Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64


Karolo ea 64

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho baholo ba Kereke, Kirtland, Ohio, ka la 11 Loetse 1831. Moporofeta o ne a lokisetsa ho fallela Hiram, Ohio, ho nchafatsa mosebetsi oa hae oa phetolelo ea Bibele, oo o neng o beheletsoe ka thoko ha a ne a le Missouri. Sehlopha sa baena ba neng ba laetsoe ho etela Zion (Missouri) se ile sa ikitlaetsa ka tieo ho etsa litokiso tsa ho tloha ka Mphalane. Nakong ena ea ho phathahana, ts’enolo e ile ea amoheloa.

1–11, Bahalaleli ba laeloa ho ts’oarelana, esere ha sala ho bona sebe se seholo; 12–22, Ba sa bakang ba tla tlisoa ka pele ho Kereke; 23–25, Ea lefang boshome a ke ke a chesoa ha Morena a e-tla; 26–32, Bahalaleli ba hlokomelisoa khahlanong le sekoloto; 33–36, Bakoenehi ba tla khaoloa Sione; 37–40, Kereke e tla ahlola lichaba; 41–43, Sione e tla tlokoma.

1 Bonang, joana ho bolela Morena ho lona, oho baholo ba kereke ea ka, mamelang ’me le utloe, ’me le amohele thato ea ka malebana le lona.

2 Hobane kannete ke re ho lona, ke batla hore le tle le hlole lefats’e; ka baka leo ke tla ba le khauhelo ho lona.

3 Ho na le bao har’a lona ba entseng sebe; empa kannete ke re, nakong ena feela, bakeng sa khanya ea ka, le bakeng sa pholoho ea moea, ke le ts’oaretse libe tsa lona.

4 Ke tla ba le mohau ho lona, hobane ke fane ka ’muso ho lona.

5 ’Me linotlolo tsa liphiri tsa ’muso ha li na ho nkoa ho mohlanka oa ka Joseph Smith, ka mekhoa eo ke e khethileng, ha a ntse a phela, ha feela a mamela lits’ebeletso tsa ka.

6 Ho na le bao ba batlileng monyetla khahlanong le eena ntle le lebaka;

7 Leha ho le joalo, o ne a entse sebe; empa kannete ke re ho lona, ’na, Morena, ke ts’oarela libe ho bao ba ipolelang libe tsa bona ka pele ho ’na ’me ba kopa ts’oarelo, ba sa etsang sebe se isang lefung.

8 Barutuoa ba ka, mehleng ea khale, ba batlile monyetla khahlanong le e mong ho e mong ’me ba se ke ba ts’oarela e mong ho e mong lipelong tsa bona; ’me bakeng sa bokhopo bona ba ile ba ba mahlomoleng ’me ba khalengoa haholo.

9 Ka baka leo, ke re ho lona, hore le lokela ho ts’oarela ba bang; hobane eo ea sa ts’oareleng moena oa hae lits’ito tsa hae o otloa ka pele ho Morena; hobane ho sala ho eena sebe se seholo.

10 ’Na, Morena, ke tla ts’oarela eo ke tlang ho mo ts’oarela, empa ho lona ho hlokahala hore le ts’oarele batho bohle.

11 ’Me le tlameha ho re ka lipelong tsa lona—lesang Molimo a ahlole lipakeng tsa ka le lona, ’me a le putse ho latela liketso tsa lona.

12 ’Me ea sa bakeng libeng tsa hae, ’me a sa li bolele, le tla mo tlisa ka pele ho kereke, ’me le etse ho eena joaloka ha mangolo a halalelang a bolela ho lona, leha e le ka taelo kapa ka ts’enolo.

13 ’Me sena le tla se etsa hore Molimo a ke a tlotlisoe—eseng ka lebaka la ho se ts’oarele, le sena qenehelo, empa hore le ke le be ba se nang molato mahlong a molao, hore le ke le se ke la mo khopisa eo e leng mofani oa molao—

14 Kannete ke re, ka lebaka lena le tla etsa lintho tsena.

15 Bonang, ’na, Morena, ke ile ka halefa ke eo e neng e le mohlanka oa ka Ezra Booth, ’me hape le mohlanka oa ka Isaac Morley, hobane ha ba boloka molao, leha e le taelo;

16 Ba batlile bobe lipelong tsa bona, ’me ’na, Morena, ka hula Moea oa ka. Ba ile ba ahlola ka bobe ntho eo e neng e sena bobe; leha ho le joalo ke ts’oaretse mohlanka oa ka Isaac Modley.

17 ’Me hape le mohlanka oa ka Edward Patridge, bonang, o entse sebe, ’me Satane o batla ho senya moea oa hae; empa ha lintho tsena li tsebahatsoa ho bona, ’me ba baka bobeng, ba tla ts’oareloa.

18 ’Me joale, kannete ke re ho bohlokoa ho ’na hore mohlanka oa ka Sidney Gilbert, kamor’a libeke tse ’maloa, a tle a khutlele mosebetsing oa hae, ’me le boemeling ba hae lefats’eng la Sione;

19 ’Me sane seo a se boneng ’me a se utloa se ke se tsebahatsoe ho barutuoa ba ka, hore ba se ke ba timela. ’Me ke ka lebaka lena ke buileng lintho tsena.

20 ’Me hape, ke re ho lona, hore mohlanka oa ka Isaac Modley a ke ke a lekoa ho feta kamoo a ka jarang, ’me a ke ke a eletsa hampe ho le utloisa bohloko, ke fane ka taelo hore polasi ea hae e rekisoe.

21 Ha ke batle hore mohlanka oa ka Frederick G. Williams a tle a rekise polasi ea hae, hobane ’na, Morena, ke batla ho ts’oara qhobosheane lefats’eng la Kirtland, nakong ea lilemo tse hlano, eo ka eona nke keng ka liha ba khopo, hore kahona nke ke boloke ba bang.

22 ’Me kamorao ho letsatsi leo, ’na, Morena, ha ke na ho nka mang kapa mang a le molato ea tlang ho ea ka pelo e bulehileng lefats’eng la Sione; hobane ’na, Morena, ke hloka lipelo tsa bana ba batho.

23 Bonang, joale ho bitsoa kajeno ho fihlela ho tla ha Mor’a Motho, ’me kannete ke letsatsi la sehlabelo, le letsatsi bakeng sa boshome ba batho ba ka; hobane eo ea lefang boshome a ke ke a chesoa ha a tla.

24 Hobane kamorao ho kajeno ho tla ho chesoa—hona ke ho bua ka mokhoa oa Morena—hobane kannete ke re, ka moso bohle baikhohomosi le bao ba etsang bokhopo ba tla ba joaloka mahlaka; ’me ke tla ba chesa, hobane ke ’na Morena oa Makhotla; ’me nke ke ka tlohela o fe kapa o fe ea salang Babylon.

25 Ka baka leo, haeba le lumela ho ’na, le tla sebetsa nakong e bitsoang kajeno.

26 ’Me ha hoa nepahala hore bahlanka ba ka, Newel K. Whitney le Sidney Gilbert, ba rekise lebenkele la bona le maruo a bona mona; hobane sena ha se bohlale ho fihlela masalla a kereke ao a setseng sebakeng sena, a tla ea lefats’eng la Sione.

27 Bonang, ho itsoe molaong oa ka, kapa ho thibetsoe, ho kena sekolotong le lira tsa lona;

28 Empa bonang, ha ho na mohla ho builoeng ka nako efe kapa efe hore Morena ha a na ho nka ha a batla, le ho lefa joaloka ha a bona ho le molemo.

29 Ka baka leo, joaloka ha le le baemeli, le thomong ea Morena; ’me eng kapa eng e le e etsang ho latela thato ea Morena ke boikarabello ba Morena.

30 ’Me o le behile hore le hlokomele bahalaleli ba hae matsatsing ana a ho qetela, hore ba ke ba fumane lefa lefats’eng la Sione.

31 ’Me bonang, ’na Morena, ke phatlalatsa ho lona, ’me mantsoe a ka a tiile ’me a ke ke a fetoha, hore ba tla le fumana.

32 Empa lintho tsohle li tlameha ho etsahala ka nako ea tsona.

33 Ka baka leo, le se ke la khathala ho etsa botle, hobane le beha motheo oa mosebetsi o moholo. ’Me linthong tse nyenyane ho tsoa tse kholo.

34 Bonang, Morena o hloka pelo le kelello e ikemiselitseng; ’me ba ikemiselitseng le ba mamelang ba tla ja monono oa lefats’e la Sione ka matsatsi ana a ho qetela.

35 ’Me ba koenehang ba tla khaoloa ka hare ho lefats’e la Sione, ’me ba tla romeloa hole, ’me ba ke ke ba rua lefats’e.

36 Hobane, kannete ke re ba koenehang ha se ba mali a Efraime, ka baka leo ba tla tlosoa.

37 Bonang, ’na, Morena, ke entse kereke ea ka matsatsing ana a ho qetela joaloka moahloli ea lutseng leralleng, kapa sebakeng se phahameng, ho ahlola lichaba.

38 Hobane ho tla etsahala hore baahi ba Sione ba tla ahlola lintho tsohle mabapi le Sione.

39 ’Me ba leshano le baikaketsi ba tla netefatsoa ka tsona, ’me bao eseng baapostola le baporofeta ba tla tsebahala.

40 ’Me esita le mobishopo, eo e leng moahloli, le baeletsi ba hae, haeba ba sa ts’epahale bohlokomeling ba bona, ba tla otloa, ’me ba bang ba tla khethoa sebakeng sa bona.

41 Hobane, bona, ke re ho lona hore Sione e tla tlokoma, ’me khanya ea Morena e tla ba holim’a hae;

42 ’Me e tla ba folakha ho batho, ’me ba tla tla ho eena ho tsoa lichabeng tsohle tse ka tlase ho leholimo.

43 ’Me letsatsi lea tla ha lichaba tsa lefats’e li tla thothomela ka lebaka la hae, ’me li tla ts’aba ka lebaka la ba hae ba ts’abehang. Morena o rialo. Amen.