Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 73


Karolo ea 73

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Hiram, Ohio, ka la 10 Pherekhong 1832. Ho tloha qalong ea karolo e etelletseng Ts’itoe pele, Moporofeta le Sidney ba ne ba ntse ba ruta, ’me ka tsela ena tse ngata li ile fihleloa ho fokotsa maikutlo a sa amohelehang a neng a hlahile khahlanong le Kereke (bona sehlooho sa karolo ea 71).

1–2, Baholo ba lokela ho tsoelapele ho ruta; 3–6, Joseph Smith le Sidney Rigdon ba lokela ho tsoelapele ho fetolela Bibele ho fihlela e felile.

1 Hobane kannete, ho rialo Morena, hoa lokeleha ho ’na hore ba tsoelepele ho ruta evangeli, le ho eletsa likereke libakeng tse haufi, ho fihlela nako ea seboka;

2 ’Me joale, bonang, ho tla tsebahatsoa ho bona, ka lentsoe la seboka, thomo tsa bona tse ngata.

3 Joale, kannete ke re ho bahlanka ba ka, Joseph Smith, le Sidney Rigdon, ho rialo Morena, hoa lokeleha ho fetolela hape;

4 ’Me, ha feela ho khoneha, ho ruta tikolohong tse potapotileng ho fihlela nako ea seboka; ’me kamorao ho moo hoa lokeleha ho tsoelapele ka mosebetsi oa ho fetolela ho fihlela o felile.

5 ’Me etsang hore sena e be mohlala ho baholo ho fihlela [ba fumana] tsebo e eketsehileng, esita le joaloka ha ho ngoliloe.

6 Joale ha ke sa le fa letho nakong ena. Tlamang matheka a lona ’me le falimehe. Esita le joalo. Amen.