Molaetsa oa khoeli le khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha ´Mesa 2026
Kamor´a Liphoso Tsa Hau—Esita Le Tse Kholo
Re ka ithuta tse ngata ho tsoa ho Moapostola Petrose ka Mopholosi, Topollo ea hae le ho leka hape.
Peter´s Denial [Ho Latola ha Petrose], ka Carl Bloch
Boholo ba rona re entse bonyane mohopolo o le mong oo re lakatsang eka ha bobebe feela re ka o lebala. Hore na e ne e le motsotso oa ho tlontlolleha o hlakileng, kotsi e bohloko nameng, kapa khang moo u buileng mantsoe ao u lakatsang eka u ka a hula, ho na le makhetlo a mangata bophelong moo “ho qala bocha” kapa esita le konopo “ea ho hlakola” e utloahalang e hohela haholo.
Boporofeta bo Bohloko Boa Phethahala
Moapostola Petrose e ne e le motho ea khahlisang ka Testamenteng e Ncha. O ne a e-na le tumelo le sebete sa ho tsamaea metsing a lebile ho Jesu, empa metsotso feela hamorao a lumella letsoalo la hae ho mo hlole ´me a qala ho teba, a llela ho Morena bakeng sa thuso (bona Mattheu 14:28–31). Leha re sa tsebe lintlha tsohle tsa bophelo ba Petrose, rea tseba hore ka nako e ´ngoe o ile a lla habohloko.
Lihora feela pele Jesu Kreste a ts´oaroa, o ile a porofeta hore Petrose o tla mo latola makhetlo a mararo pele mokoko o lla habeli. Petrose o ile a hana ho lumela boporofeta bo joalo ´me “a bua ka matla a re, haeba ke lokela ho shoa le uena, nke ke ka u latola ka tsela efe kapa efe” (Mareka 14:31).
Ho joalo, boporofeta ba Mopholosi bo ile ba fetoha ´nete. Ka ts´oso le letsoalo tse potapotileng ho ts´oaroa ha Mopholosi, Petrose ka sebete o ile a mo soetsa. Kamor´a hore a latole hore o tseba Mopholosi habeli ´me a qophelloe lekhetlo la boraro, Petrose “o ile a qala ho hlapanya le ho ana, a re, Motho eo le ´molelang ha ke mo tsebe” (Mareka 14:71).
Ha mokoko o lla habeli ´me Petrose a hopola boporofeta ba Mopholosi, “o … ile a lla habohloko” (Mattheu 26:75).
Empa sena ha se pheletso ea pale ea hae!
Mothinya O Fetohileng Ka Ho Sa Feleng
Ka tsohle tseo re ka ithutang tsona mangolong a halalelang, ho ts´aba ha Petrose ha ho ka ba ha hlola ho nka bopaki ba hae ka Jesu Kreste. O ile a paka ka sebete ka Mopholosi ka monyetla o mong le mong, a sa natse tlokotsi ea hae ka ho etsa seo. Hopola, hore Petrose o ne a ruta batho ba neng ba sa tsoa thakhisa Jesu Kreste! Kotsi e ne e le ea ´nete.
Ha Petrose a folisa monna eo e neng e le seritsa ho tloha tsoalong, a mo laela, “Ka lebitso la Jesu Kreste oa Nazaretha tsoha u tsamaee” (Liketso 3:6), o ile a ts´oaroa hammoho le Johanne ´me a botsoa na ke joang a entseng mohlolo oona.
Petrose o ile a araba ka sebete, “Ho ke ho tsejoe ke lona bohle le ke sechaba sa Iseraele hore ka lebitso la Jesu Kreste, eo le mo thakhisitseng, eo Molimo a mo tsositseng bafung, esita ke ka eena monna enoa ea emeng ka pele ho lona a folileng.
“Ke eena eo e leng lejoe le nyatsitsoeng ke lona liahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheo. Ha ho poloko ho e mong: hobane ha ho lebitso le leng tlas´a leholimo leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ho lona” (Liketso 4:10–12).
E sebete hakakang karabo! ´Me e le bopaki bo hlakileng ba litumelo tsa hae.
Bahlanka Ba Sa Phethahalang, Ka Ho Phethahala Ba Khona Ho Sebeletsa
E mong le e mong oa rona o tlo etsa sebe lefats´eng. Ho sa tsotellehe boikitlaetso ba rona bo botle, re tla haelloa ke ts´epo ea rona le maikemisetso nako le nako. Joaloka ha Mookameli Jeffrey R. Holland (1940–2025), a kile a ruta, “Ntle le tabeng ea Mora oa hae ea Tsoetsoeng A ´Nots´i feela, batho ba sa phethahalang ke bona bohle bao Molimo esale a sebetsa ka bona.”
Boleng ba hau ba moea ha bo hlalosoe kapa hona ho sitisoa ke liphoso tsa hau—esita le tse kholo! Hobane o ile a baka ´me Kreste a mo ts´oarela, ho latola Kreste ha Petrose ha hoa ka ha mo thibela hore hamorao a pake, a rute le ho fetola [batho] ka matla a maholo. Mangolo a halalelang a tletse ka mehlala ea barutuoa ba bang ba entseng sebe, ba baka ´me ba tsoelapele ka tumelo ho Kreste.
Kamehla Satane o tla leka ho u kholisa hore liphoso tsa hau ntse li eketseha le hore u ke ke ua hlola o khona ho li hlola. Iphapanyetse mashano a hae!
´M´e Tamara W. Runia, Moeletsi oa Pele Boetapeleng bo Akaretsang ba Baroetsana, o rutile [hore] “U hloka ho utloa sena, joale ke tla bua mantsoe ana ke hoelehelitse: Ha u lentsoe le ka hloohong ea hau kapa liphoso tseo u li entseng. U ka hloka bo bua seo u hoelehelitse. Bolella Satane, ‘E seng kajeno.’ Mo behelle morao.
Utloa ho huloa hoo,[ke] ts´oabo ea bomolimo e u retelehetsang ho leba ho Mopholosi oa hau ´me u shebelle ha mohau oa hae o kena bophelong ba hau le ba bao u ba ratang. Ke u ts´episa hore motsotso oo re tlisang lipelo tsa rona tse robehileng ka sebete ho eena, o teng ka potlako.”
Christus Consolator [Kreste Mots´elisi], ka Carl Bloch
Matsatsi a Hau a Chabileng a Pele
Ka nako ea Paseka ena, ha u nahanisa ka botlalo Topollo ea Mopholosi, hopola hore bokhoni ba ho baka le ho leka hape ke e ´ngoe ea limpho tse kholo-kholo eo u ka e fumanang. Ka lebaka la Jesu Kreste, liphoso tsa hau tse mpe-mpe li ka ts´oareloa ´me tsa lahloa joaloka liketane tse boima.
“Mopholosi o khanya haholo ka ho sa feleng ho feta lefifi la ts´oabo,” ´M´e Runia o se a rutile.
Ka lebaka la Jesu Kreste, ts´epo kamehla e ka khanyetsa pele haholo ha u tsepame ho eena.
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc.All rights reserved. Printed in the USA Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, ´Mesa 2025. South Sotho. 20064 739