Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Paseka Ea Rona—Selallo
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2026


Molaetsa oa khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2026

Exoda 12

Paseka Ea Rona—Selallo

Ho na le khokahanyo e tloaelehileng lipakeng tsa Paseka le selallo sa rona sa beke le beke.

moroetsana

Sets´oants´o ka Alyssa Tallent

Pele Ma-Iseraele a khale-khale a ka tloha litlamong tsa bona Egepeta, ba ile ba koptjoa ho mamela litaelo tse khethehileng tse tsoang ho Morena hore lengeloi le senyang le tle le ba boloke kapa le ba fete (bona Exoda 12). Kamorao hore ba tlohe Egepeta, Ma-Iseraele a ile a keteka mokete selemo le selemo o bitsoang Paseka, e le ho hopola kamoo Morena a lokollotseng batho ba hae ba selekane.

Bekeng ea ho qetela ea bophelo ba hae ba ho shoa, Jesu Kreste o ile a ba lijong tsa Paseka. Kajeno re bitsa lijo tseo Lijo tsa Mantsiboea tsa ho Qetela. Mopholosi o ile a sebelisa motsotso oo ho hlahisa ts´ebeletso ea selallo, eo kajeno re nkang karolo ho eona beke e ´ngoe le e ´ngoe. (Bona Mattheu 26:26–28; Luka 22:19–20; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77, 79.)

Mona ke likhokahanyo tse peli tse tloaelehileng lipakeng tsa Paseka ea pele, Lijo tsa Mantsiboea tsa ho Qetela tsa Morena le selallo sa kajeno tse ka re thusang ho hopola tokollo ea rona ka Mopholosi.

kosene ka Paseka
Lijo tsa Mantsiboea tsa Ho Qetela
selallo sa bohobe le metsi

Bohobe

Paseka: Ka matsatsi a supileng, Ma-Iseraele a ile a ja bohobe bo se nang litomoso (bo etsehang kapele ´me bo sa angoeng ha bobebe ke hlobo le ho bola).

Lijo tsa Mantsiboea tsa ho Qetela: Jesu Kreste o ile a hlohonolofatsa le ho roba bohobe bo se nang litomoso ba Paseka ´me a bo nea barutuoa ba hae. O ile a ba bolella hore ba bo je e le khopotso ea ´mele oa hae oo a neng a tseba hore haufi o tla rojoa le ho shoa empa o tla tsoha hape.

Selallo: Re ja bohobe e le khopotso ea ´mele oa Jesu Kreste.

Jesu Kreste ke Bohobe ba Bophelo. Ka lebaka la tsoho ea hae bafung, bohle re tla tsoha bafung ka ´mele e phethahetseng, e sa boleng, e sa shoeng. O re lokolla lefung.

Mali a Konyana

Paseka: Paseka ea konyana e ne e le konyana e se nang sekoli, e tona e nang le selemo. E ne e bolaoa ´me mali a eona a ne a khakeletsoa ka sejana. Hysopa e ne e qopetsoa ka har´a sejana seo ´me e sebelisoa ho tlotsa mali ntlong karolong e kantle ea kosene. Sena e ne le lets´oao le kantle le hloaeang batho ba Morena ba selekane hore ba fetoe ke lengeloi le senyang hore ba ke ba lokolloe litlamong Egepeta.

Lijo tsa Mantsiboea tsa Ho Qetela: Jesu Kreste o ile a sebelisa veine e le sesupo sa mali a hae. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba e noe e le khopotso ea mali a hae a tlang ho ts´olloa bakeng sa bona bakeng sa ts´oarelo ea libe ebile e le karolo ea selekane se secha.

Selallo: Re noa metsi e le khopotso ea mali a Jesu Kreste.

Jesu Kreste ke Konyana ea Molimo. Mali a hae a ile a ts´olloa ha a ne a hlokofatsoa bakeng sa libe tsa rona le bokulo. Mali a hae—sehlabelo sa hae—lia re hloekisa. O re lokolla sebeng.