Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 60


Karolo ea 60

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Independence, Jackson County, Missouri ka la 8 Phato 1831. Ketsahalong ena baholo ba neng ba etetse Jackson County ’me ba nkile karolo tlhohonolofatsong ea sebaka le sets’a sa tempele ba ne ba lakatsa ho tseba seo ba neng ba lokela ho se etsa.

1–9, Baholo ba tla ruta evangeli liphuthehong tsa ba khopo; 10–14, Ha ba lokela ho senya nako ea bona, kapa ho pata lineo tsa bona; 15–17, Ba ka hlatsoa maoto a bona e le bopaki khahlanong le bao ba latolang evangeli.

1 Bonang, joana ho rialo Morena ho baholo ba kereke ea hae, ba tlang ho khutlela ka potlako lefats’eng leo ba tsoang ho lona: Bonang, ho khahlisa ’na, hore le tlile koano;

2 Empa ka ba bang ha kea khahloa, hobane ha ba ka ba bula melomo ea bona, empa ba patile neo eo ke ba fileng eona, ka lebaka la ho ts’aba batho. Ho malimabe ba joalo, hobane khalefo ea ka ea tuka khahlanong le bona.

3 ’Me ho tla etsahala, haeba ba sa ts’epahale ka ho fetisisa ho ’na, ho tla nkoa esita le seo ba neng ba e-na le sona.

4 Hobane ’na, Morena, ke busa maholimong holimo, le har’a mabotho a lefats’e; ’me ka letsatsi leo ke tlang ho hloaea mahakoe a ka, batho bohle ba tla tseba seo se bonts’ang matla a Molimo.

5 Empa, kannete, ke tla bua ho lona malebana le leeto la lona lefats’eng leo le tsoang ho lona. Lumellang hore seketsoana se etsoe, kapa se rekoe, joaloka ha le bona ho le molemo, ha ho taba ho ’na, ’me nkang leeto la lona ka potlako ho ea sebaka se bitsoang St. Louis.

6 ’Me ho tloha moo etsang hore bahlanka baka, Sidney Rigdon, Joseph Smith, le Oliver Cowdery, ho nka leeto la bona ho ea Cincinnati;

7 ’Me sebakeng sena ha ba phahamise lentsoe la bona le ho phatlalatsa lentsoe la ka ka mantsoe a phahameng, a senang khalefo kapa pelaelo, ba phahamisa matsoho a halalelang holim’a bona. Hobane ke tseba ho le halaletsa, ’me libe tsa lona li ts’oaretsoe.

8 ’Me etsa hore masalla a nke leeto ho tloha St. Louis, ka bobeli, ’me a rute lentsoe la ka, eseng ka ho potlaka, har’a liphutheho tsa ba khopo, ho fihlela ba khutlela likerekeng tseo ba tsoang ho tsona.

9 ’Me tsena tsohle molemong oa likereke; ke ka lebaka lena ke ba romileng.

10 ’Me etsang hore mohlanka oa ka Edward Partridge a fane ka chelete eo ke mo fileng eona, karoloana ea eona ho baholo ba ka ba laetsoeng ho khutla;

11 ’Me eo ea khonang, etsang hore a e khutlise ka tsela ea moemeli; ’me ea sitoang, ho eena ha ho hlokahale.

12 ’Me joale ke bua ka masalla a tlang ho tla lefats’eng lena.

13 Bonang, ba romiloe ho ruta evangeli ea ka har’a liphutheho tsa ba khopo; ka baka leo, ke ba fa taelo, joana: Le seke la senya nako ea lona leha e le ho pata neo ea lona hore e ke e seke ea tsejoa.

14 ’Me kamor’a hore le tle lefats’eng la Zion, ’me la phatlalatsa lentsoe la ka, le tla khutla ka potlako, le phatlalatsa lentsoe har’a liphutheho tsa ba khopo, eseng ka ho potlaka, leha e le ka khalefo kapa ka likhoka.

15 ’Me le hlohlore lerole maotong a lona khahlanong le bao ba sa le amoheleng, eseng ponts’eng ea bona, esere la ba halefisa, empa lekunutung; ’me le hlatsoe maoto a lona, e le bopaki khahlanong le bona ka letsatsi ka kahlolo.

16 Bonang, sena se lekane bakeng sa lona, ’me ke thato ea ea le romileng.

17 ’Me ka molomo oa mohlanka oa ka Joseph Smith, li tla tsebahatsoa malebana le Sidney Rigdon le Oliver Cowdery. Masalla ao kamorao ho mona. Esita le joalo. Amen.