Karolo ea 44
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Kirtland, Ohio, karolong e qetellang ea Hlakubele 1831. Ho ikamahanya le pehelo e behiloeng mona, Kereke e ile ea khetha hore ho ts’oaroe seboka mathoasong a khoeli ea Phuptjane e latelang.
1–3, Baholo ba lokela ho bokana sebokeng; 4–6, Ba lokela ho hlophisa ka mokhoa o lumellanang le melao ea naha le ho hlokomela mafutsana.
1 Bonang, joana ho rialo Morena ho lona bahlanka ba ka, ho molemo ho ’na hore baholo ba kereke ea ka ba bitsoe ba bokane hammoho, ba tsoang bochabela le bophirima, le leboea le boroa, ka lengolo kapa ka tsela e ’ngoe.
2 ’Me ho tla etsahala hore, ha feela ba ts’epahala, ’me ba sebelisa tumelo ho ’na, ke tla ts’ollela Moea oa ka holim’a bona letsatsing leo ba ipokanyang hammoho ka lona.
3 ’Me ho tla etsahala hore ba tla ea tikoloho tse potapotileng, ’me ba rute batho pako.
4 ’Me ba bangata ba tla sokoloha, hoo le tla fumana matla a ho itlhophisa ho latela melao ea batho.
5 E le hore lira tsa lona li se ke tsa ba le matla holim’a lona; le ke le bolokehe linthong tsohle; le ke le tsebe ho boloka melao ea ka; le hore maqhama ’ohle a ke a robehe moo sera se batlang ho felisa sechaba sa ka ka ’ona.
6 Bonang, ke re ho lona, hore le tlameha ho etela mafutsana le ba hlokang le ho sebeletsa ho ba imolla, hore ba ke ba bolokoe ho fihlela lintho tsohle li entsoe ho latela molao oa ka oo le o amohetseng. Amen.