Motsoalle
Noe le Areka
Hlakola 2026 Motsoalle


“Noe le Areka,” Motsoalle, Hlakola 2026, 46–48.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Hlakola 2026

Noe le Areka

Sets´oants´o sa Noe le lelapa la hae ba lisitse linku

Noe le lelapa la hae ba ile ba mamela Morena. Batho ba bang bohle ba ne ba le khopo haholo. Morena o ile a bolella Noe hore moroallo oa metsi o tla koahela lefats´e haeba batho ba sa bake.

Noea ruta

Noe o ile a bolella batho hore Morena oa ba rata ´me o batla hore ba bake le hore ba be le tumelo ho Jesu Kreste. Ha ba a ka ba mamela.

Noe le lelapa la hae ba aha areka.

Morena o ile a bolella Noe hore a ahe sekepe se seholo se bitsoang areka. Areka ena e ne e tla boloka lelapa la Noe le ts´ireletsehile nakong ea moroallo oa metsi.

Liphoofolo li kena ka har´a areka

Lelapa la Noe le ile la tlisa lijo ka har´a areka. Morena o ile a romella bonyane liphoofolo tse peli mofuteng o mong le o mong hore Noe a li boloke ka hare ho areka. Joale pula e ile ea qala ho na.

Areka e phaphametse ka holim´a leoatle

Pula e ile ea na matsatsi a 40 le masiu a 40. Moroallo oa metsi o ile oa koahela lefats`e, joaloka ha Morena a ile hlokomelisa.

Noe le lelapa la hae ka hare ho areka.

Lelapa la Noe le liphoofolo tsohle tse ka har´a areka li ile li tsa phaphamala ka polokeho holim´a metsi.

Lelapa la Noe le liphoofolo tsohle li eme fats´e ´me ba shebile mookoli.

Ha moroallo oa metsi o se o fetile, areka e ile ea ema sebakeng se ommeng. Noe le lelapa la hae ba ile ba leboha Morena ka ho ba ts´ireletsa. Morena o ile a ts´episa ho se hlole a felisa lefats`e ka moroallo oa metsi hape. O ile a romella mookoli e le khopotso ea ts´episo ea hae.

Leqephe la ho Taka

Ho Latela Moporofeta oa Morena Ho Tla Ntlhohonolofatsa

Leqephe (PDF)

Lits´oants´o ka Audrey Day

Ke eng seo u ka se etsang ho latela moporofeta?