Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 56


Karolo ea 56

Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 15 Phuptjane 1831. Tsenolo ena e khalemela Ezra Thayre ho se mamele ts’enolo ea pele (“taelo” e boletsoeng temaneng ea 8), eo Joseph Smith a neng a e amohetse bakeng sa hae, e laelang Thayre mabapi le mesebetsi ea hae polasing ea Frederick G. Williams, moo a neng a phela teng. Ts’enolo e latelang e boetse e hlakola pitso ea Thayre ea ho ea Missouri le Thomas B. Marsh (bona khaolo ea 52:22).

1–2, Bahalaleli ba lokela ho nka sefapano sa bona ’me ba latele Morena ho fumana poloko; 3–13, Morena oa laela ebile oa hlakola, ’me ba sa mameleng ba lahloa; 14–17, Ho malimabe barui ba ke keng ba thusa mafutsana, ’me ho malimabe mafutsana ao lipelo tsa oona li sa robehang; 18–20, Ho lehlohonolo mafutsana ao lipelo tsa oona li hloekileng, hobane ba tla rua lefats’e.

1 Mamelang, oho lona batho ba bolelang lebitso la ka, ho rialo Morena Molimo oa lona; hobane bonang, khalefo ea ka e tuka khahlanong le marabele, ’me ba tla tseba letsoho la ka le bohale ba ka, ka letsatsi la ketelo le khalefo holim’a lichaba.

2 ’Me ea ke keng a nka sefapano sa hae ’me a ntatela, le ho boloka litaelo tsa ka, ea joalo a ke ke a bolokoa.

3 Bonang, ’na, Morena, kea laela; ’me ea ke keng a mamela o tla khaoloa ha nako ea ka e fihla, kamor’a hore ke laele ’me taelo e rojoe.

4 Ka baka leo, ’na, Morena, kea laela ’me kea hlakola, joaloka ha ho bonahala ho le molemo ho ’na; ’me tsena tsohle li tla arajoa holim’a lihlooho tsa bakoenehi, ho rialo Morena.

5 Ka baka leo, ke hlakola taelo e neng e fanoe ho bahlanka ba ka Thomas B. Marsh le Ezra Thayre, ’me ke fana ka taelo e ncha ho mohlanka oa ka Thomas, hore a nke leeto la hae ka potlako ho ea lefats’eng la Missouri, ’me mohlanka oa ka Selah J. Griffin o tla tsamaea le eena.

6 Hobane bonang, ke hlakola taelo e neng e fanoe ho bahlanka ba ka Selah J. Griffin le Newel Knight, ka lebaka la ho satalatsa melala ha batho ba ka ba Thompson, le borabele ba bona.

7 Ka baka leo, etsang hore mohlanka oa ka Newel Knight a sale le bona; ’me ba bangata ba batlang ho ea, ba ka ea, bao ba soabileng ka pele ho ’na, ’me ba etelloe pele ke eena ho ea naheng eo ke e khethileng.

8 ’Me hape, kannete ke re ho lona, mohlanka oa ka Ezra Thayre o tlameha ho bakela boikhohomoso ba hae, le boikhants’o ba hae, le ho mamela taelo ea pele eo ke mo fileng eona malebana le sebaka seo a phelang ho sona.

9 ’Me haeba o tla etsa sena, joaloka ha ho ke ke ha e-ba le likaroloana tse etsoang holim’a lefats’e leo, o tla khetheloa hape ho ea lefats’eng la Missouri;

10 Ho seng joalo o tla amohela chelete eo a e lefileng, ’me o tla tloha sebakeng seo, le ho khaoloa kerekeng ea ka, ho rialo Morena Molimo oa makhotla;

11 ’Me leha leholimo le lefats’e li ka feta, mantsoe ana a ke ke a feta, empa a tla phethahala.

12 ’Me haeba mohlanka oa ka Joseph Smith, a tlameha ho lefa chelete, bonang, ’na, Morena, ke tla e lefa ho eena hape lefats’eng la Missouri, hore bao a tlang ho ba amohela ba ke ba putsoe hape ho latela seo ba se etsang;

13 Hobane ho latela seo ba se etsang, ba tla amohela, esita le mafats’e bakeng sa lefa la bona.

14 Bonang, joana ho rialo Morena ho batho ba ka—le na le lintho tse ngata tseo le lokelang ho li etsa le ho baka ho tsona; hobane bonang, libe tsa lona li tlile ho ’na, ’me ha lia ts’oareloa, hobane le batla ho eletsoa ka litsela tsa lona.

15 ’Me lipelo tsa lona ha li khotsofale. ’Me ha le mamele ’nete, empa le ba le thabo ho tse sa lokang.

16 Ho malimabe lona batho ba ruileng, ba ke keng ba fana ka maruo a bona ho mafutsana, hobane maruo a lona a tla bolisa moea ea lona; ’me sena e tla ba sello sa lona ka letsatsi la ketelo, le la kahlolo, le la khalefo: Kotulo e fetile, lehlabula le felile, ’me moea oa ka ha oa pholosoa!

17 Ho malimabe lona batho ba futsanehileng, bao lipelo tsa lona li sa robehang, bao moea ea bona e sa soabang, le bao limpa tsa bona li sa khotsofaleng, le bao matsoho a bona a sa thibeloang ho ts’oara thepa ea batho ba bang, bao mahlo a bona a tletseng meharo, le ba ke keng ba sebetsa ka matsoho a lona!

18 Empa ho lehlohonolo mafutsana a hloekileng pelong, ao lipelo tsa bona li robehileng, le ao moea ea bona e soabileng, hobane ba tla bona ’muso oa Molimo o tla ka matla le khanya e kholohali bakeng sa topollo ea bona; hobane monono oa lefats’e e tla ba oa bona.

19 Hobane bonang, Morena o tla tla, ’me moputso oa hae o tla ba le eena, ’me o tla putsa motho e mong le e mong, ’me mafutsana a tla nyakalla;

20 ’Me meloko ea bona e tla rua lefats’e ho tloha molokong ho ea molokong o mong, kamehla le mehla. ’Me joale ke etsa qetello ea ho bua le lona. Esita le joalo. Amen.