Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 51


Karolo ea 51

Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith, Thompson, Ohio, ka la 20 Mots’eanong 1831. Ka nako ena, bahalaleli ba neng ba falla ho tsoa linaheng tsa bochabela ba ile ba qala ho fihla Ohio, ’me ha ba bohlokoa hore ho etsoe litokiso tse hlakileng bakeng sa ho jaka ha bona. Kaha mosebetsi ona o ne o le tlas’a ofisi ea mobishopo ka kotloloho, Mobishopo Edward Partridge o ile a batla litaelo mabapi le taba ena, ’me Moporofeta a botsa Morena.

1–8, Edward Partridge o behoa hore a laole bolebeli le thepa; 9–12, Bahalaleli ba lokela ho sebetsa ka bots’epehi le ho amohela ka ho ts’oana; 13–15, Ba lokela ho ba le ntlo ea polokelo ea mobishopo le ho hlophisa thepa ho ea ka molao oa Morena; 16–20, Ohio e lokela ho ba sebaka sa nakoana sa phutheho.

1 Mamelang ho ’na, ho bolela Morena Molimo oa lona, ’me ke tla bua ho mohlanka oa ka Edward Partridge, ke mo fe litaelo; hobane ho hlokahala hore a fumane litaelo mabapi le mokhoa oa ho hlophisa sechaba sena.

2 Hobane ho hlokahala hore ba hlophisoe ho ea ka melao ea ka; haeba ho sa etsoe joalo, ba tla khaoloa.

3 Ka hona, etsa hore mohlanka oa ka Edward Partridge, le bao a ba khethileng, bao ke khahliloeng ke bona, ba abele sechaba sena likarolo tsa bona, e mong le e mong ka ho lekana ho ea ka lelapa la hae, ho ea ka maemo a hae, tseo a li batlang le tseo a lihlokang.

4 ’Me etsa hore mohlanka oa ka Edward Partridge, ha a abela motho karolo ea hae, a mo fe lengolo le tla tiisa karolo ea hae, e le hore a le ts’oare, esita le tokelo ena le lefa lena ka kerekeng, ho fihlela a tlola melao ’me a nkoa a sa lokela ka lentsoe la kereke, ho ea ka melao le lilekane tsa kereke, hore e be karolo ea kereke.

5 ’Me haeba a tla etsa tlolo ’me a nkoa a sa lokela ho ba karolo ea kereke, a ke ke a ba le matla a ho kopa le ha ana le tokelo karolong eo a e nehetseng ho mobishopo bakeng sa mafutsana le ba hlokang ba kereke ea ka; ka baka leo, o tla sitoa ho boloka neo eo, empa o tla ba le tokelo feela karolong eo a e abetsoeng ka molao.

6 ’Me joana, lintho tsohle li tla tiisetsoa ho ea ka melao ea naha.

7 ’Me etsa hore seo e leng sa sechaba sena se abeloe sechaba sena.

8 ’Me chelete e setseng ho sechaba sena—etsa hore ho be le moemeli ea khethoang ho sechaba sena, ho nka chelete ho ba thusa ka lijo le liaparo, ho latela seo sechaba sena se se batlang.

9 ’Me etsa hore motho e mong le e mong a sebetse ka bots’epehi, ’me ba lekane har’a sechaba sena, ’me ba amohele ka ho lekana, hore le be ntho e le ’ngoe, esita le joalo ka ha ke le laetse.

10 ’Me etsa hore seo e leng sa sechaba sena se se ke sa nkoa ’me sa fuoa ba kereke e ’ngoe.

11 Ka baka leo, haeba kereke e ’ngoe e ka amohela chelete ea kereke ena, etsa hore ba lefe ho kereke ena hape ho latela ka moo ba tla lumellana ka teng;

12 ’Me sena se tla etsoa ka mobishopo kapa moemeli, ea tla khethoa ka lentsoe la kereke.

13 ’Me hape etsa hore mobishopo a thehe ntlo ea polokelo bakeng sa kereke ena; ’me etsa hore lintho tsohle, bobeli ka chelete kapa ka lijo, tse fetang tse hlokahalang bakeng sa litlhoko tsa sechaba sena, li bolokoe matsohong a mobishopo.

14 ’Me etsa hore hape a ipolokele bakeng sa litlhoko tsa hae, ’me le bakeng sa litlhoko tsa lelapa la hae, joaloka ha a tla be a nkile karolo ka ho etsa mosebetsi ona.

15 ’Me joana ke neha sechaba sena monyetla oa ho itlhopha ho latela melao ea ka.

16 ’Me ke ba khethela lefats’e lena bakeng sa nako e khuts’oanyane, ho fihlela ’na, Morena, ke tla fana bakeng sa bona ka tsela e ’ngoe, ’me ke ba laele ho tloha mona.

17 ’Me hora le letsatsi ha lia fanoa ho bona, ka baka leo etsa hore ba phele lefats’eng lena joaloka ha eka ke bakeng sa lilemo-lemo, ’me sena se tla fetoha bakeng sa molemo oa bona.

18 Bonang, sena e tla ba mohlala ho mohlanka oa ka Edward Partridge, libakeng tse ling, likerekeng tsohle.

19 ’Me mang kapa mang ea fumanoang e le ea ts’epahalang, ea lokileng, le mohlokomeli ea bohlale o tla kena nyakallong ea Morena oa hae, ’me o tla ja lefa la bophelo ba bosafeleng.

20 Kannete, ke re ho lona, ke ’na Jesu Kreste, ea tlang ka potlako, ka hora eo le sa e nahanang. Esita le joalo. Amen.