2025
Litaba tse Molemo tsa Lerato le Nyakallo
Pherekhong 2025


“Litaba tse Molemo tsa Lerato le Nyakallo,” Liahona, Pherekhong 2025.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Liahona Pherekhong 2025

Litaba tse Molemo tsa Lerato le Nyakallo

Litlhohonolofatso tsa Tsosoloso li tlameha ho thabisa lipelo tsa rona le ho re tlatsa ka teboho bakeng sa lerato le leholo la Molimo.

seemahale sa lengeloi Moroni ha letsatsi le likela

Molaetsa oa rona oa ts´epo le khotso ho bohle ke hore Jesu Kreste oa phela ´me o tsosolositse evangeli ea hae le kereke matsatsing ana a kajeno.

“Ha ho hlalosehe hore li tsoteha joang lintho tsena ho batho!” moporefeta Joseph Smith o phatlalalitse. “E ke kannete li ka nkoa e le litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo ho batho bohle; le litaba tse molemo, hape, tse lokelang ho tlala lefats´e le ho thabisa lipelo tsa e mong le e mong ha li luma ka litsebeng tsa hae.”

Bakeng sa makholo-kholo a lilemo kamor´a bosebeletsi ba lefats´eng ba Mopholosi, bana ba Molimo ba mo batlile le ho labalabela leseli le ´nete e fetang. Joale litaba tse molemo tsa evangeli ea Jesu Kreste le tsosoloso e ntseng e tsoelapele li ea pele ho hlohonolofatsa batho bohle le ho lokisetsa lefats´e bakeng sa letsatsi leo Kreste ea tlang ho khutlela ho “busa joaloka Khosi ea Likhosi le ho busa joaloka Morena oa Marena.” Hona ke ponts´o ea bohlokoa ea lerato le sa feleng la Ntat´a rona ea Maholing le Mopholosi oa rona. Ke nyakallela hore ke tla qeta bophelo ba ka ke phatlalatsa linnete tsena ho lefats´e lohle.

Tse sa Lebellehang le tse Makatsang

Letsatsi le lecha le ile la chaba bakeng sa lelapa la batho sehlahleng sa lifate, moo Molimo Ntate le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba ileng ba hlaha ´me ba bua le Joseph Smith e le karabo ho thapelo ea Joseph e monyenyane ka hore na ke kereke e feng ea ka e kenang ( bona Joseph Smith—History 1:14–20 Jesu Kreste o ile a bolella Joseph hore a se ke a kena kereke efe kapa efe. O ile a ts´episa hore botlalo ba evangeli ea hae bo tla senoleloa ho Joseph nakong e tlang.

Ho ba bangata, Joseph o ne a sa shebahale ka ho fetisa joaloka ea ka bitsetsoang mosebetsing oa bohlokoa joalo, ´me ba ne ba nepile. E ne e le moshanyana ea sa rutehang ea se nang bohlokoa ho tsoa polasing e nyane toropong e sa tsebahaleng. Joaloka ha ba bang ba ile ba bolela ka Mopholosi matsatsing a hae, “Na ho ka ba le ntho e molemo ho tsoa Nazaretha?” (Johanne 1:46), ba bangata ba ile ba ipotsa hore na ke eng e molemo e ka tsoang ho ea sa rutehang a le lilemo li 14 ho tsoa Palmyra, New York. Empa ka Joseph—joaloka ha ho ne ho sa shebahale joaloka ha a ne a bonahala—Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba ne ba tla tlisa hore ho etsahale tse makatsang e le kannete. Sena se tlameha ho re tlisetsa ts´epo hore ka tsela ea rona e nyane e ikokobelitseng, re ka kenya letsoho ka litsela tse tletseng moelelo mosebetsing oa Morena.

Ka nako, Morena o ile a bitsa ho Joseph “´me o ile a bua ho eena ho tsoa maholimong, ´me a mo fa litaelo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 1:17. Joseph o ile a fumana lits´enololelo tsa bohlokoa le thuto ea tumelo e hlokahalang eo e ileng ea tlisa leseli le lecha kutloisisong ea rona ea moralo oa lerato oa Ntate ea Maholimong le lerato le lopollang la Jesu Kreste le matla a sehlabelo sa hae se lopollang. Ka tsela e makatsang, litaba tsena tse molemo li tlile ka nako e nepahetseng ha likhatelo pele lipalangoeng, likhokahanyo, le libakeng tse ling li neng li tla lumella leseli la Molimo ho khanya ho hlohonolofatsa ba fetang ba bana ba hae.

Moroni a nehelana ka matlapa a khauta ho Joseph Smith

Lengeloi Moroni a Nehelana ka Matlapa ho Joseph Smith, ka C.C.A. Christensen

Bopaki bo Matla ba Lerato la Molimo

Ho hlaha ha lengeloi Moroni ho Joseph Smith ho ne ho le bohlokoa ho Tsosoloso le bopaki bo matla ba Lerato la Molimo. Moroni o ile a bolella Joseph ka lingoliloeng tse ngotsoeng holim´a matlapa a khauta (bona Joseph Smith—Nalane 1:33–34). Qetellong, Joseph o ne a tla fuoa “matla ho tsoa holimo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:8) ho fetolela lingoliloeng ho seo se neng se tla fetoha Buka ea Mormone, eo e emang lehlakoreng la Bibele ´me ke Testamente enngoe ea Jesu Kreste.

Hohle ka hare ho Buka ea Mormone, re bala ka sechaba seo, makholo-kholo a lilemo pele ho Kreste, se neng se tseba ´me sa bolela esale pele ka ho tla ha Hae ´me se ne se ho labalabela. Re boetse re fumana pale e tsotehang ea ho hlaha ka bo eena ha Mopholosi ea tsohileng bafung le bosebeletsi ba hae har´a Ba-Nefi, nakong eo a ileng a mema bohle ho tla ho Eena le ho utloa lets´oao le lehlakoreng la Hae le maqeba a lipekere ka matsohong a Hae le maoto (bona 3 Nefi 11:14–15). O ile a folisa ba kulang, ba hlotsang, le lifofu—“bona bohle ba neng ba hlomohile ka mokhoa ofe kapa ofe”—´me eaba o hlohonolofatsa bana ba banyenyane le ho ba rapella (bona  Nefi 17:7–9, 21). Re ithuta haholo hoo ka lerato la Mopholosi le qenehelo ho tsoa ho pale ena e halalelang.

Buka ea Mormone e paka hore “Jesu ke eena Kreste.” Linetefaletso tsa Buka ea Mormone li pheta ho re hopotsa hore Ntat´a rona ea Maholimong le Mopholosi oa rona ba re rata ho feta eng kapa eng eo re ka e nahanang.

Litlhohonolofatso tsa Boprista le Kereke

Tsosoloso e ile ea tsoelepele ka ho hlaha ha barumuoa ba bang ba maholimo ho Joseph Smith. “Johanne Mokolobetsi ea tsohileng bafung o ile a tsosolosa tokelo ea ho kolobetsa ka ho qoelisa bakeng sa ts´oarelo ea libe. Boraro ba Ba-apostola ba pele—Petrose, Jakobo, le Johanne—ba ile ba tsosolosa bo-apostola le linotlolo tsa tokelo ea boprista. Ba bang ba ile ba batla le bona, ho kenyeletsa Elia, eo a ileng a tsosolosa tokelo ea ho kopanya malapa hammoho ka ho sa feleng ka likamano tsa bosafeleng tse fetelang ka ng´ane ho lefu”

Ka la 6 ´Mesa, 1830, Jesu Kreste o ile a theha ka Joseph Smith kereke e nkileng mohlala oa kereke eo a ileng a e hlophisa ka linakong tsa Testamente e Ncha (bona Lintlha tsa Tumelo 1:6), e felletse ka “motheo oa ba-apostola le baporofeta, Jesu Kreste ka bo eena e le lejoe la mantlha la motheo” (Ba-efese 2:20). Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e etsa hore litlhohonolofatso tsa matla a boprista bo tsosolositsoeng a fumanehe ho bana bohle ba Molimo ba itokisetsang ho a amohela.

Joalokaha Moetapele Russell M. Nelson a re rutile, re ka fumana nyakallo pakong ea letsatsi le letsatsi joaloka ha re fetohela ho Ntate ea maholimong le Mopholosi oa rona. Ho mang kapa mang ea ikutloang a le fats´e kapa hore ha ba lokelehe ho ba karolo: bohle ba mengoa ho tla ho Kreste le Kereke ea hae. Kereke ha se ntlo ea baitlami bakeng sa ba phethehileng empa ke sepetlele sa ba kulang. Moholo Dieter F. Uchtdorf oa lekhotla la ba-Apostola ba leshome le metso e ‘meli o re hopotsa hore “re tla kerekeng e se ho tla pata mathata a rona empa ho a phekola.”

Kerekeng re fumana nyakallo menyetleng ea ho iphetholela kantle, ho sebeletsa ba bang ka lerato, le ho arolelana ka boiphihlello ka borona le bongata ba molemo oa Kreste. Re ka baloa har´a batho ba kereke ea Kreste le “ho hopoloa le ho fepuoa ka lentsoe le molemo la Molimo” (Moroni 6:4). Ke tlhohonolofatso e kholo hakakang!

Lebaka la Nyakallo e Kholo

Mpoporofeta Joseph Smith o kile a phatlalatsa, “Joale, ke eng seo re se utloang evangeling eo re e amohetseng? Lentsoe la thabo! Lentsoe la mohau ho tsoa leholimong; le lentsoe la ´nete ho tsoa lefats´eng; litaba tse molemo bakeng sa ba shoeleng; lentsoe la thabo bakeng sa ba phelang le ba shoeleng; litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane128:19).

Litaba tsena tse molemo li tlile hobane Ntate ea Maholimong le Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste, ba re rata ´me ba lakatsa —ho feta eng kapa eng—ho re amohela ponts´eng ea bona, hore ka ho sa feleng re ke re be le mofuta oa bophelo oo ba nang le ona. Tsosoloso e senola hore ba entse tsohle tse hlokahalang ho etsa bokhoni bona bo tlotlehang bakeng sa rona bohle. Leetong la rona la bosafeleng, re fihlella liteko le mathata, empa “[re] teng, hore[re] ke re be le nyakallo” (2 Nefi 2:25) bophelong bona le ho bo tlang. Moporofeta Joseph Smith o ne a tseba sena betere ho feta boholo.

Joseph o tobane le khanyetso le tlhoriso ha ngata, le ha a ile a boloka “moea oa hae oa tsoalo oa thabo” (Joseph Smith—Nalane1:28). O ile a sala a tletse nyakallo, a le matla, le ho mamella, ´me o ile a fihlela mosebetsi o tsotehang oo a neng a fuoe ho o etsa. Ke leboha bahalaleli bohle ba pele ba ileng ba lumela, ba ts´ehetsa, le ho latela moporofeta Joseph Smith ´me ba nehelana ka bo bona ho aheng ha kereke. Re ba kolota mokoloto o mo kakang oa teboho le tlotla.

Ho ne ho le maqhutsu matsatsing a pele a kereke, ´me ho ka ba maqhutsu kajeno. Empa Tsosoloso e ntse e tsoelapele. Ka Jesu Kreste hloohong ea kereke ena, baporofeta ba phelang ho tsoelapele ho re tataisa. Matlo a Morena a tla tsoelapele ho ahoa, hore litlhohonolofatso tsa lilekane tsa bosafeleng le Molimo li ke li re tlamelle ho eena le ho baratuoa ba rona ka mahla koreng ka bobeli a lesira (bona Mattheu 16:19). Lerato la Molimo le Jesu Kreste le tla otlolohela lefats´e lohle joaloka ha re latela taelo ea Mopholosi ea ho fepa linku tsa hae ´me re arolelane evangeli ea hae. Re tla paka ha linnete tsa Tsosoloso li ea pele ka litsela tseo le libakeng tseo e neng e ka ba ka thata re ka li nahanang ka nako ea Joseph.

Re ka fumana matla le nyakallo e kholo—joaloka ha moporofeta Joseph a ileng a li fumana—joaloka ha re amohela le ho phela linnete tsena tsa bohlokoa. Pitso eo Joseph a ileng a etsa ho Bahalaleli nakong ea hae e tsoelapele ka rona kajeno: “Na re ka sitoa ho tsoelapele mosebetsing o mo kaalo? E eang Pele e se Morao. Sebete, … le ho ea, ho ea tlholong! Etsang hore lipelo tsa lona li nyakalle, ´me li thabe ka ho fetisisa”Lithuto tsa Tumelo le Lilekane128:22).

E ke litaba tse molemo tsa lerato le nyakallo tseo tsosoloso e li tlisang li ka re hlohonolofatsa le ho tataisa bophelo ba rona—joale le kamehla.

Lintlha

  1. Teachings of Presidents of the Church: Joseph Smith (2007), 152.

  2. Kreste ea Phelang: Bopaki ba Ba-Apostola,” Pokello ea Libuka tsa Evangeli.

  3. Bona Saints: The Story of the Church of Jesus Christ in the Latter Days, vol. 1, The Standard of Truth, 1815–1846 (2018), 16.

  4. Leqephe la sehlooho la Buka ea Mormone.

  5. The Restoration of the Fulness of the Gospel of Jesus Christ: A Bicentennial Proclamation to the World

  6. Bona Russell M. Nelson, “The Power of Spiritual Momentum,” Liahona, May 2022, 98.

  7. Dieter F. Uchtdorf, “On Being Genuine,” Liahona, May 2015, 83.