Karolo ea 61
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, lebopong la Noka ea Missouri, McIlwaine’s Bend, ka la 12 Phato 1831. Ha ba khutlela Kirtland, Moporofeta le baholo ba leshome ba ne ba theosa le Noka ea Missouri ka liketsoana. Ka letsatsi la boraro la leeto, ba ile ba tobana le likotsi tse ngata. Moholo William W. Phelps, ponong ea mots’eare, o ile a bona mosenyi a palame ka matla holim’a sefahleho sa metsi.
1–12, Morena o laetse ts’enyo tse ngata holim’a metsi; 13–22, Metsi a ile a rohakoa ke Johanne, ’me mosenyi o palame holim’a sefahleho sa oona; 23–29, Ba bang ba na le matla a ho laela metsi; 30–35, Baholo ba lokela ho tsamaea ka bobeli le ho ruta evangeli; 36–39, Ba lokela ho itokisetsa ho tla ha Mor’a Motho.
1 Bonang, ’me le mamele lentsoe la eo ea nang le matla ’ohle, ea tlohang ho bosafeleng ho isa bosafeleng, esita le Alfa le Omega, qalo le qetello.
2 Bonang, kannete joana ho rialo Morena ho lona, oho lona baholo ba kereke ea ka, ba bokaneng sebakeng sena, bao libe tsa lona li seng li ts’oaretsoe, hobane ’na, Morena, ke ts’oarela libe ’me ke mohau ho ba ipolelang libe tsa bona ka lipelo tse kokobetseng;
3 Empa kannete ke re ho lona, ha ho hlokahale hore sehlopha sena sohle sa baholo ba ka se tsamaee ka potlako holim’a metsi, ha baahi ka mahlakoreng ka bobeli ba timela ka lebaka la ho se lumele.
4 Leha ho le joalo, ke e lumelletse hore le tle le fane ka bopaki; bonang, ho na le likotsi tse ngata holim’a metsi, haholo-holo nakong e tlang.
5 Hobane ’na, Morena, ke laetse ka khalefo ea ka timetso tse ngata holim’a metsi; ee, haholo-holo holim’a metsi ana.
6 Leha ho le joalo, nama eohle e matsohong a ka, ’me ea ts’epahalang har’a lona a ke ke a timela ka metsi.
7 Ka baka leo, hoa lokeleha hore mohlanka oa ka Sidney Gilbert le mohlanka oa ka William W. Phelps ba potlake mosebetsing le thomong ea bona.
8 Leha ho le joalo, ke ne ke se na ho lumela hore le arohane ho fihlela le khalemeloa ka lebaka la libe tsohle tsa lona, e le hore le be ntho e le ’ngoe, le se ke la timella bokhopong.
9 Empa joale, kannete ke re, hoa lokeleha ho ’na hore le arohane. Ka hona, a mohlanka oa ka Sidney Gilbert le mohlanka oa ka William W. Phelps ba nke sehlopha sa bona sa pele, ’me ba tsamaee ka potlako hore ba phethe thomo ea bona, ’me ka tumelo ba tla hlola.
10 ’Me ha feela ba ts’epahala ba tla bolokeha, ’me ’na, Morena, ke tla ba le bona.
11 ’Me etsang hore masalla a nke se hlokahalang bakeng sa liaparo.
12 A mohlanka oa ka Sidney Gilbert a nke se sa hlokahaleng ho eena, joalo ka ha le tla lumellana.
13 ’Me joale, bonang, molemong oa lona ke fane ho lona taelo malebana le lintho tsena; ’me ’na, Morena, ke tla buisana le lona joaloka ha ke ne ke buisana le batho mehleng ea khale.
14 Bonang, ’na, Morena, ts’imolohong ke ile ka hlohonolofatsa metsi; empa matsatsing a ho qetela, ka molomo oa mohlanka oa ka Johanne, ke ile ka rohaka metsi.
15 Ka baka leo, ho tla tla matsatsi ao ho oona ho seng nama e tla sireletseha holim’a metsi.
16 ’Me ho tla thoe matsatsing a tlang ha ho ea ka nyolohelang lefats’eng la Sione ka metsi, ha e se ea lokileng pelong.
17 ’Me, joaloka ha ’na, Morena, ts’imolohong ke ile ka rohaka lefats’e, ka tsela e ts’oanang matsatsing a ho qetela ke le hlohonolofalitse, ka nako ea lona, bakeng sa ts’ebeliso ea bahalaleli ba ka, e le hore ba ke ba je monono oa lona.
18 ’Me joale ke le fa taelo ea hore seo ke se bolellang a le mong ke se bolella bohle, hore le lemose bana babo lona malebana le metsi ana, e le hore ba se ke ba tsamaea holim’a ’ona, esere tumelo ea bona ea hloleha ’me ba ts’oaseha marabeng.
19 ’Na, Morena, ke laetse, ’me mosenyi o palame holim’a sefahleho sa oona, ’me ha ke hlakole taelo ea ka.
20 ’Na, Morena, ke ne ke halefetse lona maobane, empa kajeno khalefo ea ka e furaletse.
21 Ka baka leo, etsang hore bao ke buileng ka bona, ba lokelang ho nka leeto la bona ka potlako—ke boetse ke re ho lona, etsang hore ba nke leeto la bona ka potlako.
22 ’Me ho sa natsehe ho ’na, ka mor’a nako e khuts’oanyane, haeba ba phetha thomo ea bona, hore na ba tsamaea metsing kapa fats’e; etsang hore sena se be joaloka ho tsebisoa ho latela kahlolo ea bona kamorao ho mona.
23 ’Me joale, mabapi le bahlanka ba ka, Sidney Rigdon, Joseph Smith, le Oliver Cowdery, etsang hore ba se ke ba khutlela hape holim’a metsi, ntle le haeba e le ka mochophoro, ha ba ntse ba le leetong ho khutlela malapeng a bona; kapa ka mantsoe a mang, ba se ke ba tsamaea holim’a metsi ho nka leeto, ntle le haeba e le ka mochophoro.
24 Bonang, ’Na, Morena, ke beile tsela bakeng sa leeto la bahalaleli ba ka; ’me bonang, ena ke tsela—hore ka mor’a hore ba tlohe mochophorong, ba tla tsamaea fats’e, hafeela ba laetsoe ho tsamaea le ho nyolohela lefats’eng la Sione;
25 ’Me ba tla etsa joaloka bana ba Iseraele, ba hlome litente tsa bona tseleng.
26 ’Me, bonang, taelo ena le tla e fana ho bohle baena ba lona.
27 Leha ho le joalo, ea filoeng matla a ho laela metsi, ho eena ho fanoe ka Moea ho tseba litsela tsohle tsa hae;
28 Ka baka leo, etsang hore a etse joaloka ha Moea oa Molimo o phelang o mo laela, hore na ke fats’e kapa metsing, kaha ho ntse ho le ho ’na ho etsa kamorao ho mona.
29 ’Me ho lona ho fanoe ka mokhoa bakeng sa bahalaleli, kapa tsela ea makhotla a bahalaleli ba Morena, ea ho eta.
30 ’Me hape, kannete ke re ho lona, bahlanka ba ka, Sidney Rigdon, Joseph Smith, le Oliver Cowdery, ba ke ke ba bula melomo ea bona liphuthehong tsa ba khopo ho fihlela ba fihla Cincinnati;
31 ’Me sebakeng seo ba tla phahamisetsa mantsoe a bona ho Molimo khahlanong le batho bao, ee, ho eena eo khalefo ea hae e tuketseng bokhopo ba bona, batho ba haufi haholo le ho butsoa bakeng sa ho timetsoa.
32 ’Me ho tloha moo, etsang hore ba nke leeto bakeng sa liphutheho tsa baena ba bona, hobane mesebetsi ea bona esita le joale e hlokahala haholo har’a bona ho feta ho liphutheho tsa ba khopo.
33 ’Me joale, malebana le masalla, etsang hore ba nke leeto ’me ba phatlalatse lentsoe har’a liphutheho tsa ba khopo, kahohle kamoo ho fanoeng;
34 ’Me ha feela ba etsa joalo, ba tla hlobola liaparo tsa bona, ’me ba tla hloka letheba ka pele ho ’na.
35 ’Me etsang hore ba tsamaee hammoho, kapa ka bobeli ka babeli, kamoo ba bonang ho lokile, etsang feela hore mohlanka oa ka, Reynolds Cahoon, le mohlanka oa ka, Samuel H. Smith, bao ke khahliloeng haholo ke bona, ba se ke ba arohana ho fihlela ba khutlela malapeng a bona, ’me sena ke bakeng sa morero o bohlale ho ’na.
36 ’Me joale, kannete ke re ho lona, ’me seo ke se buoang ho motho e mong ke seo ke se buoang ho bohle, betang lipelo, bana ba banyenyane; hobane ke teng ka hare lona, ’me ha ke a le tlohela;
37 ’Me ha feela le ikokobelitse ka pele ho ’na, litlhohonolofatso tsa ’muso ke tsa lona.
38 Tlamang matheka a lona, le falimehe, ’me le be masene, le shebile pele ka ho emela ho tla ha Mor’a Motho, hobane o tla ka hora eo le sa e nahanang.
39 Rapelang kamehla hore le se kene molekong, hore le ke le mamelle letsatsi la ho tla ha hae, hore na ke bophelong kapa lefung. Esita le joalo. Amen.