Karolo ea 66
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 29 Mphalane 1831. William E. McLellin o ne a entse thapeli ho Morena ka lekunutu ho tsebahatsa ka Moporofeta karabo ea lipotso tse hlano, tse neng li sa tsebahale ho Joseph Smith. Ka kopo ea McLellin, Moporofeta o ile a botsa Morena ’me a amohela ts’enolo ena.
1–4, Selekane se sa feleng ke evangeli e felletseng; 5–8, Baholo ba tla ruta, ba pake le ho buisana le batho; 9–13, Basebeletsi ba boruti bo ts’epahalang bo netefatsa lefa la bophelo ba bosafeleng.
1 Bona, joana ho rialo Morena ho mohlanka oa ka William E. McLellin—U lehlohonolo, joaloka ha u furalletse bokhopo ba hau ’me oa amohela linnete, ho bolela Morena le Molopolli ua hau, Mopholosi oa lefats’e, esita le oa ba bangata ba lumelang ho lebitso la ka.
2 Kannete ke re ho uena, u lehlohonolo ka ho amohela selekane sa ka se sa feleng, esita le evangeli ea ka e felletseng, e rometsoeng ho bana ba batho, hore ba ke ba be le bophelo ’me ba etsoe ba nkang karolo khanyeng e tlang ho senoloa matsatsing a ho qetela, joaloka ha ho ngotsoe ke baporofeta le baapostola mehleng ea khale.
3 Kannete ke re ho uena, mohlanka oa ka William, hore u hloekile, empa eseng ka hohle, baka, ke hona, linthong tseo tse sa khahliseng mahlong a ka, ho bolela Morena, hobane Morena o tla li hlahisa ho uena.
4 ’Me joale, kannete, ’na, Morena, ke tla hlahisa ho uena seo ke se batlang malebana le uena, kapa seo e leng thato ea ka malebana le uena.
5 Bona, kannete ke re ho uena, ke thato ea ka hore u tle u hase evangeli ea ka ho tloha naheng ho e ’ngoe, le ho tloha motseng ho isa ho o mong, ee, litikolohong tseo tse potapotileng moo e sa hasoang.
6 U se ke ua lula matsatsi a mangata sebakeng sena; u se ke ua ea lefats’eng la Zion ha joale; empa ha feela u romela, romela u se ke ua nahana ka thepa ea hau.
7 Tsamaea u ee mafats’eng a ka bochabela, fana ka bopaki sebakeng se seng le se seng, ho batho ba bang le ba bang le ka masinagogeng a bona, u buisana le batho.
8 Lumella mohlanka oa ka Samuel H. Smith ho tsamaea le uena, ’me u se ke ua mo furalla, ’me u mo nehe litaelo tsa hau, ’me ea ts’epahalang o tla etsoa ea matla sebakeng se seng le se seng; ’me ’na, Morena, ke tla tsamaea le uena.
9 Beha matsoho holim’a ba kulang, ’me ba tla fola. U se ke ua khutla ho fihlela; ’na, Morena, ke tla u roma. E-ba le mamello mahlomoleng. Kopa, ’me u tla fuoa; kokota, ’me u tla buleloa.
10 U se ke ua batla ho imeloa. Furalla tsohle tse sa lokang. U se ke ua feba—teko eo u neng u hloptjoa ke eona.
11 Boloka lipolelo tsena, hobane ke tsa ’nete ’me lia ts’epahala; ’me u tla phetha mosebetsi oa hau, ’me u khannele batho ba bangata Sione ka lipina tsa nyakallo e sa feleng holim’a lihlooho tsa bona.
12 Tsoelapele linthong tsena esita le ho isa qetellong, ’me u tla roesoa moqhaka oa bophelo ba bosafeleng ka letsohong le letona la Ntate, ea tletseng mohau le ’nete.
13 Kannete, joana ho bolela Morena Molimo oa hau, Molopolli oa hau, esita le Jesu Kreste. Amen.