Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 68


Khaolo ea 68

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 1 Pulungoana 1831, e le karabo ea thapelo hore mohopolo oa Morena o tsebahatsoe malebana le Orson Hyde, Luke S. Johnson, Lyman E. Johnson, le William E. McLellin. Leha karolo ea ts’enolo ena e ne e lebisitsoe ho banna bana ba bane, boholo ba litaba tsa teng li ama kereke eohle. Ts’enolo ena e ile ea atolosoa tlas’a tsamaiso ea Joseph Smith ha e ne e phatlalatsoa khatisong ea 1835 ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane.

1–5, Mantsoe a baholo ha ba susumelitsoe ke Moea o Halalelang ke mangolo a halalelang; 6–12, Baholo ba tla ruta le ho kolobetsa, ’me mats’oao a tla latela balumeli; 13–24, Ea moholo ho bara ba Aarone a ka sebeletsa e le Mookameli oa Mobishopo (ke hore, ho ts’oara linotlolo tsa boetapele e le mobishopo) tlas’a tataiso ea Boetapele ba Pele; 25–28, Batsoali ba laeloa ho ruta evangeli ho bana ba bona; 29–35, Bahalaleli ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba sebetse ka mafolofolo, ’me ba rapele.

1 Mohlanka oa ka, Orson Hyde, o ile a bitsoa ka peho ea hae ea matsoho ho phatlalatsa evangeli e sa feleng, ka Moea oa Molimo ea phelang, ho tloha ho batho ho isa ho batho ba bang le ho tloha naheng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe, liphuthehong tsa ba khopo, masinagogeng a bona, ho beha mabaka ho bona le ho manolla mangolo ’ohle a halalelang ho bona.

2 ’Me, talimang, le bone, oona ke mohlala ho batho bohle ba behiloeng matsoho ho boprista bona, ba khethetsoeng thomo ea ho tsamaea—

3 ’Me hona ke mohlala ho bona, hore ba tla bua ha ba tsamaisoa ke Moea o Halalelang.

4 ’Me eng kapa eng eo ba tla e bua ha ba tsamaisoa ke Moea o Halalelanag e tla ba mangolo a halalelang, e tla ba thato ea Morena, e tla ba mohopolo oa Morena, e tla ba lentsoe la Morena, e tla ba puo ea Morena, le matla a Molimo a isang polokong.

5 Bonang, ena ke ts’episo ea Morena ho lona, oho lona bahlanka ba ka.

6 Ka baka leo, khothalang, ’me le se ke la ts’oha, hobane ’na Morena ke na le lona, ’me ke tla ema le lona; ’me le tla paka ka ’na, esita le ka Jesu Kreste, hore ke Mora oa Molimo ea phelang, hore e ne e le ’na, ke ’na, ’me ke tla tla.

7 Lena ke lentsoe la Morena ho uena, mohlanka oa ka Orson Hyde, hape le ho mohlanka oa ka Luke Johnson, le ho mohlanka oa ka Lyman Johnson, le ho mohlanka oa ka William E. McLellin, le ho baholo bohle ba kereke ea ka ba ts’epahalang—

8 Tsamaeang ka lefats’e lohle, le rute evangeli ho motho e mong le e mong, ka matla ao ke le neileng ’ona, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.

9 ’Me ea lumelang ’me a kolobetsoa o tla bolokoa, ’me ea sa lumeleng o tla rohakeha.

10 ’Me ea lumelang o tla hlohonolofatsoa ka mats’oao a molatelang, esita le joaloka ha ho ngoliloe.

11 ’Me ho lona ho tla fanoa ho tseba mats’oao a linako, le mats’oao a ho tla ha Mor’a Motho;

12 ’Me joaloka ha Ntate a tla paka, ho uena ho tla fanoa matla a ho ba tlamahanya ho isa bophelong ba bosafeleng. Amen.

13 ’Me joale, malebana le lintho tse ekelletsang ho lilekane le litaelo, tsona ke tsena—

14 Kamorao ho mona, ka nako e nepahetseng ea Morena, ba bang ba babishopo ba tla rapelloa ho sebeletsa kereke, ho sebeletsa esita le ho latela ba pele;

15 Ka baka leo e tla ba baprista ba baholo ba lokelehang, ’me ba tla khethoa ke Boetapele ba Pele ba Boprista ba Melkisedeke, ntle leha e ka ba litloholo tsa Aarone ka kotloloho.

16 ’Me haeba e le litloholo tsa Aarone ka kotloloho, ba na le tokelo ea molao oa bobisbopo, haeba e le matsibolo har’a bara ba Aarone;

17 Hobane letsibolo le na le tokelo ea boetapele holim’a boprista bona, le linotlolo kapa matla a ts’oanang.

18 Ha ho motho ea nang le tokelo ea molao ofising ena, ho ts’oara linotlolo tsa boprista, ntle le ha e le setloholo le letsibolo la Aarone ka kotloloho.

19 Empa, ha e le moruti e moholo oa Boprista ba Melkisedeke o na le tokelo ea ho tsamaisa liofising tsohle tse tlase tseo a ka li tsamaisang ofising ea mobishopo haeba ho se na setloholo sa Aarone ka kotloloho se ka fumanehang, haeba a bitsoa ’me a rapelloa ka ho behoa matsoho matleng ana, ka tlas’a letsoho la Boetapele ba pele ba Boprista ba Melkisedeke.

20 ’Me setloholo sa Aarone ka kotloloho, se boetse, se tlameha ho khethoa ke Boetapele bona, ’me se fumanoe se lokeleha, se tlotsitsoe, ’me se behiloe matsoho tlas’a letsoho la Boetapele bona, ho seng joalo ha sea lokolloa ka molao ho tsamaisa ka har’a boprista ba sona.

21 Empa, ka lebaka la boemo malebana le tokelo ea bona ea boprista e theohang ho tloha ho ntat’a ho ea ho mora, ba ka kopa tlolo ea bona haeba ba ka netefatsa leloko la bona, kapa ba e netefatse ka ts’enolo e tsoang ho Morena ka tlas’a letsoho la Boetapele bo seng bo boletsoe kaholimo.

22 ’Me hape, ha ho mobishopo kapa moprista e moholo ea tlang ho khethoa bakeng sa boruti bona ea tlang ho lekoa kapa ho otloa bakeng sa tlolo ea molao efe kapa efe, ntle leha e le ka pele ho Boetapele ba Pele ba kereke;

23 ’Me ha feela a ka fumanoa a le molato ka pele ho Boetapele bona, ka bopaki bo ke keng ba hanoa, o tla otloa;

24 ’Me haeba a baka o tla ts’oareloa, ho latela lilekane le litaelo tsa kereke.

25 ’Me hape, ha feela batsoali ba na le bana Sione, kapa literekeng life kapa life tse hlophisitsoeng, tse ba rutang hore ba se ke ba utloisisa thuto ea pako, tumelo ho Kreste Mora oa Molimo ea phelang, le ka kolobetso le mpho ea Moea o Halalelang ka peho ea matsoho, ha ba le lilemo tse robeli, sebe se be holim’a lihooho tsa batsoali.

26 Hobane sena e tla ba molao ho baahi ba Sione, kapa literekeng life kapa life tse hlophisitsoeng.

27 ’Me le bana ba bona ba tla kolobetsoa bakeng sa tlhatsuo ea libe tsa bona ha ba se ba le lilemo li robeli ’me ba amohele peho ea matsoho.

28 ’Me ba tla ruta hape bana ba bona ho rapela, le ho tsamaea ka ho loka ka pele ho Morena.

29 ’Me baahi ba Sione ba tla boloka letsatsi la Sabatha le halalela.

30 ’Me baahi ba Sione hape ba tla hopola mesebetsi ea bona, leha e le moo ba khethetsoe ho sebetsa, ka bots’epehi bohle; hobane ba botsoa ba tla hopoleha ka pele ho Morena.

31 Joale, ’na, Morena, ha kea thaba ke baahi ba Sione, hobane ho na le ba botsoa har’a bona; ’me bana ba bona ba holela bokhopong; ha ba batle ka tieo maruo a bosafeleng, empa mahlo a bona a tletse meharo.

32 Lintho tsena ha lia lokela ho ba joalo, ’me li tlameha ho tloha har’a bona; ka baka leo, etsa hore mohlanka oa ka Oliver Cowdery a ise lintho tsena lefats’eng la Sione.

33 ’Me taelo eo ke ba fang eona—hore eo ea sa eleng hloko lithapelo tsa hae ka pele ho Morena ka nako ea tsona, etsang hore a tle a hopolehe ka pele ho moahloli oa batho ba ka.

34 Lipolelo tsena ke ’nete ’me lia ts’epahala; ka baka leo, le se ke la li tlola, kapa hona ho li nka.

35 Bonang, ke ’na Alpha le Omega, ’me ke tla kapele. Amen.