Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 72


Karolo ea 72

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland Ohio ka la 4 Ts’itsoe 1831. Baholo le litho tse ngata ba ile ba bokana ho ithuta mesebetsi ea bona le ho matlafatsoa ho ea pele lithutong tsa kereke. Karolo ena ke pokello ea ts’enolo tse tharo tse fumanoeng ka letsatsi le le leng. Temana ea 1 ho ea ho ea 8 li tsebahatsa pitso ea Newel K. Whitney e le mobishopo. O ile a bitsoa le ho behoa matsoho, kamor’a moo temana ea 9 ho isa ho ea 23 li ile tsa fumanoa, li fana ka tlhahiso-leseling e ekelitsoeng ka mesebetsi ea mobishopo. Kamorao ho moo, temana ea 24 ho isa ho ea 26 li ile tsa fanoa, li fana ka litaelo malebana le pokello ea Sione.

1–8, Baholo ba tla fana ka tlaleho ea bolisa ba bona ho mobishopo; 9–15, Mobishopo o boloka ntlo ea polokelo le ho hlokomela mafutsana le bahloki; 16–26, Babishopo ba tla netefatsa ho lokeleha ha baholo.

1 Mamelang, ’me utloe lentsoe la Morena, oho, lona ba bokaneng hammoho, bao e leng baprista ba baholo ba kereke ea ka, bao ’muso le matla li fanoeng ho bona.

2 Hobane kannete ho rialo Morena, hoa lokeleha ho ’na hore mobishopo a khetheloe ho lona kapa ka ho lona, ho kereke e karolong ena ea ts’imo ea morara ea Morena.

3 ’Me kannete nthong ena le entse ka bohlale, hobane e hlokoa ke Morena, letsohong la mohlokomeli e mong le e mong, ho fana ka tlaleho ea bolisa ba hae, ka bobeli nakong ea hajoale le ea ka ho sa feleng.

4 Hobane ea ts’epahalang ’me ea bohlale nakong eo o nkoa a lokeleha ho ja lefa meahong ea e lokiselitsoeng ke Ntate.

5 Kannete ke re ho lona, baholo ba kereke karolong ena ea ts’imo ea morara ba tla fana ka tlaleho ea bolisa ba bona ho babishopo, ba tlang ho khethoa ke ’na karolong ena ea ts’imo ea morara.

6 Lintho tsena li tla ba teng tlalehong, e tlang ho fanoa ho mobishopo oa Sione.

7 ’Me mosebetsi oa mobishopo o tla tsebahatsoa ka litaelo tse fanoeng, le ka lentsoe la seboka.

8 ’Me joale, kannete ke re ho uena, mohlanka oa ka Newel K. Whitney ke monna ea tlang ho khethoa le ho behoa matsoho ho matla ana. Ena ke thato ea Morena Molimo oa hau, Molopolli oa hau. Esita le joalo. Amen.

9 Lentsoe la Morena, ho ekelletsa ho molao o fanoeng, le tsebahatsang mosebetsi oa mobishopo ea ileng a behoa matsoho ho kereke karolong ena ea ts’imo ea morara, eo e leng kannete sena—

10 Ho lebela ntlo ea polokelo ea Morena; ho fumana lichelete tsa kereke karolong ena ea ts’imo ea morara.

11 Ho nka tlaleho ea baholo joaloka ha ho laetsoe pele; le ho hlokomela litlhoko tsa bona, ba tlang ho lefella tseo ba li fumanang, ha feela ba na le mokhoa oa ho lefa;

12 Hore sena hape se ke se nyeheloe molemong oa kereke, ho mafutsana le ba hlokang.

13 ’Me ea se nang mokhoa oa ho lefa, tlaleho e tla nkoa ’me e fanoe ho mobishopo oa Sione, ea tla lefa sekoloto ka seo Morena a tlang ho se beha ka hare ho letsoho la hae.

14 ’Me mesebetsi ea ba ts’epahalang ba sebetsang linthong tsa moea, ho tsamaisa evangeli le lintho tsa ’muso ho kereke, le ho lefats’e, e tla ba tefo ea sekoloto ho mobishopo oa Sione;

15 Ke joana e tsoang ho kereke, hobane ho latela molao motho e mong le e mong ea tlang Sione o tlameha ho tlisa lintho tsohle ho mobishopo Sione.

16 ’Me joale kannete ke re ho lona, hore joaloka ha moholo e mong le e mong karolong ena ea ts’imo ea morara a tlameha ho fana ka tlaleho ea bolisa ba hae ho mobishopo karolong ena ea ts’imo ea morara—

17 Lengolo le tsoang ho moahloli kapa mobishopo karolong ena ea ts’imo ea morara, ho mobishopo Sione, le etsa hore motho e mong le e mong a amohelehe, ’me a fihlele lipehelo tsohle, bakeng sa lefa, le hore a amoheloe e le mohlokomeli ea bohlale le mosebetsi ea ts’epahalang;

18 Ho seng joalo a ke ke a amoheloa ke mobishopo oa Sione.

19 ’Me joale, kannete ke re ho lona, etsang hore moholo e mong le e mong ea tla fana ka tlaleho ho mobishopo oa kereke karolong ena ea ts’imo ea morara a khothaletsoe ke kereke kapa likereke, tseo a li sebeletsang, hore a ke a etse hore eena le litlaleho tsa hae li amohelehe linthong tsohle.

20 ’Me hape, etsang hore bahlanka ba ka ba khethiloeng e le bahlokomeli holim’a lintho tse ngotsoeng tsa kereke ea ka ba be le tokelo ea ho kopa thuso ho mobishopo kapa babishopo linthong tsohle—

21 Hore ts’enolo li ke li phatlalatsoe, ’me li ee lefats’eng lohle; hore le bona ba ke ba fumane lichelete tse tlang ho ba molemo ho kereke linthong tsohle;

22 Hore le bona ba ke ba iketse hore ba amohelehe linthong tsohle, ’me ba nkoe e le bahlokomeli ba bohlale.

23 ’Me joale, bonang, sena e tla ba mohlala bakeng sa makala ’ohle a pharaletseng a kereke ea ka, lefats’eng lefe kapa lefe le tlang ho thehoa ho lona. ’Me joale ke e tsa pheletso ea mantsoe a ka. Amen.

24 Mantsoe a fokolang a ekelletsang melao ea ’muso, malebana le litho tsa kereke—tse khethiloeng ke Moea o Halalelang ho nyolohela Sione, le tse nang le monyetla oa ho nyolohela Sione—

25 Etsa hore ba nkele ho mobishopo oa bona lengolo le tsoang ho baholo ba bararo ba kereke, kapa lengolo le tsoang ho mobishopo;

26 Ho seng joalo ea tla nyolohela lefats’eng la Sione a ke ke a nkoa e le mohlokomeli ea bohlale. Hona e boetse ke mohlala. Amen.