Karolo ea 71
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Hiram, Ohio, ka la 1 Ts’itoe 1831. Moporofeta o ne a ntse a tsoelapele ho fetolela Bibele le Sidney Rigdon e le mongoli oa hae ho fihlela ha ts’enolo ena e fanoa, eo nakong eo e ileng ea behelloa ka thoko ha nakoana hore ba ke ba nolofalloe ke ho phethahatsa taelo e fanoeng mona. Baena ba ne ba lokela ho ea ruta e le ho fokotsa maikutlo a mabe a neng a qalehile khahlanong le Kereke ka lebaka la khatiso ea mangolo a ngotsoeng ke Ezra Booth, ea neng a se a koenehile.
1–4, Joseph Smith le Sidney Rigdon ba romeloa ho phatlalatsa evangeli; 5–11, Lira tsa Bahalaleli li tla ferekanngoa.
1 Bonang, joana ho rialo Morena ho lona bahlanka ba ka Joseph Smith le Sidney Rigdon, hore kannete nako e se e fihlile hore ho bohlokoa ’me hoa lokeleha ho ’na hore le tle le bule melomo ea lona ho phatlalatsa evangeli ea ka, lintho tsa ’muso, ho manolla liphiri tsa eona ka hare ho mangolo a halalelang, ho latela karolo eane ea Moea le matla ao a tlang ho fanoa ho lona, esita le joaloka ha ke batla.
2 Kannete ke re ho lona, phatlalatsang ho lefats’e tikolohong tse pota-potileng, ’me hape le ka kerekeng, ha nakoana, esita le ho fihlela ho tla tsebahatsoa ho lona.
3 Kannete ena ke thomo ea nakoana, eo ke e fanang ho lona.
4 Ka baka leo, sebetsang ts’imong ea ka ea morara. Bitsang baahi ba lefats’e, ’me le pake, ’me le lokise tsela bakeng sa litaelo le ts’enolo tse tlang ho tla.
5 Joale, bonang hona ke bohlale, mang ka mang ea balang, etsang hore a utloisise ’me a boele a fumane;
6 Hobane ho eena ea e amohelang ho tla fanoa ka bongata bo fetisisang, esita le matla.
7 Ka baka leo, ferekanyang lira tsa lona; li bitseng li kopane le lona ka bobeli ponts’eng le lekunutung; ’me ha feela le ts’epahala ts’oabo ea bona e tla bonahatsoa.
8 Ka baka leo, etsang hore ba tlise litaba tsa bona tse tiileng khahlanong le Morena.
9 Kannete, joana ho rialo Morena ho lona—ha ho lerumo le teetsoeng khahlanong le lona le tlang ho atleha;
10 ’Me haeba motho ofe kapa ofe a phahamisa lentsoe la hae khahlanong le uena, o tla ferekanngoa ka nako ea ka e nepahetseng.
11 Ka baka leo, bolokang litaelo tsa ka; ke tsa ’nete ’me lia ts’epahala. Esita le joalo. Amen.