Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 65


Karolo ea 65

Ts’enolo ka thapelo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 30 Mphalane 1831.

1–2, Linotlolo tsa ’muso oa Molimo li fanoa ho motho lefats’eng, ’me tsela ea evangeli e tla hlola; 3–6, ’Muso oa sekete sa lilemo oa leholimo o tla tla ’me o kopane le ’muso oa Molimo lefats’eng.

1 Mamelang, ’me le bone, lentsoe le joaloka la ea rometsoeng ho tsoa holimo, ea sefutho ’me ea matla, eo ho tsamaea ha hae ho leng lipheletsong tsa lefats’e, ee, eo lentsoe la hae le leng ho batho—Lona lokisang tsela ea Morena, etsang litsela tsa hae li otlolohe.

2 Linotlolo tsa ’muso oa Molimo li fanoe ho motho lefats’eng, ’me ho tloha nakong eo, evangeli e tla phatlalla ho ea lipheletsong tsa lefats’e, joaloka lejoe le pshatliloeng thabeng ntle le matsoho le tlang ho pitikela pele, ho fihlela le tletse lefats’e lohle.

3 Ee, lentsoe le hooa—Lona lokisang tsela ea Morena, lona lokisang lijo tsa mantsiboea bakeng sa Konyana, etsang hore ho loke bakeng sa Monyali.

4 Rapelang Morena, bitsang lebitso la hae le halalelang, tsebahatsang mesebetsi ea hae e babatsehang har’a batho.

5 Bitsang ho Morena, hore ’muso oona o ke o ee holim’a lefats’e, hore baahi ba lona ba ke ba o fumane, ’me ba itokisetse matsatsi a tlang ho tla, ao ho oona Mor’a Motho a tla theoha leholimong, a apere mahlaseli a khanya ea hae, ho kopana le ’muso oa Molimo o thehiloeng holim’a lefats’e.

6 Ka baka leo, ha ’muso oa Molimo o ke o ee pele, hore ’muso oa maholimo o tle o tle, hore uena, oho Molimo, o ke o tlotlisoe leholimong le lefats’eng ho be joalo, hore lira tsa hau li ke li hloloe; hobane ha hau ke tlotla, matla le khanya, kamehla le mehla. Amen.