Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 46


Karolo ea 46

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Kereke, Kirtland Ohio, ka la 8 Tlhakubele 1831. Nakong ena ea pele ea Kereke, mohlala oa bonngoe bakeng sa ho tsamaisa lits’ebeletso tsa Kereke o ne e-so thehoe. Leha ho le joalo, tloaelo ea ho amohela litho feela le bafuputsi ba tiileng likopanong tsa selallo le likopanong tse ling tsa Kereke e ile ea fetoha e atileng. Ts’enolo ena e hlalosa thato ea Morena mabapi le ho laola le ho tsamaisa likopano le tataiso ea hae ho batla le ho lemoha lineo tsa Moea.

1–2, Baholo ba lokela ho tsamaisa likopano joaloka ha ba tataisoa ke Moea o Halalelang; 3–6, Babatli ba ’nete ha ba lokela ho se kenyeletsoe lits’ebeletsong tsa selallo; 7–12, Kopa Molimo ’me o batle lineo tsa Moea; 13–26, Palo ea tse ling tsa lineo tsena ea fanoa; 27–33, Baetapele ba kereke ba fuoa matla a ho lemoha lineo tsa Moea.

1 Mamelang, Oho lona batho ba kereke ea ka; hobane kannete ke re ho lona hore lintho tsena li builoe ho lona molemong oa lona le boithuto ba lona.

2 Empa ho sa natsoe lintho tseo tse ngoliloeng, ha esale ho fanoe ho baholo ba kereke ea ka ho tloha qalong, ’me ho tla ba joalo kamehla, ho tsamaisa likopano tsohle joaloka ha li tsamaisoa le ho tataisoa ke Moea o Halalelang.

3 Leha hole joalo le laeloa ho se hlole le leleka mang kapa mang kantle likopanong tsa lona tsa sechaba tse ts’oareloang ka pel’a lefats’e.

4 Le boetse le laeloa ho se leleke eo e leng karolo ea kereke likopanong tsa selallo; leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a sitiloe, etsang hore a se ke a nka selallo ho fihlela a entse poelano.

5 ’Me hape ke re ho lona, ha le na ho leleka mang kapa mang kantle ho likopano tsa selallo bao ka tieo ba batlang ’muso—ke bua sena malebana le bao eseng ba kereke.

6 ’Me ke re ho lona, malebana le likopano tsa lona tsa netefatso, hore haeba ho tla ba le bao eseng ba kereke, ba batlang ’muso ka tieo, ha le na ho ba lelekella kantle.

7 Empa le laeloa linthong tsohle ho kopa Molimo, ea fanang a sa khanane; ’me eo Moea o pakang ho lona esita le joalo ke re le lokela ho etsa khalalelo ea lipelo tsa lona tsohle, le tsamaee ka ho loka ka pele ho ’na, le ntse le nahana ka qetello ea poloko ea lona, le etsa lintho tsohle ka thapelo le ka teboho, hore le se ke la thokoloa ke meea e mebe, kapa lithuto tsa diabolose, kapa litaelo tsa batho; hobane tse ling ke tsa batho, ’me tse ling ke tsa diabolose.

8 Ka baka leo, hlokomelang e sere la thetsoa; ’me hore le ke le se ke la thetsoa le batle ka tieo lineo tse molemo, kamehla le hopola na ke hobaneng ha li fanoa;

9 Hobane kannete ke re ho lona, li fanoa molemong oa bao ba nthatang ’me ba bolokang litaelo tsa ka, le eena ea batlang ho etsa joalo; hore bohle ba ke ba une molemo ba batlang kapa ba kopang ho ’na, hore ba kopang ’me eseng mats’oao hore ba ke ba khotsofatse litakatso tsa bona.

10 ’Me hape, kannete ke re ho lona, ke re le lokela ho hopola kamehla, ’me kamehla le behe ka likelellong tsa lona seo lineo tseo e leng sona, tse fanoang ho kereke.

11 Hobane ha se bohle ba filoeng lineo; hobane ho na le lineo tse ngata, ’me ho motho e mong le e mong ho fanoe neo ka Moea oa Molimo.

12 Ho ba bang ho fanoe ka e le ’ngoe, ’me ho ba bang ho fanoe e ’ngoe, hore bohle ba fumane molemo ka tsela ena.

13 Ho ba bang ho fanoe ka Moea o Halalelang ho tseba hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo, le hore o ile a thakhisoa bakeng sa libe tsa lefats’e.

14 Ho ba bang ho fanoe ho lumela mantsoeng a bona, hore le bona ba ke ba be le bophelo ba bosafeleng haeba ba tsoelapele ho ts’epahala.

15 ’Me hape, ho ba bang ho fanoe ka Moea o Halalelang ho tseba liphapano lipakeng tsa tsamaiso, joaloka ha ho tla khahlisa ho Morena ea ts’oanang, ho latela joaloka ha Morena a batla, ho lekana mehauhelo ea hae ho ea ka maemo a bana ba batho.

16 ’Me hape, ho fanoe ka Moea o Halalelang ho ba bang ho tseba litsela tse fapaneng tsa ts’ebetso, hore na ke tsa Molimo, hore ponahatso ea Moea e ke e fanoe ho motho e mong le e mong ho una molemo ke hona.

17 ’Me hape, kannete ke re ho lona, ho ba bang ho fanoe, ka Moea oa Molimo, lentsoe la bohlale.

18 Ho e mong ho fanoe lentsoe la tsebo, hore bohle ba ke ba rutoe ho ba bohlale le ho ba le tsebo.

19 ’Me hape, ho ba bang ho fanoe ho ba le tumelo ea ho folisoa;

20 ’Me ho ba bang ho fanoe ho ba le tumelo ea ho folisa.

21 ’Me hape, ho ba bang ho fanoe ts’ebetso ea mehlolo;

22 ’Me ho ba bang ho fanoe ho porofeta;

23 ’Me ho ba bang ho lemoha meea.

24 ’Me hape, ho fanoe ho ba bang ho bua ka maleme;

25 ’Me ho ba bang ho fanoe ho toloka ha maleme.

26 ’Me lineo tsena tsohle li tsoa ho Molimo, bakeng sa molemo oa bana ba Molimo.

27 ’Me ho mobishopo oa kereke, ’me le ho ba joaloka bao Molimo a tlang ho ba khetha le ho ba beha matsoho ho hlokomela kereke le ho ba baholo kerekeng, ho tla lokela ho fanoa ho bona ho lemoha lineo tseo tsohle esere ho tle ho be le mang kapa mang har’a lona ea bolelisang ka ho inea kanya empa e se oa Molimo.

28 ’Me ho tla etsahala hore eo ea kopang ka moea o tla fuoa ka Moea;

29 Hore ho ba bang ho ke ho fanoe ho ba le lineo tseo tsohle, hore ho ke ho be le hlooho, hore setho se seng le se seng se ke se une molemo ke hona.

30 Ea kopang ka Moea o kopa ho latela thato ea Molimo; ka baka leo e etsahala esita le joalo ka ha a kopile.

31 ’Me hape, ke re ho lona, lintho tsohle li tlameha ho etsoa ka lebitso la Kreste, eng kapa eng eo le e etsang ka Moea;

32 ’Me le tlameha ho fana ka liteboho ho Molimo ka Moea bakeng sa tlhohonolofatso e fe kapa e fe eo le hlohonolofatsoang ka eona.

33 ’Me le tlameha ho itloaetsa bohloeki le khalalelo ka pele ho ’na kamehla. Esita le joalo. Amen.