“Utloa, Mamela, U Mamelisise” Bakeng Sa Ntlafatso ea Bacha, Pherekhong 2021, 32.
Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Ntlafatso ea Bacha Pherekhong 2021
Utloa, Mamela, U Mamelisise
Ho tsoa ho Seboka se Akaretsang sa ‘Mesa 2020.
Litśoantśo ka Guev Design
Lentsoe la pele ka hare ho Melao ea Thuto le Lilekane ke mamelang (sheba Melao ea Thuto le Lilekane 1:1). Ho bolela “ho mamela ka maikemisetso a ho phethisa.” Ho mamela ho bolela “ho mo utloa”— ho utloa seo Mopholosi a se buang `me e be ho latela boeletsi ba hae. Ka mantsoe ao a mabeli—“Mo Utloeng”—Molimo o re fa mohlala oa katleho, thabo, le nyakallo bophelong bona. Re tśoanela ho utloa mantsoe a Morena, ho a mamela, le ho latela seo a re boleletseng sona!
Re ka ea hokae ho mo utloa?
Re ka ea mangolong a halalelang. Hape re ka mo utloa ka tempeleng. Hape re mo utloa ka ho hlaka haholoanyane ha re ntse re ntlafatsa bokhoni ba rona ho hlokomela linyenyeletso tsa Moea o Halalelang. `Me qetellong, re mo utloa ha re latela mantsoe a baporofeta, linohe, le basenoli.
Ho tla etsahala eng ha u ikemisetsa haholoanyane ho utloa, ho mamela, le ho latela seo Mopholosi a se buieleng le seo a se buileng ka baporofeta ba hae? Ke tśepisa hore u tla hlohonolofatsoa ka matla a eketsehileng ho tobana le liteko, mathata, le mefokolo. Ke tśepisa mehlolo, likamanong tsa lelapa, le mosebetsing oa hau oa letsatsi ka leng. `Me ke tśepisa hore bokhoni ba hau ba ho ikutloa u nyakaletse bo tla eketseha le ha meferefere e eketseha bophelong ba hau.
© 2020 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. Printed in USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, January 2021. Sotho. 17463 739