2021
Utloa, Mamela, U Mamelisise
Pherekhong 2021


“Utloa, Mamela, U Mamelisise” Bakeng Sa Ntlafatso ea Bacha, Pherekhong 2021, 32.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Ntlafatso ea Bacha Pherekhong 2021

Utloa, Mamela, U Mamelisise

Ho tsoa ho Seboka se Akaretsang sa ‘Mesa 2020.

Ho mamela, ho bala , ho bua sefaleng

Litśoantśo ka Guev Design

Lentsoe la pele ka hare ho Melao ea Thuto le Lilekane ke mamelang (sheba Melao ea Thuto le Lilekane 1:1). Ho bolela “ho mamela ka maikemisetso a ho phethisa.” Ho mamela ho bolela “ho mo utloa”— ho utloa seo Mopholosi a se buang `me e be ho latela boeletsi ba hae. Ka mantsoe ao a mabeli—“Mo Utloeng”—Molimo o re fa mohlala oa katleho, thabo, le nyakallo bophelong bona. Re tśoanela ho utloa mantsoe a Morena, ho a mamela, le ho latela seo a re boleletseng sona!

Re ka ea hokae ho mo utloa?

Re ka ea mangolong a halalelang. Hape re ka mo utloa ka tempeleng. Hape re mo utloa ka ho hlaka haholoanyane ha re ntse re ntlafatsa bokhoni ba rona ho hlokomela linyenyeletso tsa Moea o Halalelang. `Me qetellong, re mo utloa ha re latela mantsoe a baporofeta, linohe, le basenoli.

Ho tla etsahala eng ha u ikemisetsa haholoanyane ho utloa, ho mamela, le ho latela seo Mopholosi a se buieleng le seo a se buileng ka baporofeta ba hae? Ke tśepisa hore u tla hlohonolofatsoa ka matla a eketsehileng ho tobana le liteko, mathata, le mefokolo. Ke tśepisa mehlolo, likamanong tsa lelapa, le mosebetsing oa hau oa letsatsi ka leng. `Me ke tśepisa hore bokhoni ba hau ba ho ikutloa u nyakaletse bo tla eketseha le ha meferefere e eketseha bophelong ba hau.