“Adama le Eva,” Motsoalle, Pherekhong 2026, 46–48.
Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Motsoalle Pherekhong 2025
Adama le Eva
Adama le Eva e ne e le bana ba pele ba Molimo ba ho phela lefats´eng. Ba phetse Ts´imong ea Edene.
Molimo o ile a ba lokolla hore ba je mefuta eohle ea litholoana ntle le e le ´ngoe. Haeba ba ne ba ka ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ne ba tla lokela ho tsoa ts´imong eo ´me qetellong ba shoe. Empa Satane o ile a ba thetsa. O ile a re haeba ba ka ja tholoana eo, ba tla tseba botle le bobe empa ba ke ke ba shoa.
Eva o ile a khetha ho ja tholoana.
Eaba o fa Adama karolo e ´ngoe ea tholoana. Le eena o ile a khetha ho e ja.
Molimo le Jesu Kreste ba ile ba ba etela, empa Adama le Eva ba ne ba ts´ohile ´me ba ipata. Molimo o ile a botsa hore na ba jele tholoana ea sefate seo.
Adama le Eva ba ile ba re ba jele tholoana eo. Joale ba ne ba lokela ho tloha Ts´imong ea Edene. Empa Molimo o ne a e-na le morero ka bona. Joale ba ne ba se ba tseba se nepahetseng ho se fosahetseng ´me ba ne se ba ka ba le bana.
Adama le Eva ba ile ba ts´episa ho mamela melao ea Molimo. Ba ile ba ithuta haholoanyane ka Mor´a Molimo, Jesu Kreste. Ba ne ba thabile hobane o ne a tla thusa lelapa la bona ho khutlela ho Molimo.
Leqephe la ho Taka
Jesu o Bopile Lefats´e
Lits´oants´o ka Audrey Day
Ke lintho life tseo u li ratang haholo tseo Jesu Kreste a li bopileng?
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc.All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Friend Message, January 2026. South Sotho. 19919 739