2025
Hobaneng ha Morena a e-na le Kereke?
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Mots´eanong 2025


Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Mphalane 2025

Hobaneng ha Morena a e-na le Kereke?

Baroetsana

Sepheo sa Kereke ea Kreste ke “ho thusa batho ka bomong le malapa ho thusa Molimo ho phethahatsa mosebetsi oa hae oa poloko le phahamiso.” Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e thusa “ho etsa hore bana ba [Molimo] ba ts´oanelehe bakeng sa boemo bo holimo-limo ka ho ba khanya, e leng phahamiso kapa bophelo ba bosafeleng.”

“Mopholosi … o ile a roma [Kereke] ho phethahatsa merero ea Hae—ho ruta evangeli ea hae, ho fana ka ts`ebeletso le lilekane tsa Hae, le ho etsa hore ho khonehe hore matla a hae a re lokafatse le ho re halaletsa.”

Litho tsa Kereke li na le phihlello ho matla le litlhohonolofatso tsa Jesu Kreste ka matla le linotlolo tsa boprista, lilekane le lits`ebeletso, tataiso ea boporofeta, mangolo a halalelang, le sechaba sa Bahalaleli.

Kereke e boetse e laetsoe: “Ema `me u khanye, hore leseli la hau e be mohlala bakeng sa lichaba”Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 115:5).

Litho tsa Kereke li pheela ho “khanya” ka ho phela evangeli, ho mema bohle hore ba amohele evangeli, ho kopanya malapa ka ho sa feleng, le ho hlokomela mafutsana le ba hlokang. Oona ke mosebetsi oa Molimo oa pholoho le tlhohonolofatso e phahameng.

Lintlha

  1. Bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: Ho Sebeletsa ka Kerekeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, 1.3, Pokello ea Libuka tsa Evangeli.

  2. Dallin H. Oaks, “`Nete le Morero,” Mphalane 2018 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona, Pulungoana 2018, 26).

  3. Dale G. Renlund, Mphalane 2024 Seboka se akaretsang (Liahona, Pulungoana 2024, 16).