Karolo ea 43
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka Hlakola 1831. Ka nako ena litho tsa kereke li ile tsa ferekanngoa ke batho ba neng ba thetsa ka ho ipitsa basenoli. Moporofeta o ile a botsa Morena ’me a fumana puisano ena e neng e lebisitsoe ho baholo ba Kereke. Karolo ea pele e sebetsana le litaba tsa puso ea Kereke; karolo e latelang e kenyeletsa tlhokomeliso eo baholo ba lokelang ho e fa lichaba tsa lefats’e.
1–7, Ts’enolo le litaelo li tla feela ka ea khethiloeng; 8–14, Bahalaleli ba halaletsoa ka ho sebetsa ka khalalelo eohle ka pele ho Molimo; 15–22, Baholo ba romeloa ho hooa pako le ho lokisetsa letsatsi le leholo la Morena; 23–28, Morena o bitsa batho ka lentsoe la hae le ka likoluoa tsa tlholeho; 29–35, Sekete sa Lilemo le ho tlangoa ha Satane li tla tla.
1 Oho mamelang, lona baholo ba kereke, ’me le sekehele tsebe mantsoe ao ke tlang ho a bua ho lona.
2 Hobane bonang, kannete-nete, ke re ho lona, hore le amohetse taelo e le molao ho kereke ea ka, ka eena eo ke mo khethetseng lona ho amohela litaelo le ts’enolo ho tsoa letsohong la ka.
3 ’Me sena le tla se tseba ka sebele—hore ha ho e mong ea khethetsoeng lona ho amohela litaelo le ts’enolo ho fihlela a nkoa, haeba a lula ho ’na.
4 Empa kannete-nete, ke re ho lona, hore ha ho ea tla khetheloa neo ena ntle le ka eena; hobane e tla nkoa ho eena ha a na ho ba le matla ntle le ho khetha e mong bakeng sa hae.
5 ’Me sena e tla ba molao ho lona, hore le ke ke la amohela lithuto tsa ofe kapa ofe tse tla tla ka pele ho lona e le ts’enolo kapa litaelo;
6 ’Me sena ke se fana ho lona hore le ke le se ke la thetsoa, hore le ke le tsebe hore ha se tsa ka.
7 Hobane ke re ho lona, hore eo ea behiloeng matsoho ke ’na o tla kena ka khoro ’me a behoe matsoho joaloka ha ke le bolelletse pele, ho ruta ts’enolo tseo le li amohetseng ’me le li fumane ka eena eo ke mo khethileng.
8 ’Me joale, bonang, ke fana ka taelo ho lona, hore ha le se le bokane hammoho le tla laela le ho matlafatsana, hore le ke le tsebe kamoo le tlang ho sebetsa le ho tsamaisa kereke ea ka, le kamoo le tlang ho sebetsa holim’a lintlha tsa molao le litaelo tsa ka, tseo ke le fileng tsona.
9 ’Me joana le tla laeloa molaong oa kereke, ’me le halaletsoe ka seo le se fumaneng, ’me le tla itlama ho sebetsa ka khalalelo ka pele ho ’na—
10 Hore ha feela le etsa see, khanya e tla eketsoa ’musong oo le o fumaneng. Ha feela le sa etse seo, e tla nkoa, esita le eo le e fumaneng.
11 Tlosang bobe bo har’a lona; itlhoekiseng ka pele ho ’na;
12 ’Me haeba le lakatsa mebuso ea khanya, khethang mohlanka oa ka Joseph Smith, mo ts’ehetseng ka pele ho ’na ka thapelo ea tumelo.
13 ’Me hape, ke re ho lona, haeba le batla liphiri tsa ’muso, mo hlokomeleng ka lijo le liaparo, le eng kapa eng eo a e hlokang ho phethela mosebetsi oo ke mo laetseng oona;
14 ’Me haeba le sa etse seo o tla lula ho bona bao ba mo amohetseng, hore nke ke ipolokele batho ba hloekileng ka pele ho ’na.
15 Hape ke re, mamelang lona baholo ba kereke ea ka, bao ke ba khethileng: Ha lea romelloa ho tla rutoa, empa ho ruta bana ba batho lintho tseo ke li behileng matsohong a lona ka matla a Moea oa ka;
16 ’Me le tla rutoa ho tsoa holimo. Ikhalaletseng ’me le tla apesoa ka matla, hore le ke le fane esita le joaloka ha ke buile;
17 Mamelang lona, hobane, bonang, letsatsi le leholo la Morena le atametse.
18 Hobane letsatsi lea tla leo Morena a tla hooa ka lentsoe la hae leholimong; leholimo le tla sisinyeha ’me lefats’e le tla thothomela, ’me terompeta ea Molimo e tla luma halelele le haholo, ’me e tla re ho lichaba tse ithobaletseng: Lona bahalaleli tsohang le phele; lona baetsalibe salang ’me le robale hofihlela ke tla le bitsa hape.
19 Ka baka leo tlamang matheka a lona esere la fumanoa har’a ba khopo.
20 Phahamisang mantsoe a lona ’me le se ke la siea letho. Bitsang lichaba hore li bake, ba baholo le ba banyenyane, ba litlamong le ba lokolohileng, le ntse le re: Itokisetseng letsatsi le leholo la Morena;
21 Hobane haeba ’na, ke motho, ke phahamisa lentsoe la ka ’me ke le bitsetsa ho baka, ’me le ntlhoile, le tla re eng ha letsatsi le fihla leo lialuma li tla hooa ka mantsoe a tsona ho tsoa lipheletsong tsa lefats’e, li bua le litsebe tsa bohle ba phelang, li ntse li re—Bakang, ’me le lokisetse letsatsi le leholo la Morena?
22 Ee, ’me hape, ha mahalima a tla benya ho hlaha bochabela ho ea bophirima, ’me a tla hooa ka mantsoe a oona ho bohle ba phelang, ’me a etse litsebe tsa bohle li hlohlone, a bua mantsoe ana—Bakang lona, hobane letstsi le leholo la Morena lea tla?
23 ’Me hape, Morena o tla hooa ka lentsoe la hae ho tsoa leholimong, a re: Mamelang, Lona lichaba tsa lefats’e, ’me le utloe mantsoe a Molimo ea le entseng.
24 Oho, lona lichaba tsa lefats’e, ke hakae nka beng ke le bokelletse hammoho joaloka khoho e bokella litsuonyana ka tlas’a mapheo a eona, empa le ne le ka sitoa!
25 Ke hakae ke le bitsa ka molomo oa bahlanka ba ka, le ka bosebeletsi ba mangeloi, le ka lentsoe la ka, le ka lentsoe la letolo le ka lentsoe la mahalima, lentsoe la lifefo, le ka lentsoe la ho reketla ha lefats’e, le ka sefako, le ka lentsoe la tlala le ka seoa sa mefuta eohle, le ka molumo o moholo oa terompeta, le ka lentsoe la kahlolo, le ka lentsoe la mohau letsatsi lohle, le ka lentsoe la khanya le tlotla le maruo a bosafeleng, ’me nka be ke le pholositse ka poloko e sa feleng, empa le ne le tla sitoa!
26 Bonang, letsatsi le fihlile, leo senoelo se bohale sa khalefo ea ka se tletseng.
27 Bonang, kannete ke re ho lona, hore ana ke mantsoe a Morena Molimo oa lona.
28 Ka baka leo, lona sebetsang, lona sebetsang ts’imong ea ka ea morara lekhetlo la ho qetela—lekhetlo la ho qetela bitsang batho ba lefats’e.
29 Hobane ka nako ea ka e nepahetseng ke tla tla holim’a lefats’e ka kahlolo, ’me batho ba ka ba tla lopolloa ’me ba tla busa le ’na lefats’eng.
30 Hobane Sekete sa Lilemo se seholo, seo ke buileng ka sona ka molomo oa bahlanka ba ka, se tla tla.
31 Hobane Satane o tla tlangoa, ’me ha a lokolloa hape o tla busa feela ha nakoana, ’me ebe ho tla pheletso ea lefats’e.
32 ’Me eo ea tla phela ka ho loka o tla fetoloa ka ho panya ha leihlo, ’me lefats’e le tla feta joaloka ka mollo.
33 ’Me ba khopo ba tla ea mollong o sa timeng, ’me pheletso ea bona ha ho motho ea e tsebang lefats’eng, kapa ea sa tla tseba, hofihlela ba tla ka pele ho ’na ka kahlolo.
34 Mamelang mantsoe ana. Bonang, ke Jesu Kreste, Mopholosi oa lefats’e. Bolokang lintho tsena ka lipelong tsa lona, ’me etsang hore litaba tsa bosafeleng li lule mehopolong ea lona.
35 Tsoha masene. Bolokang litaelo tsa ka. Esita le joalo. Amen.