts´oanang. Ho bapisa linako tsa lehae tsa ho tloha le tsa ho fihla, ho ka bonahala eka sefofane se ts´elang Leoatle la Atlantic le k´honthinenteng ea Amerika Leboea se nka lihora tse peli feela. Boeing 747 e ne e potlakile, empa eseng ka lebelo le lekaalo! Ka ´nete, ho re nkile lihora tse 11, ho its´etlehile ka moea, ho fofa 5,600 (9,000 km).

Hobane re ne re fofela bophirima, letsatsi le ne le sorelikelle tseleng le ka mohla ha re ntse re fofa. Re ile ra natefeloa ke khanya ea mots´eare ho tloha Germany ho ea California.

ha letsatsi le likela kaholim´a maru

Ho khutlela Germany, leha ho le joalo, e ne e le pale e fapaneng ka ho feleletseng. Le ha re ne re ka tloha esale nako kamor´a tinare, ha re ne re fofela bochabela, letsatsi le ne le likela kapele haholo ho feta tloaelo, ´me le pele re ka nahana, e ne e-ba bosiu bo ea fihla.

Nakong ea maeto ana a matelele, moea oaka o ne o tlala ka ho makala ha ke ne ke nahanisisa ka botle ba lefats´e lena le tlhophiso ea popo ea Molimo. Le ha re ne re fofa bosiu, lefifing le lets´o, ke ne ke tseba ka tieo hore letsatsi le tla chaba hape, hore khanya e khanyang e tla khutla ´me e tlise mofuthu le bophelo ho letsatsi le lecha pele leeto la rona le fela. Maemo a maeto aka a ne a ka be a entse eka letsatsi le ne le likela butle kapa kapele, empa ke ne ke tseba hore letsatsi le tsitsitse, le tsepame, ´me lea ts´epahala maholimong.

khoeli kaholim´a maru

Ke ikutloa ka tsela e ts´oanang ka Molimo. Hobane ke na le bonnete bo tebileng ka bohlale le sepheo oa Molimo bakeng sa popo ea Hae eohle, ke utloa nyakallo le ts´epo le khotso ea nako e telele ha ke nahana ka boteng ba rona lefats´eng. Re bana ba Molimo. Oa re rata. O tseba maemo a rona. O itukiselitse ho re thusa. Linnete tsena ha li fetohe, le ha lintho tse re potileng li shebahala li sa tsitsa ´me li sa lebelloa.

Bohle re kopana le mathata, masoabi, le ho hloka botsitso bo senyang khotso ea rona. Ke leboha haholo ka mohloli o ts´epahalang oa ´nete le khanya (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:6-11). Jesu Kreste ke leseli le bophelo ba lefats´e. Ka lebaka la Hae le topollo ea Hae, re na le ts´epo ea bokamoso, phihlello ea khanya e halalelang e khants´ang matsatsi a lefifi a leeto la rona, le lits´episo tsa tlholo ea rona holim´a sebe le lefu.

“O Rata Lefats´e”

Jesu Kreste ke eena feela monna ea phethahetseng ea kileng a tsamaea lefats´eng. Ka lebaka la bophelo ba Hae bo phethahetseheng, O ne a sa kolote toka. Ka lebaka la lerato ho rona, O ile a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa e mong le e mong oa rona ka bonngoe le bakeng sa bana bohle ba Molimo ka bongata ho bula lemati la ho se shoe le la bophelo bo sa feleng.

Ho sa tsotellehe seo Satane a neng a ka rata hore re se lumele, ha ho le ea mong oa rona ea kekeng a fihleloa ke bokhoni ba Mopholosi ba ho re pholosa. Ha ho le ea mong oa rona ea khaotsoeng mohaung le ts´oarelong. Ha ho le ea mong oa rona ea kekeng a “sikoa ka ho sa feleng ka hara liatla tsa hae tsa lerato” (2 Nefi 1:15).

Mpho ena e kholohali ho tse ling e tsoa ho thuso le matla a lopollang a Topollo ea Jesu Kreste. Ka lebaka la ho sotleha ha Mopholosi Gethsemane, le Golgotha, O tseba ka moo a ka re bolokang le ho re thusa ka har´a eng kapa eng le ka har´a mefokolo ea rona (bona Alma 7:12).

“Ha hona seo a se etsang ntle le hore e be ke molemong oa lefats´e; hobane o rata lefats´e, esita le hore o tetse bophelo ba hae hore a tle a tlise batho bohle ho eena” (2 Nefi 26:24).

Jesu Kreste ke matla a rona!

O nanabetsa letsoho.

Oa busetsa.

Oa pholosa.

“Ha Mopholosi a shoela batho bohle, O ile a bula tsela hore bao ba mo latelang ba ka fihlela pholiso ea hae, matlafalo, le matla a topollo,” ho boletse Mookameli Russell M. Nelson.

Matla ao, joaloka letsatsi, a lula a le teng. Ha ho mohla a sisinyehang. Khetho ea ho latela mehlaleng ea Mopholosi e joaloka ho tsoa ka har´a meriti ´me re hlaha khanyeng, moo re ka amohelang lihlohonolofatso tsa khanya ea Molimo, mofuthu, le lerato. Kea tseba hore ka letsatsi le leng, re tla hetla morao ´me re tlale ka teboho hore re entse likhetho tsa bosafeleng tsa bohlokoa tsa ho ts´epa Jesu Kreste le lerato la Hae la bomolimo hore phahamisa le ho re matlafatsa.

“Khutlelang ho ´Na”

Buka ea Mormone e bua ka batho ba qetileng matsatsi a mararo hara lefifi le leholo kamorao ho Thariso ea Mopholosi. Lefifi la nama le ba potileng e ka ba lets´oao la lefifi la moea leo bohle re le utloang ka lebaka la sebe. Joale batho ba utloa lentsoe la Kreste le ba memela ho tsoa lefifing ho tla khanyeng ea Hae:

“Na ha le na ho khutlela ho ´na, le bake libe tsa lona, ´me le sokolohe, hore ke tle ke le folise?” (3 Nefi 9:13).

“Tlisang sehlabelo sa pelo e robehileng le moea o soabileng ho ´na (3 Nefi 9:20).

“Bakang ´me le khutlele ho ´Na” ka lipelo tsohle” (3 Nefi 10:6).

Mopholosi o etsa limemo tse ts´oanang ho rona kajeno ha re iphumana re lahlehile lefifing. Joaloka ha ho chaba ha letsatsi le leng le leng ho ts´oaea qalo ea letsatsi le lecha, nako eohle ha re baka, re amohela qalo e ncha, qalo e ncha e khanyang.

Hoo ha ho bolele hore ho bobebe. Pako e bolela phetoho, ´me phetoho ha e etsahale ka potlako. Leha pako e thabisa, e kenyeletsa masoabi a bomolimo(2 Bakorinthe 7:10). Ho hlokeha hore re amohele le ho ipolela melato ea rona, re kope ts´oarelo ho Molimo le ho bao e ka bang re ba utloisitse bohloko. Kaholimo ho tsohle, ho hlokeha hore re batle “Moea oa Morena ea Matla Ohle,” hore re tle re be le phetoho e kholo lipelong tsa rona, hoo re seng re sena sebopeho sa ho etsa bobe, empa ho tsoelapele ho etsa botle(Mosaia 5:2).

Phetoho ea mofuta ona ke leeto le le telele, empa hang hau nka mohato oa pele, “ letsatsi la hau la poloko lea qala, ´me hang-hang moralo o moholo oa topollo o tla tlisoa ho uena” (Alma 34:31).

Ka pako ea rona ea ´nete, Molimo o ts´episa hore ts´oarela ´me a se hlole a hopola libe tsa rona. Ha re sitoa ho lebala libe tsa rona, ha re lekeng ho ts´epa lits´episo tsa Morena tsa ts´oarelo le ho ithuta ho ts´oarela ba bang esita le rona.

“Moea oa rona oa senyeha ha re etsa liphoso ´me re etsa sebe,” ho rutile Mookameli Boyd K. Packer (1924–2015). “Empa ho fapana le taba ea ´mele ea rona e shoang, ha ts´ebetso ea pako e phethetsoe, ha hona maqeba ka lebaka la Topollo ea Jesu Kreste.”

Sets´oants´o sa Jesu a folisa monna oa sefofu

Pholiso ea Monna oa Sefofu,, ka Carl Heinrich Bloch

“Ba Tliseng Mona”

Mopholosi ke Setsibi sa Mofolisi. E ´ngoe ea liponts´uoa tse ntlehali tsa pholiso ea hae e fumanoa ka Bukeng ea Mormone, paleng ea Hae ea boruti ba bonngoe Amerika ea khalekhale:

“Na ho teng ba kulang har´a lona?” O ile a botsa. “Ba tliseng mona. Na ho teng har´a lona ba hlotsang, lifofu, ba lemetseng,balepera, kapa ba omeletseng litho, kapa litholo, kapa ba nang le mathata afe kapa afe? Ba tliseng ho ´Na ´me ke tla ba folisa, hobane ke na le mosa holim´a lona, ke tletse ka mosa. …

“´Me ho ile ha etsahala hore ha a se a buile joalo, mats´oele ohle ka tumellano, ba ile ba tsamaea le bakuli ba bona le , le ba hlotsang, le lifofu, le limumu, le bohle ba neng ba na le mathata a mofuta ofe kapa ofe; ´me o ile a ba folisa bohle ba ileng ba tlisoa ho eena” (3 Nefi 17:7, 9).

Nako eohle ha Mopholosi a folisa e mong feela ea nang le mathata a mofuta ofe kapa ofe, pele le kamor´a Tsoho ea Hae Bafung,e ne e le testamente ho matla a hae a holimo-limo a ho folisa moea oa rona. Pholiso e makatsang e ngoe le e ngoe ea Mopholosi e ne e le selelekela le ts´episo ea pholiso ea moshoelella ea ´meleng le maikutlong e tlang ho tla ho e mong le e mong oa rona ka Tsoho ea Bafu, e leng eona “ketso e hloahloa ea pholiso ea Morena.”

Ke ´nete hore lithapelo tsa rona bakeng sa pholiso bophelong bona ha li arajoe ka tsela eo re ts´epileng ka eona, empa ha ho ka mohla li tloheloang feela. Nako ea pholo ea tla, joaloka ha le lefifi la bosiu kamehla le fetela—ka nako e nepahetseng—ho ho chabeng ha letsatsi ho khanyang.

Joaloka ha Mookameli Nelson a paka: “Tumelo ea rona ha ho le ka mohla e sa amoheleheng. Kea tseba hore tsela eo Ntate ea Maholimong ea bohlale-bohle a shebang lintho ka eona e pharaletse ho feta ea rona. Le ha re ntse re tseba ka mathata le bohloko ba rona, O tseba ka ts´ebetso le bokhoni ba rona bo sa shoeng. Ha re rapella ho tseba thato ea Hae ka tsela ea hae le ka nako ea Hae ´me re ikobela eona ka mamello le sebete, pholiso ea leholimo e ka etsahala ka tsela ea Hae le ka nako ea Hae.”

Haufinyane mosali oaka, Harriet, le ´na re ile ra kenyeletsa lithapelong tsa rona ts´epo e ikhethang le kopo bakeng sa bao re ba ratang. Re ile ra rapela hore sehlopha sa bona sa tlhokomelo ea bophelo se be le bokhoni bo ikhethang ho phekola bokulo ba bona. Re ile ra nyenyeletsoa ho kenya hore le ha pholo ea hanghang kapa pheko e ke ke ea etsahala, matla a pholiso a Mopholosi a ke a ba tlisetse mats´eliso le khotso. Phello ea pholiso ea matla a lopollang a Mopholosi a ka ba le khahlamelo e kholo mehopolong, moeeng, esita le ho bophelo ba ´mele ea rona ho feta pholiso efe kapa efe ea lefats´e eo re ka e fumanang. Jesu Kreste ke Mofolisi bophelong bona le ho ba bosafeleng.

Bana beso, metsoalle, ke paka hore mohau oa Mopholosi o lekane ho folisa maqeba, a le hlatsoe libe, a le matlafatse bakeng sa mathata a tlang, ´me a le hlohonolofatse ka ts´epo, bohlale, le ka khotso ea Hae. Matla a Hae a lula a le teng—kamehla le ka bots´epehi—esita le ha rona, ka nako e ´ngoe re ikutloa re le thoko le lerato la Hae, khanya, le mofuthu.

Ke rapela hore le ka mohla re se ke ra lahleheloa ke hoba le teboho e matla ka tsohle tseo Jesu Kreste a re etselitseng tsona. Ka kopo tseba hore le ratoa ka ho phethehala, ´me le hopole seo le se ts´episitsoeng ka ho sa feleng.

“Ha Molimo a ke a le fe hore meroalo ea lona e ke e be bobebe ka nyakallo ea Mora oa hae,” Jesu Kreste (Alma 33:23).

Lintlha

  1. Russell M. Nelson, “Matla a Mokoka oa Moea,” Liahona, May 2022, 100.

  2. Bona Dieter F. Uchtdorf, “You Can Do It Now!,” Liahona, Nov. 2013, 57.

  3. Boyd K. Packer, “The Plan of Happiness,” Liahona, May 2015, 28.

  4. Russell M. Nelson, “Joy and Spiritual Survival,” Liahona, Pulungoana. 2005, 87.

  5. Russell M. Nelson, “Jesus Christ—the Master Healer,” 86.