Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 47


Karolo ea 47

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 8 Tlhakubele 1831. John Whitmer, ea neng a ile a sebeletsa e le tlelereke ea Moporofeta, qalong o ile a ba lesisitheho ha a koptjoa ho sebetsa e le ranalane le mongoli oa Kereke, a kenela Oliver Cowdery. O ile a ngola: “Ke ne ka khetha ho se e etse, empa hlokomela hore thato ea Morena e etsahale, ’me haeba a e lakatsa, ke lakatsa hore a ka e bonahatse ka Joseph oa Senohe.” Ka mor’a hore Joseph Smith a fumane ts’enolo ena, John Whitmer o ile a amohela mosebetsi oa hae ’me a sebeletsa boemong bo behiloeng.

1–4, John Whitmer o behoa hore a boloke nalane ea Kereke le ho ngola bakeng sa Moporofeta.

1 Bonang, ho bohlokoa ho ’na hore mohlanka oa ka John a ngole le ho boloka nalane kamehla, hape a u thuse, mohlanka oa ka Joseph, ho fetolela ka mongolo lintho tsohle tseo u tlang ho li fuoa, ho fihlela a bitsetsoa mesebetsi e meng.

2 Hape, kannete ke re ho lona le eena a ka boela a phahamisa lentsoe la hae likopanong, neng kapa neng ha ho ba bohlokoa.

3 ’Me hape, ke re ho lona hore ho tla beoa ho eena hore a boloke litlaleho le nalane ea kereke kamehla; hobane Oliver Cowdery ke mo khethetse mosebetsing o mong.

4 Ka baka leo, ho tla fanoa ho eena, ha feela a ts’epahala, ka Mots’elisi, ho ngola lintho tsena. Esita le joalo. Amen.