Karolo ea 62
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, lebopong la Noka ea Missouri e Chariton, Missouri, ka la 13 Phato 1831. Ka letsatsi lena Moporofeta le sehlopha sa hae, se neng se le tseleng e tsoang Independence ho ea Kirtland, ba kopane le baholo ba ’maloa ba neng ba le tseleng ea bona ho ea lefats’eng la Sione, ’me, kamor’a litumeliso tse nyakalatsang, a amohela ts’enolo ena.
1–3, Bopaki bo ngoloa leholimong; 4–9, Baholo ba tla eta ’me ba rute ho latela kahlolo le joaloka ha ba tataisoa ke Moea.
1 Bonang, ’me le utloe, oho lona baholo ba kereke ea ka, ho rialo Morena Molimo oa lona, esita le Jesu Kreste, ’muelli oa lona, ea tsebang bofokoli ba batho le kamoo a thusang bona ba lekoang.
2 ’Me kannete mahlo a ka a holim’a bao ha joale ba e-so tsamaee ho ea lefats’eng la Sione; ka baka leo thomo ea lona ha joale ha e-so phethahale.
3 Leha ho le joalo, le lehlohonolo, hobane bopaki boo le bo faneng bo ngotsoe leholimong bakeng sa mangeloi ho bo sheba; ’me a nyakalla ke lona, ’me libe tsa lona li ts’oaretsoe.
4 ’Me joale tsoelang pele ka leeto la lona. Bokanang holim’a lefats’e la Zion; ’me le ts’oare kopano ’me le nyakalle hammoho, ’me le nehele ts’ebeletso e halalelang ho ea Holimo-limo.
5 ’Me kamorao ho moo le ka khutla ho ea paka, ee, esita le hammoho, kapa ka bobeli, joaloka ha le bona ho le molemo, ha ho tsotellehe ho ’na; ha feela le ts’epahala, ’me le phatlalatsa litaba tse molemo ho baahi ba lefats’e, kapa har’a liphutheho tsa ba khopo.
6 Bonang, ’na, Morena, ke le tlisitse hammoho hore ts’episo e ke e phethahatsoe, hore ba ts’epahalang har’a lona ba tla bolokoa ’me ba nyakalle hammoho lefats’eng la Missouri. ’Na, Morena, ke ts’episa ba ts’epahalang ’me ha nka ke ka thetsa.
7 ’Na, Morena, ke ikemiselitse, haeba e mong oa lona a lakatsa ho palama lipere, kapa limmoulo, kapa likariki, o tla fumana tlhohonolofatso ena, haeba a e fumana ho tsoa letsohong la Morena, ka pelo e tletseng teboho linthong tsohle.
8 Lintho tsena li sala le lona ho etsa ho latela qeto le tataiso ea Moea.
9 Bonang, ’muso ke oa lona. ’Me talimang, le bone, ke na le ba ts’epahalang ka mehla. Esita le joalo. Amen.