Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Na U Batla Ho Thaba Haloloanyane? Leka Teboho
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2026


Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2026

Na U Batla Ho Thaba Haloloanyane? Leka Teboho

Ha bophelo ba hau bo tletse ka liqholotso, teboho e ka u thusa ho tsepamisa maikutlo mohopolong o motle le ho lula u na le ts´epo.

motho ea emeng tlas´a maru a pula le motho ea potapotiloeng ke linonyana le lirurubele le lipalesa.

Lits´oants´o ka Maggie Stephenson

U ke ke ua thaba ho feta kamoo u lebohang”

Joaloka ha qotsulo ena ea Moholo Gary B. Sabin oa ba Mashome a Supileng e hlahisa hore kamoo u thabileng ka teng ho susumetsoa ka kotloloho ke kamoo u lebohang ka teng. E etsa moelelo—ha u na le teboho, u tsepamisa maikutlo linthong tse ntle ho e-na le ho tse mpe.

Ho ntse ho le joalo, bophelo ha se ka mehla bo tsamaeang joaloka ha bo reriloe. Liphethoho tse sa lebelloang li ka u ngongorehisa haholo, tsa u utloisa bohloko kapa tsa u halefisa ho e-na le ho u thabisa. Empa ha lintho li le thata, teboho e ka u thusa ho lula u na le ts´epo. Leka litsela tsena tse tharo ho tlisa teboho e kholo bophelong ba hau.

1. Batla tse Molemo

Hangata, ho thata ho ba le teboho ha u ikutloa eka u haelloa ke se seng. Empa ke life litlhohonolofatso tseo e ka bang ha u li hlokomele ka ho tsepamisa maikutlo ho seo u se nang sona ho e-na le ho seo u nang le sona?

Ha u ntse u batlana le tse molemo bophelong ba hau, kamor´a nako ho tla ba bonolo ho li fumana.

2. Bonts´a Teboho ho Mofani

Ha u bala litlhohonolofatso tsa hau, u se ke ua lebala moo li tsoang teng.

Ho leboha Ntate ea Maholimong ka limpho tsa hae— ho kenyeletsa le mpho ea Mora oa hae—ho ka tebisa lerato la hau le tumelo ho eena. Mookameli D. Todd Christofferson, Moeletsi oa Bobeli Boetapeleng ba Pele, le eena o hlalositse hore, “Ho ikutloa le ho bua ka teboho ho Molimo …li kenya khumamelo ka moelelo o nyakalatsang oa ho nchafatsa,” ho u tlisetsa nyakallo le matla le ho thusa bopaki ba hau bo lule bo bolokehile.

3. Tsepamisa Maikutlo ho Moralo oa Ntate ea Maholimong

Ho hlakile hore, ho ba le teboho ha ho bolele ho iphapanyetsa lintho tsa bophelo tse thata kapa ho ikutloa u thabile ka nako eohle. Esita le Jesu Kreste o ile a utloa le ho amohela bohloko (bona Alma 7:11: Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18-19). Ho hlora ke karolo e tloaelehileng ea bophelo.

Empa joang kapa joang, ho na le ntho e sa fetoheng: moralo oa Ntate ea Maholimong oa mohau. Masoabi ´ohle le bohloko tseo u li fihlelang bophelong li tla lokisoa ka lebaka la Jesu Kreste le Topollo ea hae (bona Ts´enolo 21:4).

Moholo Dieter F. Uchtdorf oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli o hlalositse hore: “Ho ba le teboho ka nako ea mathata ha ho bolele hore re thabetse boemo ba rona.” [Teng] ho bolela hore ka mahlo a tumelo re sheba ka nqane ho liqholotso tsa kajeno.”

Lintlha

  1. Gary B. Sabin, Mphalane 2023 seboka se akaretsang (Liahona, Pulungoana 2023, 58).

  2. D. Todd Christofferson, ´Mesa 2025, seboka se akaretsang (Liahona, Mots´eanong 2025, 77).

  3. Dieter F. Uchtdorf, “Ho Leboha Maemong A fe kapa A fe,” ´Mesa 2014 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona, ´Mesa 2014, 76).