Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 59


Karolo ea 59

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Zion, Jackson County, Missouri ka la 7 Phato 1831. Ho etella pele ts’enolo ena, lefats’e leo le ile la halaletsoa, joaloka ha Morena a ne a laetse, ’me sets’a bakeng sa tempele ea kamoso se ile sa hlohonolofatsoa. Ka letsatsi leo ts’enolo ena e ileng ea amoheloa, Polly Knight, mosali oa Joseph Knight Sr., o ile a shoa, setho sa pele sa Kereke sa ho shoa Sione. Litho tsa pele li hlalositse ts’enolo ena e le e “laelang bahalaleli hore ke joang ba bolokang sabatha le ho itima le ho rapela.”

1–4, Bahalaleli ba ts’epahalang Sione ba tla hlohonolofala; 5–8, Ba lokela ho rata le ho kotlolohotsa Morena ’me ba boloke litaelo tsa hae; 9–19, Ka ho boloka letsatsi la Morena le halalela, Bahalaleli ba hlohonolofatsoa nameng le moeeng; 20–24, Ba lokileng ba ts’episoa khotso lefats’eng lena le bophelo ba bosafeleng lefats’eng le tlang.

1 Bonang, ho lehlohonolo, ho rialo Morena, bao ba tlileng lefats’eng lena ka leihlo le le leng tlotlisong ea ka, ho latela litaelo tsa ka.

2 Hobane bao ba phelang ba tla rua lefats’e, ’me bao ba shoang ba tla phomola mesebetsing eohle ea bona, ’me mesebetsi ea bona e tla ba latela; ’me ba tla amohela moqhaka meahong ea Ntate, eo ke e lokisitseng bakeng sa bona.

3 Ee, ho lehlohonolo bao maoto a bona a emang holim’a lefats’e la Sione, ba ileng ba mamela evangeli ea ka; hobane ba tla amohela bakeng sa moputso oa bona lintho tse molemo tsa lefats’e, ’me le tla tlisa matla a lona.

4 ’Me ba tla boela ba roesoe moqhaka ka litlhohonolofatso tse tsoang holimo, ee, le ka litaelo eseng tse ’maloa, le ka ts’enolo ka nako ea tsona—bao ba ts’epahalang ’me ba mafolofolo ka pele ho ’na.

5 Ka baka leo, ke fana ho bona taelo, ke re joana: U tla rata Morena Molimo oa hau ka pelo eohle ea hau, ka sefutho sohle sa hau, mohopolo le matla; ’me ka lebitso la Jesu Kreste u tla mo sebeletsa.

6 U rate ua heno joaloka ha u ithata. U se ke ua utsoa; leha e le ho feba, kapa ho bolaea, kapa ho etsa eng kapa eng e ts’oanang le hona.

7 U lebohe Morena Molimo ua hau linthong tsohle.

8 U nehele sehlabelo ho Morena Molimo ua hau ka ho loka, esita le sa pelo e robehileng le moea o soabileng.

9 ’Me e le hore u ke u ipoloke ka botlalo u sena letheba ho tloha lefats’eng, u tla ea tlung ea thapelo ’me u tla nka karolo lits’ebeletsong tse halalelang ka letsatsi la ka le halalelang;

10 Hobane kannete lena ke letsatsi le khethetsoeng lona ho phomola mesebetsing ea lona, ’me le ho lefa boineelo ba lona ho Molimo ea Holimo-limo.

11 Leha ho le joalo likano tsa hau li tla neheloa ka ho loka ka matsatsi ’ohle le ka linako tsohle;

12 Empa hopola hore ka lena, letsatsi la Morena, u tla nehela linyehelo tsa hau le lits’ebeletso tse halalelang ho ea Holimo-limo, u ipolela libe ho baena ba hau, le ka pele ho Morena.

13 ’Me ka lena letsatsi u se ke ua etsa letho le leng, feela etsa hore lijo tsa hau li lokisoe ka pelo e le ’ngoe hore ho itima ha hau ho ke ho phethahale, kapa, ka mantsoe a mang, hore nyakallo ea hau e ke e tlale.

14 Kannete, sena ke ho itima le thapelo, kapa ka mantsoe a mang, nyakallo le thapelo.

15 ’Me ha feela le etsa lintho tsena ka teboho, ka lipelo tse thabileng le lifahleho, eseng ka lets’eho le leholo, hobane sena ke sebe, empa ka pelo e khotsofetseng le sefahleho se thabileng.

16 Kannete ke re, hore ha feela le etsa sena, lefats’e le feletseng ke la hau, libata tsa naha le linonyana tsa moeeng, ’me le tseo tse hloellang holim’a lifate ’me li tsamaea holim’a lefats’e;

17 Ee, le limela, le lintho tse molemo tse tlang ka lefats’e, hore na ke bakeng sa lijo kapa bakeng sa liaparo, kapa bakeng sa matlo, kapa bakeng sa meliko, kapa bakeng sa lifate tsa litholoana, kapa bakeng sa lirapa, kapa bakeng sa ts’imo ea morara;

18 Ee, lintho tsohle tse tlang ka lefats’e, ka nako eo, li entsoe molemong le ts’ebelisong ea batho, ka bobeli ho khahlisa leihlo le ho khotsofatsa pelo;

19 Ee, bakeng sa lijo le bakeng sa liaparo, bakeng sa tatso le bakeng sa monko, ho matlafatsa ’mele le ho tsosa moea.

20 ’Me ho khahlisa Molimo hore o fane ka lintho tsena tsohle ho batho; hobane ka sepheo sena li ile tsa etsoa hore li sebelisoe, ka toka, eseng ka senyekhenyekhe, leha e le ka mahahapa.

21 ’Me ha ho ka letho leo batho ba siteloang Molimo, kapa bao khalefo ea hae e tukang khahlanong le bona, ntle le bao ba sa ananeleng letsoho la hae linthong tsohle, le ho se mamele litaelo tsa hae.

22 Bonang, sena ke ho latela molao le baporofeta; ka baka leo, le se ke la hlola le nkhathatsa malebana le taba ena.

23 Empa ithute hore eo ea etsang mesebetsi ea ho loka o tla fumana moputso oa hae, esita le khotso lefats’eng lena, le bophelo ba bosafeleng lefats’eng le tlang.

24 ’Na, Morena, ke e buile, ’me Moea oa paka. Amen.