Karolo ea 55
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho William W. Phelps, Kirtland Ohio, ka la 14 Phuptjane 1831. William W. Phelps, oa mohatisi, le lelapa la hae ba ne ba qeta ho fihla Kirtland, ’me Moporofeta a batla ho Morena tlhahiso-leseling malebana le eena.
1–3, William W. Phelps o bitsoa le ho khethoa hore a kolobetsoe, a behoe matsoho hore e be moholo, ’me a rute evangeli; 4, Hape o tla ngola libuka bakeng sa bana likolong tsa Kereke; 5–6, O tla etela Missouri, moo e tlang ho ba sebaka sa mesebetsi ea hae.
1 Bona, joana ho rialo Morena ho uena, mohlanka oa ka William, ee, esita le Morena oa lefats’e lohle, ke uena ea bitsoang ’me ea khethiloeng; ’me kamorao hore u kolobetsoe ka metsi, seo haeba u se etsa ka leihlo le le leng tlotlisong ea ka, u tla ba le ts’oarelo ea libe ’me le kamohelo ea Moea o Halalelang ka peho ea matsoho;
2 ’Me e be u tla behoa matsoho ka letsoho la mohlanka oa ka Joseph Smith, hore u be moholo oa kereke, ho ruta pako le ts’oarelo ea libe ka tsela ea kolobetso ka lebitso la Jesu Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.
3 ’Me ho bohle bao u tlang ho beha matsoho a hau ho bona, haeba ba soabile ka pele ho ’na, u tla ba le matla a ho fana ka Moea o Halalelang.
4 ’Me hape, u tla behoa matsoho ho thusa mohlanka oa ka Oliver Cowdery ho etsa mosebetsi oa ho hatisa, le oa ho khetha le oa ho ngola libuka bakeng sa likolo tsa kereke ena, hore bana ba banyenyane hape ba ke ba amohele thuto ka pele ho ’na joaloka ha ho khahlisa ho ’na.
5 ’Me hape, kannete ke re ho uena, bakeng sa sepheo sena u tla nka leeto la hau le mohlanka oa ka Joseph Smith le Sidney Rigdon, hore u ke u jaloe lefats’eng la bojalefa ba hau ho etsa mosebetsi oona.
6 ’Me hape, etsa hore mohlanka oa ka Joseph Coe le eena a nke leeto la hae le bona. Tse setseng li tla tsebahala kamorao ho mona, esita le joaloka ha ke batla. Amen.