Karolo ea 69
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 11 Pulungoana 1831. Pokello ea ts’enolo tse neng li reretsoe khatiso ea pele li ne li amohetsoe sebokeng se khethehileng sa la 1–2 Pulungoana. Ka la 3 Pulungoana, ts’enolo e hlahang mona e le karolo ea 133 eo hamorao e ileng ea bitsoa Sehlomathiso e ile ea kenyeletsoa. Oliver Cowdery pele o ne a ile a khetheloa ho nka sengoliloeng se sa hatisoang sa pokello ea ts’enolo le litaelo ho ea Independence, Missouri, bakeng sa khatiso. Hape o ne a lokela ho nka chelete e neng e bokeletsoe bakeng sa ho aha Kereke Missouri. Ts’enolo ena e laela John Whitmer ho felehetsa Oliver Cowdery ’me hape e tataisa Whitmer ho eta le ho bokella lingoliloeng tsa nalane pitsong ea hae e le ranalane oa Kereke le mongoli.
1–2, John Whitmer o tla felehetsa Oliver Cowdery ho ea Missouri; 3–8, Hape o tla ruta le ho bokella, le ho hatisa le ho ngola tlhahisoleseli ea nalane.
1 Mamela ’na, ho rialo Morena Molimo oa hau, molemong oa mohlanka oa ka Oliver Cowdery. Ha se bohlale ho ’na hore a tle a ts’epeloe litaelo le lichelete tseo a tlang ho li nka ho li isa lefats’eng la Sione, ntle le hore e mong a tsamaee le eena. ea tla ba le ’nete le bots’epehi.
2 Ka baka leo, ’na, Morena, ke batla mohlanka oa ka, John Whitmer, a tle a tsamaee le mohlanka oa ka Oliver Cowdery;
3 ’Me hape hore a tle a tsoelapele ho ngola le ho etsa nalane ea lintho tsohle tsa bohlokoa tseo a tlang ho li bona le ho li tseba malebana le kereke ea ka;
4 ’Me hape a fumane keletso le thuso ho tsoa ho mohlanka oa ka Oliver Cowdery le ho ba bang.
5 ’Me hape, bahlanka ba ka ba mose lefats’eng ba tle ba romele litlaleho tsa boikarabello ba bona lefats’eng la Sione;
6 Hobane lefats’e la Sione e tla ba setulo le sebaka sa ho fumana le ho etsa lintho tsena tsohle.
7 Leha ho le joalo, etsa hore mohlanka oa ka John Whitmer a ete ka makhetlo a mangata ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, le ho tloha kerekeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, hore a ke a fumane tsebo ha bobebe ka ho fetisisa—
8 A rute le ho manolla, a ngole, a kopitse, a khethe, ’me a fumane lintho tsohle tse tlang ho ba molemo bakeng sa kereke, ’me bakeng sa meloko e mecha e tlang ho holela lefats’eng la Sione, ho le rua ho tloha molokong ho isa molokong, ka ho sa feleng. Amen.