Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 53


Karolo ea 53

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Algernon Sidney Gilbert, Kirtland Ohio, ka la 8 Phuptjane 1831. Ka kopo ea Sidney Gilbert, Moporofeta o ile a botsa ho Morena ka mosebetsi oa Moena Gilbert le ho khethoa hoa hae ka kerekeng.

1–3, Pitso le khetho ea Sidney Gilbert ka hare ho kereke ke ho behoa matsoho e le moholo; 4–7, O lokela hape ho sebeletsa e le mothusi oa mobishopo.

1 Bona, ke re ho uena mohlanka oa ka Sidney Gilbert, hore ke utloile lithapelo tsa hau; ’me u bitsitse ho ’na hore ho ke ho tsebahatsoe ho uena, ka Morena Molimo oa hau, malebana le pitso le khetho ea hau ka hare ho kereke, eo ’na Morena ke e thehileng matsatsing ana a ho qetela.

2 Bona, ’na Morena, ea ileng a thakhisoa bakeng sa libe tsa lefats’e, ke u fa taelo hore u tla tlohela tsa lefats’e.

3 Inkele peho ea ka ea matsoho, esita le ea moholo, ho ruta tumelo le pako le tlhatsuo ea libe, ho latela lentsoe la ka, le kamohelo ea Moea o Halalelang ka peho ea matsoho;

4 ’Me hape ho ba moemeli oa kereke sebakeng se tlang ho khethoa ke mobishopo, ho latela litaelo tse tlang ho fanoa kamor’a mona.

5 ’Me hape, kannete ke re ho uena, u tla nka leeto la hau le mohlanka oa ka Joseph Smith le Sidney Rigdon.

6 Bona, tsena ke lits’ebeletso tsa pele tseo u tlang ho li fuoa; ’me masalla a tla tsebisoa ha nako e fihla, ho latela mosebetsi oa hau ts’imong ea ka ea morara.

7 ’Me hape, ke batla u ithute hore ea bolokoang ke ea mamellang ho isa qetellong. Esita le joaloo. Amen.