Karolo ea 48
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 10 Tlhakubele 1831. Moporofeta o ne a ile a botsa ho Morena ho latela mokhoa oa ts’ebetso oa ho fumana lits’a bakeng sa bolulo ba Bahalaleli. Ena e ne e le taba ea bohlokoa ka lebaka la ho falla ha litho tsoa Kereke ho tloha United State e bochabela, e le ho mamela taelo ea Morena ea hore ba bokane Ohio (bona likarolo tsa 37:1–3; 45:64).
1–3, Bahalaleli ba Ohio ba tla arola mobu oa bona le baena ba bona; 4–6, Bahalaleli ba tla reka mobu, ba ahe motse, ’me ba latele keletso ea liofisiri tsa bona tse ba okametseng.
1 Ho hlokahala hore le tle le sale nakong ena libakeng tsa lona tsa bolulo, joaloka ha ho tla be ho loketse maemo a lona.
2 ’Me ha feela le na le mobu, le tla li abela baena ba lona ba bochapela;
3 ’Me ha feela le se na mobu, etsang hore ba reke nakong ena tikolohong tseo tse pota-potileng, joaloka ha ho bonahala ho le molemo ho bona, hobane ho hlokahala hore ba be le libaka tsa ho phela nakong ena.
4 Ho hlokahala hore le boloke chelete eohle eo le ka e bolokang, ’me le hore le fumane tsohle tseo le ka li khonang ka ho loka, hore ka nako le ke le nolofalloe ke ho reka lits’a bakeng sa lefa, esita le motse.
5 Sebaka seo se tla be se e-so senoloe; empa kamor’a hore baena ba lona ba tle ho tsoa bochabela, ho na le batho ba itseng ba tla khethoa, ’me ho bona ho tla fanoa ho tseba sebaka seo, kapa ho bona se tla senoloa.
6 ’Me ba tla kethoa ho reka mobu, le ho etsa qalo ea ho beha motheo oa motse; ’me le tla qala ho bokelloa le ka malapa a lona, motho e mong le e mong ho latela lelapa la hae, ho latela maemo a hae, ’me joaloka ha ho khethetsoe eena ke boetapele le mobishopo oa kereke, ho latela melao le litaelo tseo le li amohetseng, ’me tseo le tla li amohela kamorao ho mona. Esita le joalo. Amen.