“Paseka,” Motsoalle, ´Mesa 2026, 46–48.
Molaetsa oa Khoeli Motsoalle ´Mesa 2026
Paseka
Moshe o ile a ea ho Faro ´me a mo kopa ho lokolla makhoba a Ba-Iseraele. Faro o ile a hana. Morena o ile a romela mafu a seoa Egepeta empa Faro o ile a ´na a re che.
Morena o ile a re o tla romella lefu la seoa la ho qetela. Letsibolo la lelapa le leng le le leng Egepeta le tla shoa. Empa haeba Ba-Iseraele a ile a latela litaelo tsa hae, lefu la seoa le ne le tla ba feta.
Morena o ile a bolella Ba-Iseraele ho etsa sehlabelo sa konyana e ntle e tona ´me ba tlotse mali a konyana eo holimo mamating a bona.
Lefu la seoa le ile la fihla. Matsibolo ´ohle a Ba-Egepeta a ile a shoa ho kenyeletsa le mora oa Faro. Empa matsibolo a Ba-Iseraele a ile a pholosoa hobane ba ile ba mamela Morena.
Faro o ile a bolella Moshe le Ba-Iseraele hore ba tlohe Egepeta. Empa Faro o ne a halefile. Eena le mabotho a hae ba ile ba ba lelekisa.
Ba-Iseraele a ile a etsa kampo Leoatleng le Lefubelu. Ha ba bona Ba-Egepeta a tla, ba ile ba ts´oha. Moshe o ile a re Morena o tla ba sireletsa.
Moshe o ile a phahamisa lere la hae ´me Morena a arola leoatle. Ba-Iseraele a ile a ts´ela mobung o ommeng.
Ha Ba-Iseraele ba sireletsehile ka nqa eane ho leoatle, metsi a ile a theoha ´me mabotho a noela. Qetellong Ba-Iseraele a ile a lokoloha.
Leqephe la ho Taka
Jesu Kreste O Tsohile Bafung Bakeng Sa Ka
Lits´oants´o ka Audrey Day. Li ka kopitsoa bakeng sa ts´ebeliso ea kereke feela.
U ka etsa eng ho hopola Jesu Kreste Pasekeng ee le selemong kaofela?
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc.All rights reserved. Printed in the USA Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Friend Message, April 2026. South Sotho. 20062 739