Karolo ea 67
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, qalong ea Pulungoana 1831. Ketsahalo e ne ele ea seboka se khethehileng, ’me phatlalatso ea ts’enolo tse neng li fumanoe ho tsoa ho Morena ka Moporofeta li ne li nkiloe ’me ho sebetsoa holim’a tsona (bona sehlooho sa karolo ea 1). William W. Phelps, haufinyane o ne a thehile setsi sa khatiso Independence, Missouri. Seboka sa qeta ka ho phatlalatsa ts’enolo tse Bukeng ea Litaelo le ho hatisa likopi tse 10,000 (tseo ka lebaka la mathata a sa lebelloang, hamorao e ileng ea fokoletsoa ho likopi tse 3,000). Ba bangata ba baena ba fane ka bopaki bo tebileng hore ts’enolo tse bokeletsoeng hoo bakeng sa khatiso e ne e le ruri tsa ’nete, joaloka ha li ile tsa pakoa ke Moea o Halalelang o ts’olletsoeng holim’a bona. Nalane ea Joseph Smith e ngotse hore kamorao ho ts’enolo e tsebahalang e le karolo ea 1 e fanoe, lipuisano tse ling li ile tsa eba teng malebana le puo e sebelisitsoeng ts’enolong tsena. Ts’enolo ena e latelang e ile ea latela.
1–3, Morena o utloa lithapelo ’me o hlokomela baholo ba hae; 4–9, O phephetsa motho ea bohlale-hlale ho pheta le e nyenyane ea ts’enolo tsa hae; 10–14, Baholo ba ts’epahalang ba tla phelisoa ka Moea ’me ba bone sefahleho sa Molimo.
1 Bonang ’me le mamele, oho lona baholo ba kereke ea ka, ba ipokelletseng hammoho, bao lithapelo tsa bona ke li utloileng, ’me bao lipelo tsa bona ke li tsebang, ’me bao litakatso tsa bona li tlileng ka pele ho ’na.
2 Bonang ’me le talime, mahlo a ka a holim’a lona, ’me maholimo le lefats’e li ka matsohong a ka, ’me le maruo a sa feleng ke a ka ho fana.
3 Le lekile ho lumela hore le tle le fumane tlhohonolofatso e ileng ea fanoa ho lona; empa bonang, kannete ke re ho lona ho na le ts’abo lipelong tsa lona, ’me kannete lena ke lona lebaka leo le sa li fumanang.
4 ’Me joale ’na, Morena, ke fana ka bopaki ho lona ka ’nete ea litaelo tsena tse lutseng ka pele ho lona.
5 Mahlo a lona a ne a le holim’a mohlanka oa ka Joseph Smith, ’me puo ea hae le ile la e tseba, le mefokolo ea hae le ile la e tseba; ’me le ile la batla ka lipelong tsa lona tsebo hore le ke le hlalose ka puo e fetang ea hae; hape sena lea se tseba.
6 Joale, lona batlang ka Bukeng ea Litaelo, esita le e nyenyane e har’a tsona, ’me le khethe ea bohlale ka ho fetisisa har’a lona;
7 Kapa, haeba ho na le e mong har’a lona ea tla etsa e ts’oanang le eona, ka baka leo, le lokolohile ho bolela hore ha le tsebe hore ke ea ’nete;
8 Empa haeba le sitoa ho etsa e ts’oanang le eona, le ka tlasa kotlo haeba le sa fane ka bopaki ba hore ke tsa ’nete.
9 Hobane lea tseba hore ha ho na ho se loke ka ho tsona, ’me se lokileng se theoha ho tsoa holimo, ho Ntate oa khanya.
10 ’Me hape, kannete ke re ho lona hore ke monyetla oa lona, ’me ts’episo ke e fana ho lona ba behiloeng matsoho boruting bona, hore ha feela le hlobola mona le ts’abo, ’me le ikokobetsa ka pele ho ’na, hobane ha le na boikokobetso bo lekaneng, lesira le tla phunyeha ’me le tla mpona ’me le tsebe hore ke ’na—eseng ka kelello ea nama leha e le ea tlhaho, empa ka ea moea.
11 Hobane ha ho motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla ka nama, ntle le hore a phelisoe ka Moea oa Molimo.
12 Ha ho na motho oa nama ea ka hlolang ponts’eng ea Molimo, leha e le oa kelello ea nama.
13 Le ke ke la khona ho hlola ponts’eng ea Molimo ha joale, leha e le mangeloi a sebeletsang; ka baka leo, tsoelang pele ka mamello ho fihlela le phethahalitsoe.
14 Le se ke la lumella likelello tsa lona ho khutlela morao; ’me ha le se le lokeleha, ka nako ea ka e nepahetseng, le tla bona ’me le tsebe seo se ileng sa nehelanoa ho lona ka matsoho a mohlanka oa ka Joseph Smith. Amen.