2025
Jesu Kreste o Boetse ke oa Matsatsi a Monate
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Mots´eanong 2025


Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Loetse 2025

Jesu Kreste o boetse ke oa Matsatsi a Monate

Ha lintho li tsamaea hantle, re ka lula re tsepame ho Mopholosi joang? Mehopolo e ´maloa ke ena.

sefahleho se bososelang se sehiloe se shebile letsatsi

Nahana haeba motsoalle a qeta nako le uena ha feela a sokola ebe oa u qoba ha a thabile. Kamano e phetseng hantle? Che ha ho joalo.

Na re etsa joalo ho Mopholosi oa rona—re mo batla linakong tse thata ´me re mo lebala linakong tse monate?

Re bua haholo ka kamoo Jesu Kreste a re thusang linakong tsa rona tse thata, mohlomong hobane e mong le e mong, ka nako e ´ngoe, o tobana le lintho tse thata.

Empa ho na le matsatsi a mang—libeke kapa esita le lilemo, haeba re le lehlohonolo—moo lintho li hlileng li tsamaeang hantle. Ka nako tse ling re lebala Mopholosi linakong tseo. Batho ba Buka ea Mormone ba ile ba etsa joalo. Ba ile ba atleha ho tsoa litlhohonolofatsong tsa Molimo ha nakoana empa qetellong ba haptjoa ke boikhohomoso ha ba ne ba mo lebala.

Linako tse monate ha li bolele hore hang-hang ha re sa hloka Jesu Kreste. Linako tsa katleho ke linako tse phethahetseng tsa ho nyakalla le Mopholosi, e seng ho mo lebala.

Joale re lula re hokahane le Jesu Kreste joang le Ntate ea Maholimong ha mathata a sa re hopotse hore re fetohele ka ho bona?

Lula u Ikokobelitse

Ha lintho li tsamaea hantle, ke hantle keteka litlhohonolofatso tsa hau le katleho. Empa u se ke ua lebala ea entseng hore ho be bobebe ho uena ho ba moo u le teng. Morena Benjamini o e beha ka tsela ena thutong ea hae ka Bukeng ea Mormone:

“Hobane bonang, na bohle ha re bakopi? Na bohle ha rea its´etleha ka Motho a le mong, esita le Molimo, bakeng sa lintho tsohle tseo re nang le tsona, bakeng sa lijo le liaparo, le bakeng sa khauta, le bakeng sa silifera, le bakeng sa maruo ´ohle a mefuta ao re nang le ´ona?” (Mosaia 4:19).

Ho ikokobetsa ka katleho ea hau ka ho hopola seo Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba u etselitseng sona ke tsela e kholo ea ho ba kenyeletsa linakong tsa hau tse monate.

Lula u Leboha

Teboho ke e ´ngoe ea lipheko tse molemohali tsa boikhohomoso le bolebali. Ho leboha Molimo ho tla u thusa ho mo hopola le lintle tsohle tseo eena le Mora oa hae ba li etsang bophelong ba hau. Sena se sebetsa hantle linakong tse monate joaloka ha se sebetsa linakong tse thata.

Lula u Falimehile

Tse ling tsa litlhaselo tse ratoang ke Satane ke ho “khutsisa, le ho [u] kokobeletsa ho isa ts´ireletsong ea thato ea nama” (2 Nefi 28:21). Ka mantsoe a mang, a ka rata ha u ikutloa u khotsofetse ´me u ts´ireletsehile linakong tsa hau tse monate hore u lebale se bohlokoa ka ho fetisa. Joale, se ke ua lebala Molimo! Ha u lula u falimehile ka maqheka a sehloho a sera ´me ua hanyetsa le nakong ea hau e monate, u ka lula u le haufi le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste.

moroetsana

Molisa ea Molemo, ka Michael Malm

Lula u Tsepame ho Kreste

Mookameli Russell M. Nelson o rutile hore: “Ha re tsepamisitse maikutlo a bophelo ba rona ho morero oa Molimo oa poloko … le Jesu Kreste le evangeli ea hae, re ka utloa nyakallo ho sa tsotellehe na ho etsahala eng—kapa ha ho etsahale eng—bophelong ba rona. Nyakallo e tsoa ho eena ´me ka lebaka la hae. Ke eena mohloli oa nyakallo eohle.”

Ke hangata hakae u nahanang ka ´nete ee ka nyakallo ha bophelo bo tsamaea hantle? Sena ha se feela keletso e ts´elisang bakeng sa ha lintho li le mpe. Ke ´nete kamehla, ho kenyeletsa le matsatsing a hau a matle. Joale etsa tsohle tseo u ka li khonang ho tsepama ho Kreste, ho le hobe kapa ho le monate.

Ntlha

  1. Russell M. Nelson, Oct. 2016 general conference (Ensign or Liahona, Nov. 2016, 82).