Pokello ea Libuka
3 Nefi 13


Khaolo ea 13

Jesu o ruta Ba-Nefi thapelo ea Morena—Ba beha matlotlo a bona leholimong—Balateli ba leshome le metso e ’meli bosebeletsing ba bona ba laeloa ho se nahane ka lintho tsa nama—Bapisa Mattheu 6. Ka bo A.D. 34.

1 Kannete-nete, ke re ke lakatsa hore le etse lithuso ho bafumanehi; empa elang hloko hore ha le etse lithuso tsa lona pepeneneng ea batho ho bonoa ke bona; ho seng joalo le tla sitoa ho ba le moputso oa Ntat’a lona ea maholimong.

2 Ka baka leo, ha le etsa lithuso tsa lona, le se ke la letsa terompeta ka pela lona, joaloka ha baikaketsi ba etsa masinagogeng le literateng, hore ba tle ba rorisoe ke batho. Kannete ke re ho lona, ba fumana moputso oa bona.

3 Empa ha u etsa ketso tsa thuso u se ke ua etsa hore letsoho la hau le lets’ehali le tsebe seo letsoho la hau le letona le se etsang;

4 Hore ketso tsa hau tsa thuso li be sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, eena o tla u putsa pepeneneng.

5 ’Me ha le rapela le se ke la etsa joaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela, ba eme ka lisinagogeng le likoung tsa literata, hore ba tle ba bonoe ke batho. Kannete ke re ho lona, ba fumana moputso oa bona.

6 Empa uena, ha u rapela, kena phaposing ea hau, ’me ha u se u koetse monyako, rapela Ntata’o ea sephiring; ’me Ntata’o, ea bonang sephiring, o tla u putsa pepeneneng.

7 Empa ha le rapela, le se ke la sebelisa pheta-pheto tsa lefeela, joaloka bahetene, hobane ba nahana hore ba tla utloela ho bua ha bona ho ho ngata.

8 Le se ke ka baka leo la ts’oana le bona, hobane Ntat’a lona o tseba lintho tsohle tseo le li hlokang le pele le mo kopa tsona.

9 Ke ka mokhoa ona ka baka leo ha le rapela le re: Ntat’a rona ea maholimong, lebitso la hau le halaletsoe.

10 Thato ea hau e etsoe lefats’eng joaloka ha e etsoa leholimong.

11 ’Me u re ts’oarele melato ea rona, joaloka ha re ts’oarela ba re sitetsoeng.

12 ’Me u se ke ua re isa tekong, empa u re lopolle ho bobe.

13 Hobane ’muso ke oa hau, le matla, le khanya, ka ho sa feleng. Amen.

14 Hobane, haeba le ts’oarela batho litlolo tsa bona Ntat’a lona ea maholimong le eena o tla le ts’oarela;

15 Empa haeba ha le na ho le ts’oarela batho litlolo tsa bona le ha ho le joalo Ntat’a lona a ke ke a le ts’oarela litlolo tsa lona.

16 Ho feta moo, ha le itima lijo le se ke la ba joaloka baikaketsi, ba sefahleho se soabileng, hobane ba senya libopeho tsa lifahleho tsa bona hore ba ke ba hlahe ho batho ba itima lijo. Kannete ke re ho lona, ba fumana moputso oa bona.

17 Empa uena, ha u itima lijo, tlosa hlooho ea hau, ’me u hlatsoe sefahleho sa hau;

18 Hore u se ke ua hlaha ho batho u itima lijo, empa ho Ntata’o ea sephiring; ’me Ntata’o, ea bonang sephiring, o tla u putsa pepeneneng.

19 Le se ke la ipokella matlotlo lefats’eng, moo ts’oele le mafume li senyang, le masholu a phunyeletsang le ho utsoa.

20 Empa le ipokelle matlotlo leholimong, moo le ha e le ts’oele kapa mafume li kekeng tsa senya, moo masholu a sitoang ho phunyeletsa kapa ho utsoa.

21 Hobane moo matlotlo a hau a leng teng, le pelo ea hau le eona e tla ba moo.

22 Leseli la ’mele ke leihlo; haeba, ka baka leo, leihlo la hau le lokile, ’mele oohle oa hau u tla tlala leseli.

23 Empa haeba leihlo la hau le le lebe, ’mele oohle ua hau u tla tlala lefifi. Haeba, ka baka leo, leseli le ka ho uena e le lefifi, lefifi leo ke le lekakang!

24 Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli; hobane kapa o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa ho seng joalo o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Mamona.

25 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe a na o ile a sheba ho ba leshome le metso e ’meli bao a ileng a ba khetha, ’me a re ho bona: Hopolang mantsoe ao ke a boletseng. Hobane bonang, lona le bona bau ke ba khethilelng ho sebeletsa sechaba se na. Ka baka leo ke re ho lona, le se ke la nahana ka bophelo ba lona, seo le tlang ho se ja, kapa seo le tlang ho se noa; kapa bakeng sa ’mele ea lona, seo le tlang ho se apara. Na bophelo ha bo fetise lijo, le ’mele ho feta seaparo?

26 Bonang, linonyana tsa leholimo, hobane ha li jale, le haele ho kotula kapa ho bokella melikong; feela Ntat’a lona ea Maholimong oa li fepa. Na ha le betere haholo ho li feta?

27 Ke mang oa lona ka ho nahana a ka eketsang ka setsoe boemong ba hae?

28 ’Me hobaneng le ka belaela ka seaparo? Lemohang likhahla tsa naha kamoo li holang ka teng; ha li sebetse, le haele ho ohla;

29 Empa le ha ho le joalo ke re ho lona, hore le Salomone, khanyeng eohle ea hae, o ne a sa apesoa joaloka e ’ngoe ea tsona.

30 Ka baka leo, haeba Molimo a apesa joang ba naha, boo kajeno bo leng, le hosane bo lahleloang ka ontong, esita le joalo o tla le apesa, haeba le se ba tumelo e fokolang.

31 Ka baka leo le se ke la belaela, le re, Re tla jang? kapa, Re tla noang? kapa, Ke ka eng re tlang ho apesoa.

32 Hobane Ntat’a lona ea Maholimong o oa tseba hore le na le tlhoko ea lintho tsena tsohle.

33 Empa batlang ’muso oa Molimo pele le ho loka ha ona, ’me lintho tsena tsohle li tla ekeletsoa ho lona.

34 Ka baka leo le se ke la belaela bakeng sa hosane, hobane hosane ho tla ipatlela bakeng sa lintho tsa teng. Letsatsi ka leng le lekanoa ke tsietsi tsa lona.