2020
Bosebeletsi ka kopano ea selallo
Phupjane 2020


“Ministering through Sacrament Meeting,” Liahona, Phupjane 2020

Bosebeletsi

Litśoantśo ka Edward McGowan

Metheo ea Bosebeletsi, Phupjane 2020

Bosebeletsi ka kopano ea selallo

Kopano ea selallo e fana ka menyetla ea ho kopana le ho sebeletsa ba bang,

Kopano ea selallo ke nako ea ho fumana phepo ea moea le ho tsepamisetsa maikutlo ka bo ng´oe ho Mopholosi le Topollo ea hae. Ha re ja selallo beke engoe le engoe, re aheha hammoho (bona Melao ea Thuto le Likekane). Empa ba bang ka har´a makala a rona ba tla le mejaro e boima kapa ha ba be moo hohang.

Menyetla e menyane ke ena bakeng sa ka moo re ka sebelisang hora eo e halalelang ho sebeletsa ba bang ´me re etse phetoho maphelong a bona.

Thusa ho etsa hore kopano ea selallo e be molemo bakeng sa bao u ba sebeletsang

Khato ea pele ho ithuta ho sebeletsa ke ho fihlela ho tseba batho ka bo mong kapa malapa le litlhoko tsa bona. Ho ka ba le litsela tseo u ka thusang ho etsa hore boiphihlelo ba borapeli ba bona ba selallo bo be molemo ha bobebe ka ho ithuta haholoanyane ka bona.

Bakeng sa Mindy,´m`e e monyenyane oa masea a mafahla, liteko tse bobebe tsa ´m`e ea mo sebeletsang li entse phapang e kholo boiphihlelong ba hae ba selallo beke enngoe le enngoe.

“Ka lebaka la linako tsa mosebetsi oa monna oaka, ke nka barali ba rona ba mafahla ho ea kerekeng le bona beke enngoe le enngoe,” Mindy oa hlalosa. “Ehlile hoa sithabetsa ho kena kopano eohle ea selallo ka masea mabeli a phathahaneng, empa ´m`e ea ntśebeletsang o inketse ho eena ho nthusa.

“O lula le rona ho nthusa ho hlokomela banana ba ka beke enngoe le enngoe. Ho ba le eena pelaka feela ho bolela ntho e kholo ´me ho bebofatsa ho tsieleha ha ka nakong ea bona ea ho sukulisa le ho ts´oenya. Ha ke nahane a sa tla tseba hore na ke haholo hakae liketso tsa hae li bileng le tśusumetso ho nna nakong ena ea bophelo ba ka. O ile a bona tlhoko ea ka joalo ka ´m`e e monyenyane a tletseng ke ho tsieleha,´me o thusa ho etsa hore kereke e be sebaka sa khotso le thabo bakeng sa rona kaofela.

Mehopolo ea ho thusa ba nang le Litlhoko tse Khethehileng

  • Tlalehela baetapele ba lekhotla la baholo le mokhatlo oa bo-´m`e ka litlhoko tsa litho.

  • Baetapele ba rera hore lipuo tsa kopano ea selallo li thuse ho araba litlhoko tsa litho. Haeba bao o ba sebeletsang ba tla una molemo ka ho utloa molaetsa o itseng, arolelana mohopolo oo le baetapele ba hau.

  • Haeba u tseba hore motho e mong o na le bokooa kapa ho hloloa ke lijo tse itseng hoo ho ba thibelang ho natefeloa ke litlhohonolofatso tsa selallo, ba batle lintlha le hore na ke litokiso li fe tse ka etsoang ho ntlafatsa boiphihlelo ba borapeli ba bona. Arolelana litaba tsena le baetapele ba hau.

  • Haeba motho eo u mo sebeletsang kapa eo u tsebang ka eena o lutse hae, eba o lutse ruri kapa ha nakoana, botsa mo-bishopo hore na ba ka felloa selallo hae. U ka ba oa nka le lintlha nakong ea sellallo ´me u li arolelane ka mohala, ka marang-rang, kapa ka botho.

  • Haeba motho eo u mo sebeletsang a na le bana ba banyenyane, u ka fana ka ho ba thusa nakong ea kopano ea selallo.

  • Haeba bau u ba sebeletsang ha ba tle kopanong ea selallo hangata, leka ho utloisisa le ho ela hloko litsela tseo u ka thusang. Haeba ba hloka mokhoa oa ho tsamaea, u ka ba mema ho tsamaea le oena. Haeba ba ikutloa ba se na tśehetso ea ba lelapa, u ka ba memela ho lula le oena. U ka etsa memo e khethehileng ho ba thusa hore ba ikutloe ba amohelehile ´me ba hlokoa kopanong ea selallo.

Hopola, liketso tse bonolo li isa hole

Ha a bua ka bosebeletsi, ´m`e Jean B. Bingham, moetapele ea akaretsang oa mokhatlo oa bo-´m`e o rutile hore: “Ka nako tse ling re nahana hore re tlameha ho etsa ntho e nngoe e kholo ՙho baloa՚ e le ho sebeletsa bahaisane ba rona. Empa Liketso tse bonolo tsa ho sebeletsa li ka ba le tśusumetso e kholo ho ba bang—le ho rona.” 1

Lekaleng le lenyane Belgium, Evita hangata o fana ka ho tolokela baeti le litho tse buang Sepanishe nakong ea likopano tsa kereke. Ka nako e ngoe, Evita o ile a tsebisoa motho e mong a neng a hlaha Dominican Republic ea neng a ntse a ithuta ka kereke. O ne a tseba sekhooa hanyane, empa sepanishe e ne le pua ea hae ea letsoele. Joale Evita a fana ka ho mo etsetsa phetolelo ka kopanong ea selallo e le hore a tle a ikutloe a phuthulohile haholoanyane.

“Ho etsa phetolelo ka nako tse ling ho etsa Sabata ea ka e be boima hanyenyane”, ho bolela Evita “Empa ho mamela linyenyeletso tsa ho botsa ba bang hore na ba hloka toloko kannete ho mpha maikutlo a thabo le mofuthu ka ho tseba hore ke khona ho ba thusa ho utloa Moea le ho natefeloa ke likopano tsa bona.”

Mehopolo ea ho thusa ka mekhoa e bobebe

  • Bua le baetapele ba hau ho bona hore na ke mang ea ka hlokang bosebeletsinyana bo bong nakong ea kopano ea selallo. Kapa haeba u tseba motho e mong eo ho leng joalo, etsa bonnete ba hore baetapele ba hau ba ea ba hlokomela.

  • Lula u imametse ha u ntse u emetse hore kopano e qale. Sena se tla thusa “lipelo tse ling tse robehileng le lipelo tse hlomohileng tse re potapotileng”2 ba hlokang khotso eo e tlang ka hlompho e ka har´a sebaka se halalelang.

  • Ka Sontaha sa boitimo, ela hloko ho khethela boitimo le lithapelo tsa hau ho motho eo u mo sebeletsang ea hlokang khothatso e eketsehileng.

  • Rapela ho tseba ha hona le motho ea ka unang molemo ka hore u lule le eena kapa pela bona nakong ea kopano ea selallo.

Kopano ea Selallo e ka ba Sebaka se Amohelang bakeng sa Bohle

Mookameli Joseph Fielding Smith (1876 - 1972) o rutile hore, “Kopano ea selallo ke kopano e khethehileng ka ho fetisa, e halalelang ka ho fetisa, ho likopano tsohle tsa kereke.”3 Kahona, ho bohlokoa ho etsa bonnete ba hore bohle ba kenang kopanong ea selallo ba ikutloa ba amohelehile ´me ba fepehile moeeng—haholo litho tse ncha kapa litho tse seng li na le nako li sa kene kereke.

Merania ho tsoa South Wales, Australia, o ile a etsa setsoalle le mosali ea neng a ntse a ithuta ka kereke lekaleng la hae. “O se a fetohile e mong oa metsoalle eaka oa bohlokoa honajoale,” ho bolela Merania “Ke rata ho lula le eena ka har´a kopano ea selallo beke enngoe le enngoe, ´me kamehla kea mo botsa hore na o ea joang le hore na ho na le letho leo nka le etsang ho mo thusa.” Kamora nakoana , motsoalle oa Merania o ile a kolobetsoa. Boiteko ba litho tsa lekala, hape le maemo a amohelang a kopanong ea selallo, li bapetse karolo e kholo qetong ea hae.

Mehopolo ea ho sebeletsa litho tse khutlang le tse ncha.

  • Ha u tlo fana ka puo kopanong ea selallo, u ka mema metsoalle, ba lelapa,le ba bang ho tla mamela molaetsa oa hau.

  • U ka batla le ho amohela ba leng bang kapa ba ka hlokang thuso. Botsa hore na u ka lula pela bona kapa u ba meme ho lula le oena.

  • Ha kopano e fela, u ka mema bao u ba sebeletsang le ba bang ho tla liketsahalong tse tlang tsa kereke, tempeleng, kapa ketsahalong ea sechaba.

  • Haeba motho eo u mo sebeletsang a kena kopano ea selallo empa a se a na le nako a sa tle, u ka ba botsa hore na ba na le lipotso ka se neng se rutoa. Ba bolelle hore ba amohelehile kamehla ho u atamela haeba ho bile le taba, pale, kapa karolo ea thuto ea tumelo eo ba sa kang ba e utloisisa. Le ka batla likarabo ´moho haeba ho hlokahala.

Lintlha

  1. Jean B. Bingham, “Ministering as the Savior Does,” Liahona,Mot´seanong 2018, 104.

  2. Jeffrey R. Holland, “Behold the Lamb of God,” Liahona, Mots´eanong 2019, 46.

  3. Joseph Fielding Smith, in Conference Report, Mphalane. 1929, 60–61.