Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 45


Karolo ea 45

Ts’enolo e fanoeng ka Joseph Smith Moporofeta ho Kereke, Kirtland, Ohio, ka la 7 Tlhakubele, 1831. Ho lelekella sengoliloeng sa ts’enolo ena, nalane ea Joseph Smith e hlalosa “ha ka nako ena ea Kereke … litlaleho tse ngata tsa mashano … le lipale tsa booatla, li ile tsa phatlalatsoa … le ho pharalatsoa, … ho thibela batho ho hlahloba mosebetsi oo, kapa ho amohela tumelo. … Empa bakeng sa nyakallo ea Bahalaleli, … ke amohetse tse latelang.”

1–5, Kreste ke ’muelli oa rona ho Ntate; 6–10, Evangeli ke morumuoa oa ho lokisa tsela pele ho Morena; 11–15, Enoch le bahabo ba amoheloa ke Morena ho eena; 16–23, Kreste o ile a senola mats’oao a ho tla ha hae joaloka ha a fanoe Thabeng ea Mehloare; 24–38, Evangeli e tla tsosolosoa, linako tsa balichaba li tla phethahala, ’me lefu le timetsang le tla aparela lefats’e; 39–47, Mats’oao, limakatso, le ho Tsoho li tla tsamaea le Ho tla Lekhetlo Labobeli; 48–53, Kreste o tla ema Thabeng ea Mehloare, ’me Ba-Juda ba tla bona maqeba matsohong le maotong a hae; 54–59, Morena o tla busa nakong ea Sekete sa Lilemo; 60–62, Moporofeta o laeloa ho qala phetolelo ea Testamente e Ncha, eo ka eona tlhahisoleseling ea bohlokoa e tlang ho tsebahatsoa; 63–75, Bahalaleli ba laeloa ho bokella le ho aha Jerusalema e Ncha, moo batho ba tsoang lichabeng tsohle batlang ho tla.

1 Mamelang, Oho lona sechaba sa kereke ea ka, seo ’muso o fanoeng ho lona; mamelang lona ’me le mo fe tsebe eo ea ileng a beha motheo oa lefats’e, ea entseng maholimo le makhotla ’ohle a teng, le eo ka eena lintho tsohle li entsoeng, tse phelang, tse tsamaeang, le tse nang le boleng.

2 ’Me hape ke re, mamelang lentsoe la ka, esere lefu le ka le fihlela; ka hora eo le sa e nahanang hore lehlabula le tla be le fetile, le kotulo e felile, ’me meea ea lona e sa bolokeha.

3 Mamelang eo e leng ’muelli ho Ntate, ea buellang taba ea lona ka pele ho eena—

4 Ea reng: Ntate, bona mahlomola le lefu la ea sa kang a etsa sebe, eo ka eena u ileng oa khahloa haholo; bona mali a Mora oa Hao a ileng a ts’olloa, mali a eo ka eena u faneng hore uena u ke u tlotlisoe;

5 Ka baka leo, Ntate, qenehela bana bana beso ba lumelang ho lebitso la ka, hore ba ke ba tle ho ’na le ho ba le bophelo bo sa feleng.

6 Mamelang, oho lona sechaba sa kereke ea ka, le lona baholo mamelang hammoho, le utloe lentsoe la ka ha ho bitsoa kajeno, ’me le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona;

7 Hobane kannete ke re ho lona, ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello, leseli le bophelo ba lefats’e—leseli le khanyang lefifing, ’me lefifi ha le le utloisise.

8 Ke tlile ho bao e leng ba ka, empa bao e leng ba ka ha ba ea ka ba nkamohela; empa ho ba bangata joaloka ba ileng ba nkamohela, ke ba file matla ho etsa mehlolo e mengata, le ho fetoha bara ba Molimo; esita le ho bona ba lumetseng ho lebitso la ka, ke ba file matla a ho fumana bophelo ba bosafeleng.

9 ’Me leha ho le joalo ke rometse selekane sa ka se sa feleng lefats’eng, hore e be khanya ho lefats’e, le hore e be mohlala bakeng sa batho ba ka, le hore Balichaba ba e batle, le ho ba morumuoa ka pele ho sefahleho sa ka ho lokisa tsela ka pele ho ’na.

10 Ka baka leo, tlohong lona ho eona, ’me ea tlang ke tla bua le eena joalo ka ha ke ile ka bua le batho mehleng ea khale, ’me ke tla le bonts’a ho beha mabaka ha ka ho matla.

11 Ka baka leo, mamelang hammoho ’me ntumelleng hore ke le bonts’e esita le bohlale ba ka—bohlale ba eo le reng ke Molimo oa Henoke le bana babo.

12 Ba ileng ba arohanngoa ho tsoa lefats’e, ’me ba amohelloa ho ’na—motseng o bolokiloeng ho fihlela letsatsi la ho loka le e tla—letsatsi le ileng la batloa ke batho bohle ba halalelang, ba sitoa ho le fumana ka lebaka la bokhopo le manyala;

13 ’Me ba ipoletse hore ke baeti le bafeti lefats’eng lena;

14 Empa ba fumana ts’episo ea hore ba tla e fumana ’me ba e bone ka nama.

15 Ka baka leo, mamelang ’me ke tla lokisa litaba le lona, ’me ke tla le bolella le ho porofeta, joaloka ho batho mehleng ea khale.

16 ’Me ke tla bo bonts’a ka ho hlaka joaloka ha ke e bonts’itse ho barutuoa ba ka ha ke ne ke eme ka pele ho bona ka nama, ’me ke bua le bona, ke re: Joaloka ha le mpotsitse malebana le mats’oao a ho tla ha ka, ka letsatsi leo ke tla tla ka khanya ea ka ka maru a leholimo, ho phethahatsa lits’episo tseo ke li entseng ho bo ntat’a lona,

17 Hobane joaloka ha le ile la shebella bolelele ba ho ba sieo ha meea ea lona ’meleng ea lona ho ba litlamong, ke tla le bonts’a na ke joang letsatsi la topollo le tlang ho tla, le hape le ho tsosolosoa ha Iseraele e qhalakaneng.

18 ’Me joale bonang tempele ena e Jerusalema, eo le e bitsang ntlo ea Molimo, ’me lira tsa lona ba re ntlo ena e ke ke ea hlola e oela.

19 Empa, kannete ke re ho lona, hore ts’enyeho e tla tla ho moloko oona joaloka lesholu bosiu, ’me sechaba sena se tla timetsoa le ho qhalakanngoa har’a lichaba tsohle.

20 ’Me tempele ena eo joale le e bonang e tla heletsoa hore ho ke ke ha lesoa le lejoe le leng holim’a le leng.

21 ’Me ho tla etsahala, hore moloko ’ona oa Ba-Juda o ke ke oa feta ho fihlela ts’enyeho eohle eo ke le bolelletseng ka eona malebana le bona e tla etsahala.

22 Lona le re lea tseba hore qetello ea lefats’e e tla tla; le boetse le re lea tseba hore maholimo le lefats’e li tla feta;

23 ’Me tabeng ena le re ruri, hobane ho joalo; empa lintho tsena tseo ke le boleletseng tsona li ke ke tsa feta ho fihlela tsohle li tla phethahala.

24 ’Me sena ke le boleletse sona malebana le Jerusalema; ’me ha letsatsi leo le tla, masalla a tla qhalanngoa har’a lichaba tsohle;

25 Empa ba tla boela ba bokelloa; empa ba tla lula ho fihlela linako tsa Balichaba li phethahala.

26 ’Me ka letsatsi leo ho tla utloahala ka lintoa le menyenyetsi ea lintoa, ’me le lefats’e lohle le tla ba har’a moferefere, ’me lipelo tsa batho li tla tsieleha, ’me ba tla re Kreste o liehisa ho tla ha hae ho fihlela pheletsong ea lefats’e.

27 ’Me lerato la batho le tla tapa, ’me bokhopo bo tla ata.

28 ’Me ha nako ea Balichaba e fihla, leseli le tla chaba har’a bona bao ba lutseng lefifing, ’me le tlang ho ba evangeli ea ka e feletseng;

29 Empa ha ba e amohele; hobane ha ba bone leseli, ’me ba fetotse lipelo tsa bona ho ’na ka lebaka la litaelo tsa batho.

30 ’Me molokong oo linako tsa Balichaba li tla phethahala.

31 ’Me ho tla ba le batho ba emeng molokong oo, ba ke keng ba feta ho fihlela ba bona mahlomola a sithabetsang; hobane lefu la seoa le tla aparela lefats’e.

32 Empa barutuoa ba ka ba tla ema libakeng tse halalelang, ’me ba ke ke ba sisinngoa; empa har’a ba khopo, batho ba tla phahamisa mantsoe a bona ’me ba rohake Molimo ’me ba shoe.

33 ’Me ho tla ba le lits’isinyeho tsa lefats’e libakeng tse fapaneng, le masupi a mangata; le ha ho le joalo batho ba tla thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le ’na, ba tla nka sabole, e mong khahlanong le e mong, ’me ba tla bolaeana.

34 ’Me joale, ha ’na, Morena ke se ke buile mantsoe ana ho barutuoa ba ka, ba ile ba ts’oha.

35 ’Me ka re ho bona: Le se ke la ts’oha, hobane ha lintho tsena tsohle li tla etsahala, le ka tseba hore lits’episo tse entsoeng ho lona li tla phethahala.

36 ’Me ha leseli le qala ho hlaha, ho tla ba joaloka sets’oants’o seo ke tla le bonts’a sona—

37 Lona shebang ’me le bone lifate tsa feikha, ’me le li bone ka mahlo a lona, ’me le re ha li qala ho hlomela, ’me makhasi a tsona a ntse a le bonolo, hore lehlabula le haufi;

38 Esita le joalo ho tla ba joalo letsatsing leo ha ba tla bona lintho tsena tsohle, ebe ba tla tseba hore hora e atametse.

39 ’Me ho tla etsahala hore ea nts’abang o tla be a lebelletse ho tla ha letsatsi le leholo la Morena, esita le mats’oao a ho tla ha Mor’a Motho.

40 ’Me ba tla bona mats’oao le limakatso, hobane li tla bonahatsoa maholimong holimo le lefats’eng tlase.

41 ’Me ba tla bona mali, le mollo, le mouoane oa mosi.

42 ’Me pele letsatsi la Morena le tla tla, letsatsi le tla fifala, le khoeli e tla fetoloa mali, ’me linaleli li tla oela ho tsoa leholimong.

43 ’Me ba setseng ba tla bokelloa sebakeng sena;

44 ’Me ka nako eo ba tla mpatla, ’me, bonang, ke tla tla; ’me ba tla mpona ka marung a leholimo, ke apere matla le khanya e kholo; le mangeloi ’ohle a halalelang; ’me eo ea sa ntebellang o tla khaoloa.

45 Empa pele letsoho la Morena le tla oela, lengeloi le tla letsa terompeta ea hae, ’me bahalaleli ba ithoballetseng ba tla tsoha ho tla kopana le ’na marung.

46 Ka baka leo, haeba le robetse ka khotso, le lehlohonolo; hobane joaloka ha joale le mpona ’me le tseba hore ke ’na, esita le joalo le tla tla ho ’na ’me meea ea lona e tla phela, ’me topollo ea lona e tla phetheha; ’me bahalaleli ba tla tsoa ka likhutlo tse ’ne tsa lefats’e.

47 Ka nako eo, letsoho la Morena le tla oela holim’a lichaba.

48 ’Me joale Morena o tla beha leoto la hae thabeng ena, ’me e tla petsoha ha beli, ’me lefats’e le tla thothomela, ’me le thekesele ho ea le ho khutla, ’me leholimo le lona le tla sisinyeha.

49 ’Me Morena o tla hooa ka lentsoe la hae, ’me lipheletso tsohle tsa lefats’e li tla le utloa; le lichaba tsa lefats’e li tla siama, ’me ba neng ba ts’eha ba tla bona booatla ba bona.

50 ’Me koluoa e tla aparela mosomi, ’me monyefoli o tla felisoa; ’me ba neng ba lebeletse bokhopo ba tla rengoa ba lahleloe mollong.

51 ’Me joale Ba-Juda ba tla ntalima, ba re: Ke a eng maqeba ana a matsohong a hau le maotong a hau?

52 Joale ba tla tseba hore ke Morena; hobane ke tla re ho bona: Maqeba ana ke maqeba ao ke a hlabiloeng ka tlung ea metsoalle ea ka. Ke ’na eo ea ileng a phahamisoa. Ke ’na Jesu ea ileng a thakhisoa. Ke ’na Mora oa Molimo.

53 ’Me joale ba tla lla ka lebaka la libe tsa bona; joale ba tla lla hobane ba hlorisitse morena oa bona.

54 ’Me joale lichaba tsa bahetene li tla lopolloa, ’me ba sa kang ba tseba molao ba tla nka karolo ho ho tsoha bafung ha pele; ’me ho tla mamelleha ho bona.

55 ’Me Satane o tla tlangoa, hore a se be le sebaka lipelong tsa bana ba batho.

56 ’Me ka letsatsi leo, ha ke tla ka khanya ea ka, sets’oants’o seo ke buileng ka sona mabapi le baroetsana ba leshome se tla phethahala.

57 Hobane ba bohlale, ba amohetseng ’nete, ’me ba nkile Moea o Halalelang e le motataisi oa bona, ’me ba e-so thetsoe—ka ’nete ke re ho lona, ba ke ke ba rengoa le ho lahleloa mollong, empa ba tla hlola letsatsi leo.

58 ’Me lefats’e le tla fanoa ho bona e le lefa; ’me ba tla ata le ho matlafala, ’me bana ba bona ba tla hola ba se na sebe ho isa polokong.

59 Hobane Morena o tla ba har’a bona, ’me khanya ea hae e tla ba holim’a bona, ’me e tla ba morena oa bona le mofani oa molao oa bona.

60 ’Me joale, bonang, ke re ho lona, ha le na ho fuoa ho tseba tse ling hape mabapi le khaolo ena, ho fihlela Testamente e Ncha e fetoleloa, ’me ho eona lintho tsena tsohle li tla tsebahatsoa;

61 Ka baka leo ke fana ho lona hore joale le ka e fetolela, e le hore le ka lokisetsoa lintho tse tlang ho tla.

62 Hobane kannete ke re ho lona, lintho tse kholo li le emetse.

63 Le utloa ka lintoa linaheng tsa balichaba; empa, bonang, ke re ho lona, li atametse, esita le menyakong ea lona, ’me ha ho lilemo tse ngata ho tloha joale le tla utloa ka lintoa linaheng tsa lona.

64 Ka baka leo ’na, Morena, ke ile ka re, bokellanang ho tsoa linaheng tse ka bochabela, ipokelleleng hammoho lona baholo ba kereke ea ka; e eang linaheng tse ka bophirima, bitsang baahi hore ba bake, ’me ha feela ba baka, ahang likereke bakeng sa ka.

65 ’Me ka pelo e le ’ngoe le kelello e le ’ngoe, bokellang maruo a lona hore le ke le reke lefa leo kamorao ho mona le tlang ho le khetheloa.

66 ’Me e tla bitsoa Jerusalema e Ncha, naha ea khotso, motse oa sets’abelo, sebaka sa polokeho bakeng sa bahalaleli ba Molimo ea Holimo-limo;

67 ’Me khanya ea Morena e tla ba teng, le ts’abo ea Morena e tla ba teng le eona, hoo ba khopo ba ke keng ba fihla ho eona, ’me e tla bitsoa Sione.

68 ’Me ho tla etsahala har’a ba khopo, hore motho e mong le e mong ea ke keng a nka sabole ea hae khahlanong le oa habo, o tla tlameha ho baleha ho ea Sione bakeng sa polokeho.

69 ’Me ho tla bokelloa ho eona ho tsoa ho sechaba se seng le se seng se tlas’a leholimo; ’me e tla ba lichaba feela tse ke keng tsa ba le ntoa se seng ho se seng.

70 ’Me ho tla boleloa har’a ba khopo hore: A re se keng ra nyolohelang ho ea loana khahlanong le Sione, hobane baahi ba Sione ba ea ts’abeha; ka baka leo, ha re ka ke ra ema.

71 ’Me ho tla etsahala hore ba lokileng ba tla bokelloa ho tsoa har’a lichaba tsohle, ’me ba tla tla Sione, ba bina ka lipina tsa nyakallo e sa feleng.

72 ’Me joale ke re ho lona, thibelang lintho tsena hore li se ke tsa hasana lefats’eng ho fihlela ho le molemo ho ’na, e le hore le ka phetha mosebetsi ona ponts’eng ea batho, le ponts’eng ea bao e leng lira tsa lona, e le hore ba se ke ba tseba mesebetsi ea lona ho fihlela le phethile ntho eo ke le laetseng eona;

73 E le hore ha ba tla e tseba, hore ba ke ba nahane ka lintho tsena.

74 Hobane ha Morena a tla hlaha o tla ts’abeha ho bona, e le hore ts’abo e ba ts’oare, ’me ba tla ema hole ’me ba thothomele.

75 ’Me lichaba tsohle li tla ts’aba ka lebaka la ts’abo ea Morena le matla a hae a maholo. Esita le joalo. Amen.