Motsoalle
Moporofeta Moshe
Tlhakubele 2025 Motsoalle


“Moporofeta Moshe,” Motsoalle Tlhakubele 2026, 46–48.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Tlhakubele 2026

Moporofeta Moshe

Moshe ka seaparo sa Ma-Egepeta a shebile Mo-Egepeta a ts´oara lekhoba la Mo-Iseraele hampe

Moshe e ne e le Mo-Iseraele, empa o ne a holisitsoe ke morali oa Faro Egepeta. Moshe o ne a koatile hore Ma-Egepeta a ne a le khopo ho Ma-Iseraele ´me ba ba entse makhoba a bona.

Moshe ka sephaka sa hae a akile lekhoba la Mo-Iseraele a le ts´ehelitse

Ka letsatsi le leng Moshe o ile a bona ha Mo-Egepeta a otla Mo-Iseraele. Moshe o ile a ts´ireletsa Mo-Iseraele.

Moshe a le mong lefelleng

Ha Faro a fumana, o ile a batla ho bolaea Moshe, empa Moshe o ile a baleha Egepeta.

Moshe le mosali oa hae le bana

Moshe o ile a fihla sebakeng se bitsoang Midiane, moo teng a ileng a kopana le mosali ea bitsoang Sefora. Ba ile ba nyalana ´me ba ba le bana.

Moshe a bona Morena sehlahleng se tukang

Ha a ntse a phela Midiane, Moshe o ile a bona sehlahla se tukang, empa mollo o sa chese sehlahla seo. Morena o ile a hlaha mollong oo ´me a bua le Moshe.

Morena o bua le Moshe

Morena o ile a re oa tseba hore Ma-Iseraele a ntse a hlokofatsoa Egepeta. O ile a laela Moshe ho khutlela Egepeta ´me a bolelle Faro ho lokolla Ma-Iseraele. Morena o ile a re o tla thusa Moshe ho lokolla Ma-Iseraele ´me a a lebise lefats`eng la pallo.

Leqephe la ho Taka

Nka Ba Mosa Ho Ba Bang

Leqephe la ho taka PDF

Lits´oants´o ka Audrey Day. Li ka kopitsoa bakeng sa ts´ebeliso ea kereke feela.

Ke eng seo u ka se etsang bekeng ena ho ba mosa?