Molaetsa oa Khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Phato 2025
Seo Molimo E Seng Sona
Linnete tse 5 ka Ntat´a rona ea Maholimong
Re ka ithuta haholo ka hore na Molimo ke mang ha re ka utloisisa seo e seng sona.
Lits´oants´o ka Camila Gray
E ´ngoe ea litlhohonolofatso tse kholo-kholo tsa Tsosoloso ke hore Molimo o it´senotse hape le semelo sa hae e le Ntate ea Maholimong ea lerato. Empa ka linako tse ling re na le mehopolo kapa menahano ka Molimo eo e seng ea ´nete. Ha sena se etsahala, re ka ithuta haholo ka hore na Molimo ke mang ka ho utloisisa seo e seng sona.
Molimo ha se motho e mong feela ea sa tloaelehang ea teroneng hole, hole koana.
Ke Ntate oa rona, ea babatsehang le ho feta ntate ea molemo haholo oa lefats´eng eo u ka mo nahanang. Leha re sitoa ho hopola bophelo ba rona le eena ba pele ho ba lefats´eng, o re tseba ka bonngoe le ka ho phethahala. O na le ´mele oa nama le masapo, ´me re sets´oantso sa hae.
Haeba u thatafalloa ke ho iketsetsa sets´oants´o sa hore na Molimo o joang, ho na le mohlala o phethahetseng: Mora oa hae Jesu Kreste. Kreste o itse “ke ´na tsela, ´nete le bophelo: ha ho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ´na. Haeba le ile la ntseba, le ka be le tsebile Ntate” (Johanne 14:6–7). Ka mantsoe a mang, haeba re batla ho tseba Ntate ea Maholimong, re ka ithuta ka hore na Jesu Kreste o joang! Ba hokahane ka ho phethahala ka sepheo.
Molimo ha se motho ea phathahaneng bakeng sa hau.
Hantle-ntle, ho u thusa ho ba le bophelo ba bosafeleng ke mosebetsi le khanya ea Hae. U ea tlang pele ho eena! Ha a tlangoa ke nako ka tsela eo re leng ka teng. Atamela ho eena ka thapelo. Mamela litsela tse ngata tseo a arabang ka tsona.
Molimo ha se motho ea u qobellang ho mo latela.
Moholo Dale G. Runland oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli o kile a ruta a re “Sepheo sa Ntate ea Maholimong botsoaling ha se hore bana ba hae ba etse se nepahetseng; ke hore bana ba hae ba khethe ho etsa se nepahetseng ´me qetellong ba be joaloka eena.” O tla u mema, a u eletse, a u rute ´nete, empa a ke ke a tlosa boikhethelo ba hau ka ho u qobella ho mo latela.
Molimo ha se motho ea lekang ho u ts´oara u ntse u etsa se fosahetseng hore a tle a u otle.
Ho e-na le hoo, joaloka ha Moholo Patrick Kearon oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli a e beha, “Molimo o patlong e sa khathaleng ea hau,” hoo ho bolela hore a ke ke a tlohela ho leka ho u thusa ho khutlela ho eena. Oa tseba hore bohle ka tlhaho re tla shebana le lintho tse thata ha re etsa liphoso. Joale o fana ka tsela bakeng sa rona hore re hloekisoe sebeng le ho fumana matla ka Topollo ea Mora oa hae.
Molimo ha se motho ea u emetseng hore u “lekane” kapa u “phethahale” pele a tla u rata.
Lerato la hae ho uena ha le na pheletso. O u rata hajoale, u sa phethahala u le joalo! Mookameli Jeffrey R Holland, ea Ts´oereng Molepo e le Mookameli oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, o fana ka tlhakisetso e matla ka kereke: “‘Tloho u le joalo,’ Ntate ea lerato o rialo ho e mong le e mong oa rona, empa o eketsa ka hore, ‘U se ke ua rera ho lula u le joalo.’ Rea bososela ´me re hopola hore Molimo o ikemiselitse ho etsa ka rona ho feta ka moo re neng re nahana hore re ka ba sona. Ka lerato le phethahetseng le khothatso, Ntate ea Maholimong o leka ho re thusa ho ba joaloka eena le ho amohela tsohle tseo a nang le tsona butle-butle.
Molimo ke Mang
Tsela e ntle ea ho tseba Ntate ea Maholimong ke ho lula u ba le liphihlello le eena. Joang? Ithute ka eena le Mora oa hae ho tsoa mangolong a halalelang le mantsoeng a baporofeta ba phelang. Rapela ho eena. Boloka melao ea hae. Qeta nako e khutsitseng ea botho u mo khumamela kerekeng, tempeleng, le libakeng tse ling tse halalelang. Etsa le ho boloka lilekane le eena. O tla u thusa ho tseba hore na eena ke mang ´me o ikutloa joang ka uena.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, Phato 2025. South Sotho. 19616 739