Karolo ea 70
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 12 Pulungoana 1831. Nalane ea Moropofeta e hlalosa hore liboka tse khethehileng tse ’ne li ile tsa ts’oaroa ho tloha ho la 1 ho isa ho la 12 Pulungoana. Ho ea ho qetela ea likopano tsena, bohlokoa bo boholo ba ts’enolo tsena tseo hamorao li ne li tla hatisoa e le Buka ea Litaelo ’me kamorao ho moo e le Lithuto tsa Tumelo le Lilekane bo ile ba eloa hloko. Ts’enolo ena e ile ea fanoa kamor’a hore seboka se khethe hore ts’enolo tseo li ne li le “bohlokoa ho Kereke ho feta maruo a lefats’e.” Nalane ea Joseph Smith e hlalosa ts’enolo tseo e le “motheo oa kereke matsatsing ana a ho qetela, ’me li le molemo ho lefats’e, e le ho bonts’a hore linotlolo tsa liphiri tsa ’muso oa Mopholosi li ts’epetsoe ho motho hape.”
1–5, Bahlokomeli ba khethoa ho phatlalatsa ts’enolo tseo; 6–13, Ba sebetsang linthong tsa moea ba loketsoe ke ho hiroa; 14–18, Bahalaleli ba lokela ho lekana linthong tsa lefats’e.
1 Bonang, ’me le mamele, oho lona baahi ba Sione, le lona batho bohle ba kereke ea ka ba leng hole, ’me le utloe lentsoe la Morena leo ke le fanang ho mohlanka oa ka Joseph Smith, hape le ho mohlanka oa ka Martin Harris, hape le ho mohlanka oa ka Oliver Cowdery, hape le ho mohlanka oa ka John Whitmer, hape le ho mohlanka oa ka Sidney Ridgon, hape le ho mohlanka oa ka William W. Phelps, ka tsela ea taelo ho bona.
2 Hobane ke fane ho bona taelo; ka baka leo mamelang ’me le utloe, hobane ho rialo Morena ho bona—
3 ’Na Morena, ke ba khethile, le ho ba beha matsoho ho ba bahlokomeli holim’a lits’enolo le litaelo tseo ke ba neileng tsona, le tseo ke tlang ho ba nea kamorao ho mona;
4 ’Me tlaleho ea bohlokomeli ba bona ke tla e batla ho bona ka letsatsi la kahlolo.
5 Ka baka leo, ke ba khethetse, ’me oona ke mosebetsi oa bona kahare ho kereke ea Molimo, ho li tsamaisa le tse amanang le tsona, ee, le molemo oa tsona.
6 Ka baka leo, taelo ke e fana ho bona, hore ba se ke ba fana ka lintho tsena ho kereke, leha e le ho lefats’e;
7 Le ha hole joalo, ha feela ba fumana ho feta ka moo ba hlokang bakeng sa litlhoko tsa bona le tseo ba li batlang, li tla fanoa ho ntlo ea ka ea polokelo;
8 ’Me melemo e tla halaletsoa ho batho ba Sione, le ho meloko ea bona, ha feela e-ba majalefa a melao ea ’muso.
9 Bonang, sena ke seo Morena a se batlang ho motho e mong le e mong bohlokomeling ba hae, esita le ’na, Morena, ke khethile kapa ke tla khetha ho motho ofe kapa ofe kamorao ho mona.
10 ’Me bonang, ha ho ea tla sala ka thoko ho molao ona eo e leng karolo ea kereke ea Molimo ea phelang;
11 Ee, leha e le mobishopo, leha e le moemeli ea bolokang ntlo ea polokelo ea Morena, leha e le ea khethetsoeng bolisa holim’a lintho tsa lefats’e.
12 Ea khethoang ho tsamaisa lintho tsa moea, ea joalo o lokeloa ke ho hiroa, esita le joaloka ba khethetsoeng bolisa ba ho tsamaisa linthong tsa lefats’e;
13 Ee, esita le ho feta bongata, boo bongata bo eketsoang ho bona ka ponahatso ea Moea.
14 Leha ho le joalo, linthong tsa lona tsa lefats’e le tla lekana, ’me e seng ka lekhonono, ho seng joalo bongata ba liponts’o tsa Moea li tla thibeloa.
15 Joale, taelo ena ke e fana ho lona bahlanka ba ka molemong oa bona ha ba ntse ba setse, hobane ponts’o ea litlhohonolofatso tsa ka holim’a lihlooho tsa bona, le bakeng sa moputso oa mafolofolo a bona le bakeng sa polokeho ea bona;
16 Bakeng sa lijo le liaparo; bakeng sa lefa; bakeng sa matlo le sa naha, maemong a fe kapa a fe, ’na Morena, ke tla li beha; kae kapa kae moo ’na Morena ke tlang ho le romela teng.
17 Hobane ba ts’epahetse holim’a lintho tse ngata, ’me ba entse hantle ha feela ba sa etsa sebe.
18 Bonang, ’na Morena, ke mohau ’me ke tla ba hlohonolofatsa, ’me ba tla kena nyakallong ea lintho tsena. Esita le joalo. Amen.