Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Mphalane 2025
Hobaneng ha Morena a e-na le Kereke?
Sepheo sa Kereke ea Kreste ke “ho thusa batho ka bomong le malapa ho thusa Molimo ho phethahatsa mosebetsi oa hae oa poloko le phahamiso.” Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e thusa “ho etsa hore bana ba [Molimo] ba ts´oanelehe bakeng sa boemo bo holimo-limo ka ho ba khanya, e leng phahamiso kapa bophelo ba bosafeleng.”
“Mopholosi … o ile a roma [Kereke] ho phethahatsa merero ea Hae—ho ruta evangeli ea hae, ho fana ka ts`ebeletso le lilekane tsa Hae, le ho etsa hore ho khonehe hore matla a hae a re lokafatse le ho re halaletsa.”
Litho tsa Kereke li na le phihlello ho matla le litlhohonolofatso tsa Jesu Kreste ka matla le linotlolo tsa boprista, lilekane le lits`ebeletso, tataiso ea boporofeta, mangolo a halalelang, le sechaba sa Bahalaleli.
Kereke e boetse e laetsoe: “Ema `me u khanye, hore leseli la hau e be mohlala bakeng sa lichaba”Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 115:5).
Litho tsa Kereke li pheela ho “khanya” ka ho phela evangeli, ho mema bohle hore ba amohele evangeli, ho kopanya malapa ka ho sa feleng, le ho hlokomela mafutsana le ba hlokang. Oona ke mosebetsi oa Molimo oa pholoho le tlhohonolofatso e phahameng.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, October 2025. South Sotho. 19624 739